Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 1/15 leq. 32
  • ‘Lerumo le Teetsoeng ho u Loantša le Tlo Hlōleha’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Lerumo le Teetsoeng ho u Loantša le Tlo Hlōleha’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 1/15 leq. 32

‘Lerumo le Teetsoeng ho u Loantša le Tlo Hlōleha’

MANTSOE ao a Jehova, a tlalehiloeng ho Esaia 54:17, a ’nile a phethahala nako le nako ho theosa le lilemo tse makholo. Ha e le hantle, ho phethahala ha oona ho ka ba ha ba le likarolo tse tšehisang, joalokaha ho bontšoa ke tlaleho e latelang e tsoang naheng ea Afrika moo Lipaki tsa Jehova li neng li hlorisoa:

‘Motseng oa K——, morena oa sebaka seo a rōmela masole ho ea tšoara Lipaki hore li ka tla botsoa. Ka letsatsi le latelang Lipaki tse ka bang 80 tsa banna le basali tsa batloa ’me tsa tlisoa moreneng. Hoba li botsoe, morena oa motse a fihlela qeto ea hore banna ba otloe pele ba koalloa chankaneng. Ba laeloa hore ba pote kompone e khōlō ba matha ka makhetlo a mahlano, ’me masole a matha kamor’a bona, ho tiisa hore baa matha le hore ha ba khaoletse. Khopolo e ne e le hore li khathale le ho fokolisa ho leka-lekana ha tsona le monahano.

‘Baholo bao ba sebaka seo ba lebala ntho e le ’ngoe. Lipaki tse tšoeroeng li ne li phela metseng e thōko. Ho sa tsotellehe ’nete ea hore tse ling li ne li se li tsofetse, li ne li tloaetse ho matha, hobane li tsoma liphoofolo bakeng sa lijo. Eaba ha li nyahamisoe ke taba ea ho pota motse li matha ka makhetlo a mahlano le masole. Ho ne ho le molemo ho e-na le ho shapuoa. Ho fapana le moo, ke masole a neng a sa khahloa ke ntlha ea hore a mathe ho laola Lipaki.

‘Ha ba potile ka lekhetlo la pele, Lipaki tsa Jehova li ne li imathela habonolo. Masole, leha ho le joalo, a li khothalletsa hore li mathe hanyenyane, le ho tiisa ha li fihla mahlong a ba baholo. Lipaki tsa hlalosa hore “re mpa re mamela litaelo” ’me masole a ’na a salla morao. Kamor’a nakoana, Lipaki tsa tlohelloa hore li mathe e le tsona feela.

‘Ha ho potoa ka lekhetlo la bobeli, Lipaki tse ling li ne li khathala, empa tsa tšepahala. Ea e-ba mohlolo o mokaakang ha qetellong moena e moholo, ea lilemo tse ka bang 60, a sia ba bang kaofela ’me a hlaha e le eena oa pele. Ka nako eo ketsahalo joale e ne e khahlisa haholo ho ba shebelletseng ’me ba qala ho hoa le ho rorisa. Ntho eohle joale e ne e qabola ka monna-moholo a etelletse pele, ’me ho se lesole le le leng le bonahalang. Le ba bang ba boholong ba ne ba qabohile haholo ke ponahalo ena.

‘Ha ho bonahala hore le tsona Lipaki li thabela “papali” le hore bohle ba lekile ho matha ’me ha ho lea mong ea lekileng ho baleha, le hore haholo-holo monna-moholo o siile ba bang bohle, ba boholong ba li qenehela, ba emisa peiso, ’me ba lokolla Lipaki. Tsa sebelisa monyetla hantle ho pakela ba neng ba shebelletse. Joale ba nka basali ba bona ’me ba khutlela metseng ea habo bona. Liqoso tsohle tsa lebaleha.’

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela