Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 6/1 maq. 22-24
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Boloka Bophelo ka Mali—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Mali—Aa Hlokahala Bakeng sa Bophelo
    Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
  • Amohela Tataiso ea Molimo ea Phelang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Mali
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 6/1 maq. 22-24

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

● Ngaka e ile ea bolela hore pele e buoa mokuli a ka mo ntša mali a mang le ho a boloka, haeba ho ka ha hlokahala hore a tšeloe mali ha a ntse a buuoa. Mokreste a ka talima tšebeliso e joalo ea mali a hae joang?

Ponong ea ba lebaleng la bongaka, mokhoa ona o ka ’na oa bonahala o hlile o sebetsa. Ho na le likotsi tse tebileng tsa ho amohela tšelo ea mali a tsoang ho motho e mong. Ho bonahala eka ho ameha likotsi tse nyenyana haeba motho a fuoa mali a tsoang ho eena. Ka hona mokhoa o teng har’a lingaka tse ngata hore li sebelise mokhoa oa hore mokuli a huloe mali ’me a bolokoe bakeng sa ho tšela haeba ho hlokahala. Haeba eo a tsoileng ho eena a sa a hloke, mali a sebelisetsoa bakuli ba bang.

Mangolo a senola hore Molimo o nka mali a halalela, ’me bahlanka ba hae ba lokela ho a nka ka tokelo. Tumellanong le sena, Jehova Molimo o ile a bolella Baiseraele hore ba ka etsa lintho tse peli feela ka mali. Ea pele, Molimo oa re: “Ke le neile oona aletareng [ea mahlabelo], a tle a etsetse meea ea Iona pheko.” Ea bobeli, haeba mali a phoofolo a ne a sa sebelisoe aletareng, Moiseraele o ne a lokela ho a tšollela fatše mobung ka tsela eo a lumela hore bophelo bo tsoa ho Molimo le hore mali a emelang a ne a sa lebisoe hosele bakeng sa tšebeliso eitseng ea botho. (Lev. 17:11-14) Empa na tsela ena ea ho tšoara mali e ne e le ea bahlanka ba Molimo feela tlas’a molao oa Moshe? Ho fapana le hoo, ka ho utloahalang, barapeli ba ’nete, pele ho fanoa ka Molao, ba ne ba se ntse ba sebetsana le mali ka tsela ena.

Molimo o ne o ile oa bolella Noe le lelapa la hae pelenyana hore batho ba lokela ho ja nama e se nang mali ka ho eona. (Gen. 9:3, 4) Ka hona ho tla etsoa joang? Ha phoofolo e ne e bolaeloa ho jeoa, mali a eona a ne a tla tlameha hore a ntšoe ’me a qhalloe fatše. Mali a emelang bophelo e ne e se a Noe le lelapa la hae empa e le a Mofani-Bophelo. Ka ho loketseng, e ne e tla ba ho loketseng ho tšollela mali lefatšeng, leo e leng tšoantšetso ea “bonamelo” ba Jehova.—Esa. 66:1.

Taelo e eang ho Noe hape e ne e sebetsa le ho Bakreste. Lekholong la pele la lilemo C.E., sehlopha se busang sa Bakreste se ile sa hatisa qeto, e neng e tšehetsoa ke moea o halalelang, hore Bakreste ba ‘lokela ho tela mali le lintho tse fenethiloeng.’ (Lik. 15:19, 28, 29) Ketsong hoo ho ne ho tla bolela eng? Polelo ‘lintho tse fenethiloeng’ e hlalosa nama ea liphoofolo tse ileng tsa bolaoa ka mokhoa o ileng oa sia mali linameng tsa tsona. Bakreste ba ne ba ke ke ba e-ja nama e joalo. Ho thoe’ng ka polelo e reng ‘ho tela mali’? Hona ho ne ho tla thibela ho sebelisoa ha mali a tlhotliloeng libopuoeng tse joalo, joaloka tabeng ea bahetene ba bang, ba neng ba etsa nama e sitsoeng e entsoeng ka mali ’me ba e ja kapa lijo tse ling tse nang le mali kapa ba noa mali a tsoang liphoofolong kapa bahlabaning ba neng ba bolaoa ka mabaleng a lipapali. Bakreste ba sa etse le e ’ngoe ea lintho tsena. Ha ba ne ba ntša ntho mali, ba ne ba etsa se neng se etsoa ke bahlanka ba Molimo linakong tse fetileng, ba tela mali. Ka tsela eo ba ne ba ka hatisa kananelo ea bona bakeng sa khalalelo ea mali le bophelo ’me hape ba bontša ho itšetleha ha bona ka bohlokoa ba mali a Kreste.

Ka hoo, haeba basebeletsi ba tsa bongaka ba etsa tlhahiso ea hore Mokreste a lumele hore mali a mang a hae a huloe ’me a tšeloe polokelong ea mali hore a tle a sebelisoe hamorao ka morero oa ho a tšela, Mokreste o na le tataiso e tsoang ka Bibeleng ka tsela e nepahetseng. A ka bolela hore Baiseraele ba boholo-holo ba ne ba bolelloa hore mali a ntšitsoeng a ne a lokela hore a ‘tšolleloe mobung joaloka metsi,’ ho bontša hore ke a Molimo e seng hore a boloke bophelo ba sebopuoa se seng sa lefatšeng. (Deut. 12:24) ’Me a ka supa taelo e tobileng ea hore Bakreste ‘ba tele mali.’ Ha ho talingoa sena, o ne a ka lumella mali a hae a bokelloe lipolokelong tsa mali hore a tle a sebelisoe hamorao ho eena kapa motho e mong joang?

● Ho thoe’ng ka lisebelisoa tse kang mochine o pompang pelo le matšoafa kapa liphio tsa maiketsetso? Na Mokreste a ka li sebelisa?

Ho teng Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste tseo, ka letsoalo le letle, li ’nileng tsa lumella ho sebelisoa ha lisebelisoa tsena, ha feela mechine e ile ea qala ho tsamaisoa hore e sebetse ho bona ka maro ao e seng a mali, akang lero le manamisang la “Ringer.”

Ha ho sebelisoa sena, mali a mokuli a phalla ho tloha methapong ho kena ka mochining (moo a pompuoang, a kene moea o hloekileng mohlomong le ho sefuoa) ebe joale a khutlela ’meleng. Ka nakoana mochine o sebetsa mesebetsi e meng e etsoang ke litho tsa mokuli.

Bakreste ba bang ka matsoalo a khutsitseng ba ’nile ba bea mabaka a hore mali a phalla ka ho se khaotse le hore mochine o ka ’na oa talingoa e le katoloso ea tsamaiso ea ho phalla ha mali. Ba ’nile ba o talima e le o ka tšoantšoang le lethōpō le ka ’nang la kenngoa ’meleng ho fetisa mali moo tšitiso e leng teng mothapong.

Koana, Mokreste e mong le e mong o lokela hore a lekanye se amehang tšebelisong ea lisebelisoa tse kang tsena le tse tšoanang le tsona. A ka ’na a nahana hore na ebe o talima mali a amehang e le mali ao ka ho hlakileng a seng a tsoile ’meleng oa hae ao, ka hoo a lokelang ho qhaloa kapa, e le mali ao, bonneteng, e ntseng e le karolo ea mali a phallang ’meleng oa hae. (Deut. 12:16) Joale a ka etsa qeto e tla mo sia a e-na le letsoalo le hloekileng pel’a Molimo.—1 Pet. 3:16.

● Na ho phoso ho lumela ha mali a ntšoa ho ea hlahlobjoa?

Ho thèiloe tsebong ea tsona ea Mangolo, Lipaki tsa Jehova tse ngata, haeba e se tsohle, ha li hane litlhahlobo tse joalo. Mali a seng makae a tlosoang ’meleng ha a jeoe kapa hona ho kenngoa ho motho e mong. A mpa a hlahlobjoa feela pele a qhaloa.—Deut. 15:23.

● Mokreste o lokela ho ameha hakae ka mali a kentsoeng linthong tse jeoang?

Molimo oa re ho Noe, ’me ka hoo le ho lelapa lohle la motho: “Lintho tsohle tse tsamaeang, tse phelang, e tla ba lijo Iōna; . . . Mpa se ke la ja nama e nang le bophelo ba eona, ke ho re, mali a eona.” (Gen. 9:3, 4) Ka hoo, barapeli ba ’nete ba lokela hore ba batle ho qoba nama e nang le mali a saletseng ka ho eona kapa lijo tse ling tse ekelitsoeng ka mali.

Hona ho ka ’na ha hloka tlhokomelo eitseng. Ka mohlala, linaheng tse ling liphoofolo lia fenethoa, kapa li bolaoa ka tsela e ’ngoe e siang mali ka ho tsona. Moo hona e leng mokhoa oa sebaka, Bakreste ba atisa ho reka nama ho bahoebi, beng ba lilakha kapa barui ba liphoofolo bao ho tsebisahalang hore ba rekisa nama ea liphoofolo tse ileng tsa fophisoa mali hantle.

Leha ho le joalo, melao ea tumellano ka ho hlajoa ha liphoofolo linaheng tse ngata, ka mohlala, Linaha tse Kopaneng tsa Amerika, e hloka hore liphoofolo li fophisoe mali hantle. Ka hoo, Bakreste ba linaheng tsena ha ho hlokahale hore ba ka ameha hakaalo-kaalo. Ba ka ja ka bolokolohi nama e rekisoang ’marakeng kapa e fepuoang matlong a lijo. (Bapisa 1 Ba-Korinthe 10:25, 26 moo ho suptjoang ka nama e neng e nyehetsoe melimo ea bohata; “Jang ntho tsohle tse rekoang thekisong, le sa botse letho ka baka la letsoalo; hobane lefatše ke la Morena le ho tlala ha Iona.”) Leha ho le joalo, ho ka ’na ha hlokahala hore ho botsoe ka nama ea liphoofolo tse bolailoeng mahae, e kang nama ea liphoofolo tse “hlaha,” le haeba e fumanoa ho setsomi, selakheng kapa moo ho rekisoang lijo tse phehiloeng.

Empa ho thoe’ng ka lijo tse ka ’nang tsa e-ba le mali kapa metsoako ea mali?

Mebuso e meng e laela hore baetsi ba thathamise metsoako pampiring e khomariselitsoeng e hlalosang lijo tse tsoakiloeng. Bakreste ba kileng ba hlahloba lipampiri tsena ka nako e telele mohlomong ba fumane hore mali ha a sebelisoe libakeng tsa lijo tse sebelisoang hahabo bona. Ka hoo, ka hoo ba lekanyelitse ka nepo ho bala ha bona lipampiri feela linakong tseo ka tsona ba nang le lebaka la ho lumela hore mali mohlomong a phaelletsoe metsoakong.

Leha ho le joalo, haufinyane Riphabliki e Kopaneng ea Majeremane e sa tsoa fetisa molao o lumellang mekhatlo ea nama hore e ka sebelisa, e sa bolela, karolo ea 2 lekholong (kapa, mabakeng a mang, karolo ea 10 lekholong) ea mali a omelelitsoeng ha e etsa ‘liviena, Frankfurter, le lintho tse ling tse joalo ho akarelletsa linama tsa mefuta e mengata.’ Mokreste ea seli a ka etsa joang mabakeng a joalo?

A ka botsa mong a selakha kapa moetsi. Ho tlalehiloe hore ha ho ne ho arabeloa lipatlisiso tse joalo, baetsi ba bang naheng e ’ngoe ea Scandinavia ba ile ba tiisa hore mali hase motsoako nameng ea bona e tsoakiloeng; ha ba batle ho lahleheloa ke bareki. Empa, libakeng tse ling, Lipaki tse ileng tsa botsa beng ba lilakha kapa baetsi ba lintho tsa nama ba ile ba neoa likarabelo tse sa hlakang kapa tse belaetsang. Ho ka ’na ha hlokomeloa hore, le haeba molao o lumella mekhatlo hore e kenye mali e sa bolele, hona ha ho hlile ha ho bolele hore ke eona kaofela kapa boholo ba eona e etsang joalo.

Ka baka leo, Bakreste, ka bomong, ba lokela ho etsa qeto ea hore na ba tla etsa joang. Matsoalo a ba bang a ka ’na a ba susumetsa ho qoba ntho leha e le efe eo ba nang le lipelaelo tse matla ka eona kapa ba botsa kamoo ho hlokahalang hore ba kokobetse matsoalo a bona. (Ba-Roma 14:23) Mabakeng ao ho oona ho bonahalang ho se bonolo ho fumana boitsebiso bo joalo bo tiileng ka patlisiso e utloahalang, Bakreste ba bang ba ka ’na ba fihlela qeto ea hore: ‘Moo ho seng lebaka le matla la hore ke nahane hore mali a teng kapa ho seng tsela e tiileng eo nka lekanyang ka eona, ka letsoalo ’e hloekileng ke tla “’ne ke je.”’ Leha ho le joalo, ba lokela ho nahanela boikutlo ba letsoalo ba ba bang, joalokaha Pauluse a ile a eletsa.—1 Ba-Kor. 10:28-30; Ba-Roma 14:13-21.

Bakreste ba ’nete ha ba ea lokela ho iphapanyetsa mali. Ba lokela ho etsa seo ba ka se khonang ho qoba ho tlōla molao oa Molimo ka ho hlakileng. Tlhonepho e tebileng ea molao oo ke ea bohlokoa bo setsing. Ka ho etsa sohle seo ba ka se etsang kamoo ho utloahalang ho ‘ipoloka maling.’ Batho ba Molimo ba bontša kananelo bakeng sa khalalelo ea bophelo le mali a bo emelang.—Lik. 21:25.

● Na liente tse entsoeng ka maro a mali li lumellana le tumelo ea Bokreste?

Tokollong ea rōna ea 1 January, 1975, re ile ra neelana karolong ena ka tlhahlobo e qaqileng ea tšebeliso ea liente (tse nang le mali) le liente tse entsoeng ka maro a tlhotliloeng maling. Bakeng sa lintlha tse qaqileng joalo, re kōpa u bone se neelanoeng maqepheng a 23, 24.

Ho ile ha lumeloa hore thuto ea bongaka ba ntse ba retelehela ka mokhoa o phahameng ho se sebeliseng litšelo tsa mali a feletseng. Ho e-na le hoo, mali a motho a ntse a aroloa ka likarolo tsa oona tse sa tšoaneng tse ka tšeloang ’meleng. Ka sena re ile ra re: “Re lumela hore ho sebelisoa ha likarolo tse etsang mali ho finyella morero o joalo, ka ho totobetseng ho loantšana le taelo ea Mangolo ea ‘ho tela mali.’ (Lik. 15:20)”

Ho thoe’ng, leha ho le joalo, ka ho amohela liente tse entsoeng ka maro a tlhotliloeng maling ho loantša mahloko, joaloka tse sebelisoang bakeng sa ’metso o mosoeu, “tetanus,” “viral hepatitis,” “rabies,” “hemophilia” le a mang? Hona ho bonahala ho sa hlaka hantle ntle. Bakreste ba bang ba lumela hore ho amohela se qapiloeng maling ka tekanyo e fokolang bakeng sa morero o joalo e ke ke ea e-ba ho bontša ho hlompholla molao oa Molimo; matsoalo a bona a ho lumella. (Bapisa Luka 6:1-5.) Ba bang, leha ho le joalo, ba ikutloa matsoalo a bona a ba tlama hore ba hane liente tse entsoeng ka maro a tlhotliloeng maling kaha li na le mali, le hoja e le ka tekanyo e nyenyane haholo. Ka hoo, re nkile boemo ba hore khang ena e rarolloe ke motho ka mong mothèong oa botho. Re phehella e mong le e mong hore a tsekelle hore a be le letsoalo le hloekileng le ho arabela hantle tataisong ea Molimo e fumanoang Lentsoeng la Oona.—Pes. 119:105.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela