Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 3/15 maq. 23-24
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Fela ha Tlōlo ea Molao Joale ho Atametse!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Filemone le Onesimase—Ba Kopanngoa ke Kutloano ea Bara ba Motho ea Bokreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Jesu o Phekola Banna ba Foufetseng Hape o Thusa Zakiase
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Jesu oa Ruta Jeriko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 3/15 maq. 23-24

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

● Ke ruta Bibele ho mosali ea sa tsoa ntšebela hore o ne a utsoa mabenkeleng. Na o tlameha ho leka ho khutlisa sohle seo a neng a se utsoitse, kapa mohlomong ho itšoarisa sepoleseng, pele a ka tšoanelehela ho ba Mokreste ea kolobelitsoeng?

Batho ba boemong bo joalo ba lokela ho iketsetsa qeto e le bona ka bobona, tumellanong le matsoalo a bona, hore na e be ba nka boemo boo ka bobeli pele ba tšoanelehela kolobetso.

Mangolo a re tiisetsa hore ke thato ea Molimo hore “batho bohle ba bolokehe, ʼme ba fihle tsebong ea ʼnete.” Ho finyella seo Molimo o ile oa romela Mora oa oona e le topollo e loketseng. (1 Tim. 2:4-6) Matla a hloekisang a mali a Jesu a fumanoa ke batho ba kileng ba phela bophelo bo bobe ka ho fetisisa, kapa ba le molato oa libe tse tebileng, pele ba ithuta ʼnete ea Bibele, ba baka le ho sokoloha.

Ka mohlala, ʼnete ea hore motseng oa Jerusalema ka 33 C.E. ba ne ba tšehetsa baeta-pele ba bona ba bolumeli ha ba batla ho bolaea Jesu e ne e sa bolele hore ha ho mohla e tlang ho ba Bakreste. Ka letsatsi la Pentekonta moapostola Petrose o ile a bolella ba bangata ho bona hore: “’Ka baka leo, ntlo eohle ea Iseraele e ke e tsebe ka ʼnete, hobane Jesu eo le mo thakhisitseng, Molimo o mo entse Morena le Kreste.” E, bonyane ba ne ba e-na le molato o itseng ka lefu leo. Ba utloile bohloko ho ea fihla lipelong, ba botsa: “Re tla etsa joang?” Petrose a arabela: ‘Bakang, ’me e mong le e mong oa lona a kolobetsoe.’—Lik. 2:36-38.

Ho ka tsela eo le ka Saule, ea neng a ‘befetsoe ke ho sokela le ho bolaea’ Bakreste, le eo e bileng paki a ba a lumela ho bolaoa ha Setefane. (Lik. 7:58; 8:1; 9:1; 22:20) Saule, ea tloaelehileng haholo e le Pauluse, o-oa lumela hamorao: ‘Jesu Kreste o tlile lefatšeng ho boloka baetsalibe, bao ke leng oa sehloho ho bona. Empa ke bontšitsoe mohau.’—1 Tim. 1:15, 16.

Leha ho le joalo, ho ka ʼna ha botsoa hore na ebe motho o tlameha ho leka ho etsolla bonokoane kapa libe tseo a bileng molato oa tsona pele a amohela Bokreste.

Ho ka ʼnang ha hopoloa ke hore tlas’a molao oa Moshe ho khutlisa ntho le matšeliso li ne li hlokahala mabakeng a bosholu. Ka mohlala, haeba Moiseraele a na a ka utsoa poho ʼme a tšoaroa a e-na le eona, o ne a tlameha ho e khutlisa, haesita le poho e ʼngoe e le matšeliso ho mong a eona bakeng sa ho lahleheloa ke tšebeliso ea hae ea poho.—Ex. 22:1, 3-9.

Kapa ho ka ʼna ha suptjoa tlaleho ea Luka ka Zakea, molekhetho e moholo oa Jeriko, eo ka ho totobetseng a neng a sebelisitse mekhoa e belaetsang ho ntšeng chelete, a rua ka baka leo. Kamor’a hore Jesu a mo ele hloko ka mokhoa o molemo, Zakea o ile a re: “Ha ke amohile motho ntho e ʼngoe ka thetso, ke busetsa ho eena tse ʼne.” Jesu a ananela pako ena e tšepahalang e neng e bontsa tumelo le pako, a re ho eena: “Kajeno, poloko e kene tlung ena; . . . Hobane Mor’a motho o tlile ho batla le ho pholosa ho timetseng.” (Luka 19:1-10) Ka ho totobetseng Zakea o ne a ka sebetsa litlalehong tsa lekhetho seo a neng a se kolota, ʼme o ne a e-na le chelete eo a ka lefang ka eona. Le haeba ʼmuso o sa ka oa mo nqosa ka bosholu, letsoalo la hae le ile la mo susumelletsa hore a leke ho lefa seo a se utsoitseng.

Hoa hlokomeleha, leha ho le joalo, hore molao o ho Exoda 22:1, 3b-9 o ne o neiloe Baiseraele kamanong e ineetseng le Molimo. ʼMe Zakea e ne e sentse e le “mora oa Abrahama” ea tlamehileng ho latela melao e phahameng ea Bibele; ho lefa ha hae e ne e le bopaki ba pako ea hore e be o ile a etsa ho fapaneng. Empa ho thoe’ng ka motho ea ithutang ka melao ea Molimo ʼme eo pele ho moo a ileng a etsa sebe kapa a kopanela bonokoaneng?

ʼNete ke hore hona joale batho ha ba ea tlangoa ke Mangolo ho latela molao oa Moshe, ho kopanyelletsa le Exoda 22:1, 3b-9. (Ba-Roma 6:14) ʼMe Mangolo a Bakreste a Segerike ha a supe hore Molimo o hloka hore motho a etsolle libe kapa bonokoane bohle ba hae ba nakong e fetileng pele a kolobetsoa.

Hona ho bontšoa tabeng ea Onesima, ea boleloang bukeng ea Bibele ea Filemone. E ne e bile lekhoba Kolosse, empa a baleha. Hoo e ne e le tlolo ea molao, e mo etsang lekhoba le balehileng (fugitivus ka Selatine). Hape, ba bang ba ikutloa hore Onesima o ne a utsoelitse monghali oa hae hore a tsebe ho balehela Italy e hole. Ha a le Roma a kopana le moapostola Pauluse ʼme ea e-ba Mokreste ea kolobelitsoeng. Pauluse ha a ka a laela hore pele Onesima a ka kolobetsoa o lokela ho itšoarisa hore a fumane kahlolo, leha e e le hore o kile a hloka hore Onesima a khutlele ho monghali oa hae pele, le hoja nakoana kamor’a hore Onesima e be Mokreste Pauluse o ile a mo phehella hore a khutlele ho eena, ʼme Onesima o ne a rata ho khutla.

Ka ho tšoanang, motho ea amohelang molaetsa oa Bibele kajeno mohlomong nakong e fetileng o ne a ʼnile a etsa tlolo ea molao eitseng, mohlomong a bile a ntse a batloa ka eona, e le ʼmalehi. Bibele e bontsa hore o tlameha ‘ho baka le ho sokoloha hore a tle a tšoareloe libe tsa hae.’ (Lik. 3:19) Hona ka ho totobetseng ho bolela hore o tlameha ho tlohela tsela ea hae ea pele ea boetsalibe le ea bonokoane. Petrose o ile a ngolla Bakreste, a re: “Ho se ke ha e-ba e mong har’a lona ea utloisoang bohloko ke hobane e le ʼmolai, kapa lesholu, kapa sesenyi, kapa ea ikenyang tabeng tsa ba bang.”—1 Pet. 4:15.

Motho ka boeena o tlameha ho lekanyetsa hore na ebe a ka leka, ho isa moo matla a hae a fellang, ho lefa eo a mo utsoelitseng liphahlo kapa chelete. Ho rata oa habo motho ho supa ntlheng ena. (Matt. 22:39; 7:12)a Mabakeng a mangata a nakong e fetileng a kang lena, ho lefa melato ea motho, kamoo ho neng ho le kateng, ho ile ha fana ka bopaki bo botle ka phello e molemo eo bolumeli ba ʼnete bo nang le eona.

Leha ho le joalo, mabakeng a mang motho ea molato ha a tsebe libaka tsohle kapa batho bao a ba utsoelitseng. Kapa bonokoane ke boo a se nang tsela ea ho bo etsolla. Mohlomong o bolaile motho e mong. Le hoja a jeoa ke letsoalo la hae, o sitoa ho khutlisa bophelo boo—ke Jehova feela ea ka bo khutlisang. (Joh. 5:28, 29) Empa le hoja a ke ke a etsolla nako e fetileng, o lokela ho itiela mohaung oa Molimo ʼme a batle tšoarelo e theiloeng sehlabelong sa Jesu. Bibele ka ho totobetseng e re bolella hore ke sona se ileng sa etsoa ke masholu le ba meharo lekholong la pele la lilemo; ba ile ba ‘hlatsuoa, ba halaletsoa, ba boleloa hore ba lokile ka lebitso la Jesu Kreste le ka moea oa Molimo oa rona.’—1 Ba-Kor. 6:9-11; 1 Pet. 4:1-4.

Ho ke ho lumeloe hore haeba motho ea neng a phela ka bonokoane nakong e fetileng a amohela Bokreste a sa otlolle taba hantle ka molao pele a kolobetsoa, nako ea hae e fetileng e ka ’na ea tloha ea tsebisahala; mohlomong a ka ba a tšoaroa ’me a koalloa. Ntlha eo, ntle ho ho mo nea botumo bo bobe har’a batho, ho ka ’na ha bonahala e hlahisa phutheho ea Bokreste hampe. Empa Jesu o ile a nyatsetsoa ho ja le ho amohela baetsalibe le balekhetho hore e be barutuoa ba hae. Karabelo ea hae ho seo e bile hore o ne a tletse ho tla lopolla baetsalibe; o ne a tlile ho tla phekola ba kulang, e seng ba phelang hantle.—Matt. 9:10-13.

Motho mang le mang ea se nang leeme le ea nahanang a ka bona melao e phahameng ea boitšoaro ea ba ka phuthehong ea Bokreste ea Lipaki tsa Jehova. Boitšoaro bona bo totobetseng, bo ʼnileng ba rorisoa pontšeng ke ba ka ntle, hase kahobane bana bohle bao e leng Bakreste hona joale e ne e le ba tšepahalang le ba laolehileng hantle ka mehla. Ho e-na le hoo, ke bopaki ba liphetoho tse ka etsoang ha batho ba tsoang metsamaong eohle ba sebeletsa ho lumellana le boitšoaro bo rutoang ka Lentsoeng la Molimo bophelong ba bona. Hona ho joalokaha mongoli oa lipale Dr. John Lord a ile a ngola ka Bakreste ba pele, a re:

“Tlholo ea ʼnete ea Bokreste e ne e bonahala ka ho etsa banna ba molemo ka ba neng ba bolela lithuto tsa bona, ho e-na le ho fetola ka ntle mekhatlo, kapa mebuso, kapa melao, e ratehang, haesita le ho phahamisa letšoele le leholo la balumeli. . . . Re na le bopaki ba bophelo ba bona bo se nang molato boitšoaro ba bona bo ke keng ba nyatsuoa, le ho ba ha bona baahi ba molemo . . . ”—The Old Roman World, maq. 551, 578.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hona ho ne ho tla ba joalo haholo haeba motho e mong a le mahlomoleng a sa lokelang ke bonokoane.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela