Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 1/15 leq. 31
  • Moo ho Fumanoang Tokoloho ea ’Nete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moo ho Fumanoang Tokoloho ea ’Nete
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batho ba Lokolohileng Empa ba Tla Ikarabella
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Sebeletsa Jehova, Molimo oa Tokoloho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • U se ke Ua Lahleheloa ke Morero oa Tokoloho e Fanoeng ke Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lea Amoheloa Kopanong ea Setereke ea “Barati ba Tokoloho”!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 1/15 leq. 31

Moo ho Fumanoang Tokoloho ea ’Nete

● Ho batho ba bangata, tokoloho ea ’nete e bolela ho etsa lintho kamoo motho a ratang. Mocha e mong oa New Zealand o ne a nahana joalo. Leha ho le joalo, ha nako e tsoela pele, a hla a utloisisa hore o ne a sa lokoloha ka ’nete.

“Ke ne ke batla ho lokoloha ho etsa lintho ka tsela ea ka. Ke ile ka tloha lapeng ha ke le lilemo tse leshome le metso e mehlano, ka ea lula le beng ba ka Auckland. Mona ke ne ke ikutloa ke phela ka sebele, ke ne ke ea meketeng ea boithabiso le ho noa lino tse tahang lihoteleng. Ha nako e tsoela pele botho ba ka bo ile ba thatafala hoo ke ileng ka qala ho hloea mapolesa. Hamorao metsoalle ea ka ea nthuta ho sebelisa meriana e thethefatsang. Ke ne ke lula ke tahuoe ke lino kapa meriana. Bosiung bo bong ha ke le moketeng ke ile ka teana le moroetsana ea neng a sa tsoa qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Lihlaloso tsa hae li ile tsa tsosa thahasello ea ka litabeng tsa Bibele, tsa nthusa ho hlapholoheloa maikutlong.

“Ka lokisetsa hore tsatsing le hlahlamang ke be teng ha a tsamaisetsoa thuto ea Bibele, ’me ha matsatsi a ntse a feta ka hola tsebong. Ha ke hetla morao, kea bona joale hore ke ne ke batla metsoalle empa sebakeng se fosahetseng. Ha kea ka ka thabela ‘tokoloho’ ea ka leha e le hore ke ile ka thabela botsoalle boo ke neng ke bo fumane lefatšeng. Metsoalle ea ’nete le tokoloho ea ’nete li fumanoa har’a batho ba Jehova.”

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela