Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 3/15 maq. 21-22
  • Thuto ea Thabeng Khalefo e Lolololo E-ea Bolaea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuto ea Thabeng Khalefo e Lolololo E-ea Bolaea
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • ‘Ba Ile ba Bokella Sanhedrine’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Na Gehena ke Moo Batho ba Hlokofatsoang ka Mollo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 3/15 maq. 21-22

Thuto ea Thabeng Khalefo e Lolololo E-ea Bolaea

KAMOR’a ho bolela hore o ne a tletse ho tla phetha molao oa Molimo e seng ho o bolaea, Jesu o ile a tlamahanya khalefo e lolololo le bokoeta. A qala ka hore: “Le utloile hoba ho boleletsoe baholo, ha thoe: U se ke ua bolaea; ʼme, ea bolaileng o tla tšoaneloa ke kahlolo.”—Matt. 5:21.

Mantsoe “le utloile hoba ho boleletsoe” a ka ʼna a supa lintho tse boletsoeng ka Mangolong a bululetsoeng a Seheberu le lithuto tsa molomo tsa Bajode. (Matt. 5:21, 27, 33, 38, 43; Joh. 12:34) Molao o neng o hlalosa ho bolaea e le tlōlo e tšoaneloang ke lefu o ne o tsebahala ho “baholo,” ke hore, batho ba meloko e etellang oa Jesu pele. Ha e le hantle, molao o joalo o ka saloa morao ho ea fihla mehleng ea Noe.—Gen. 9:5, 6; Ex. 20:13; 21:12; Lev. 24:17.

Ho “tšoaneloa ke kahlolo” ho ne ho bolela ho ahloloa ke le leng la ‘makhotla a metse’ (synedria, ka Segerike, “Makhotlana”) a neng a le hoohle naheng ea Palestina. (Matt. 10:17; Deut. 16:18) Molao oa neano ka Sejode o laela hore baahloli ba be 23 makhotleng ana a metse moo batho ba batona ba teng ba leng 120 kapa ho feta.a Bao bopaki bo neng bo hlakile hore ke babolai ba ne ba ahloleloa lefu. Mehleng ea Jesu, leha ho le joalo, makhotla a Bajode a ne a lokela ho fumana tumello ho baokameli ba ʼmuso oa Roma bakeng sa kahlolo ea lefu.—Joh. 18:31.

Jesu o totobalitse hore Molimo o ka sheba motho e le ea tšoaneloang ke kahlolo ea lefu, le hoja a sa bolaea motho. A bua ka borena joaloka ea nang le matla a tsoang ho Molimo ka ho toba, Jesu o itse: “Motho, leha e ka ba mang le mang, ea halefelang ngoan’abo feela, o tla tšoaneloa ke kahlolo.”—Matt. 5:22a.

“Mang le mang ea halefelang ngoan’abo feela,” ho ea ka Jesu, pel’a Molimo o molato joaloka ea tšoaretsoeng polao. Ke kahobane ho lumella bohale hore bo hahe ka sefubeng sa motho e hlile ke ho hloea motho e mong, ʼme “e mong le e mong ea hloileng ngoan’abo ke ʼmolai.” (1 Joh. 3:15) Le hoja ka nako e ʼngoe ka toka batho ba ka ʼna ba halefa kapa ba teneha, ho halefela ngoan’abo motho halelele kapa motho e mong ho ka ba bolaea ka bobeli.—Mar. 3:5; Ba-Ef. 4:26; Jak. 1:19, 20.

“Ea reng ho ngoan’abo: Raka [a mo bua ka nyeliso], o tla tšoaneloa ke kahlolo ea lekhotla.” (Matt. 5:22b) ‘Lentsoe la nyeliso’ ke lentsoe leo ka Segerikeng e leng raca, le nkiloeng lentsoeng la Seheberu ʼme le bolela “hlooho e sa nahaneng,” “hlooho e thata,” “lehata le feela.” Pono ea Molimo ke efe, he, ka motho ea sa koetleng lehloeo feela empa bohale bo le pelong ea hae, empa a bo bulela sebaka ka puo e nyelisang?

Ho ea ka Jesu, motho ea joalo o molato o itseng o tšoantšoang le oa ea tšoeroeng ʼme a ahloleloa lefu ke “Lekhotla le Phahameng” la Sejode. E ne e le lona lekhotla le leholo le Jerusalema, le neng le thèiloe ka “baprista ba baholo [ba neng ba lebetse mesebetsi ea boprista tempeleng] . . . le baholo, le bangoli.” (Mar. 15:1) Sehlopha sena sa boahloli, seo ho bolelehang hore se ne se e-na le baahloli ba 71, se ne se sebetsa linyeoe tsa botebo bo khethehileng kapa tse hlileng li rarahaneng le ho mamela maipiletso a tsoang makhotleng a tlase.b

Jesu joale a nka bohato bo eang pejana, a re: “’Me ea reng ho eena: U lehlanya, o tla tšoaneloa ke mollo oa lihele.” (Matt. 5:22c) Lentsoe la Segerike le ngotsoeng e le “lehlanya” ke mōré. Lentsoe le nang le molumo o joalo la Seheberu lona ke (moreh) le bolela “lerabele,” “e se nang mekhoa.” Ha raca eona e fana ka maikutlo a ho thotofala kelellong, mōré e bolela motho e le ea se nang botho, mokoenehi le lerabele ho Molimo. John Lightfoot ho Hebrew and Talmudical Exercitations ea hae, o-oa totobatsa: “‘Raca’ e supa ‘tlhonamo, le ho nka habobebe mekhoa ea botho le bophelo:’ empa ‘leoatla’ le ahloloa le le lebe boemong ba moea le bo sa feleng, ʼme le ahlolela motho timetso eitseng.”

Batho ba neng ba ka nyelisa batho ba bang ka tsela e joalo ba ne ba “tšoaneloa ke mollo oa lihele.” Mona ka lihele Jesu o ne a bua ka Khohlo ea Hinnome (Gei Hinnom ka Seheberu) e neng e le haufi le Jerusalema, e ileng ea fetoha thotobolo eo mollo oa eona o neng o sa time hore o tle o je lithōle le litopo tse neng li akheloa ka ho eona. Ho latela buka e hlalosang mantsoe ea Segerike ea Liddell le Scott, khohlong eo “ho ne ho chesoa litopo tsa baetsalibe ba feteletseng.” Haeba mollo oa lihele o ne o sa chese litopo tseo ka ho feletseng, libōkō le tšenyane e neng e ba moo li ne li qetela mosebetsi.—Esa. 66:24; Mar. 9:47, 48.

Jesu o sebelisitse “lihele” e le tšoantšetso e loketseng ea timetso ea ka ho sa feleng. Kaha motho ea neng a tla ahlola motho e mong e le “lehlanya” le tšoaneloang ke lihele o ne a tla be a lakaletsa eo timetso e sa feleng, mahlong a Molimo ea buang nyeliso e joalo o itlisetsa kahlolo eo e boima.—Bapisa Deuteronoma 19:17-19.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Josephus o bolela hore makhotla a libaka a ne a e-na le baahloli ba supileng feela, moahloli ka mong, leha ho le joalo, a thusoa ke Balevi ba babeli.—Antiquities of the Jews, Buka IV, Khaolo VIII, karolo 15.

b Theological Dictionary of the New Testament e bolela tjena mabapi le Lekhotla le leholo le neng le le Jerusalema: “Hloohong ea sehlopha, se neng se kopanela ka boule [ntlong ea lekhotla] . . . ho ne ho ema moprista e moholo. E ne e le moeta-pele oa sechaba sa Bajode; ke eena feela ea neng a ka okamela Sanhedrin. O ne a pota-potoa ke archiereis [baprista ba mo hlahlamang], sehlopha sa boprista, Basaduse e le bashebelli. Ka baka la setulo sa bona baprista ba hlahlamang e moholo ka tempeleng ba ne ba e-na le sebaka le lentsoe ka Lekhotleng la Phahameng ʼme ba ne ba bōna sehlopha se tiileng. Baholo e ne e le sehlopha sa bobeli. Ke ʼnete hore qalehong litho tsohle tsa gerousia [seboka sa baholo] li ne li bitsoa baholo. Butle-butle, leha ho le joalo. lentsoe lena la fetoha le qoollang haholo, hoo e leng hore ke baeta-pele feela ba malapa a nang le tšusumetso bolumeling Jerusalema ba neng ba bitsoa presbyteroi [baholo]. Ntle ho khethollo, bapatriareka bana, le bona, ba ne ba e-na le tšusumetso ea Basaduse. Bafarisi ba ile ba tseba ho kena Lekhotleng lena le phahameng mehleng ea Mofumahali Alexandra [76-67 B.C.E.]. Ho tloha ka nako eo ho ea pele matla le tšusumetso ea grammateis [bangoli] ea nyoloha butle-butle ka Lekhotleng le Phahameng. Mehleng ea Roma archiereis [baprista ba hlahlamang e moholo] ba nentse ba le ka pele-pele ka litulo, empa ho ne ho ke ke ha etsoa qeto ea ʼnete kapa ea phethahatsoa ntle ho tumelo ea bangoli ba Bafarisi.”

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela