Na Tumelo e ka Hlōla Lefatšeng la Kajeno?
MORERO o putsang bophelong. Mohlankana o ne a se na oona. Kamoo a lumelang ka boeena, e ne e “le khathatso ho tloha ha a le lilemo li 12.” A oetse ka ho teba tšebelisong e mpe ea lithethefatsi, o ne a sitoa ho loana le “mathata a sa rarolleheng” a lefatše, ’me o lumela hore: “Ka ja ka ho iqobella. Ka Pherekhong 1977 ka nahana ho ipolaea. Ka utloa ho le thata hore ke phele ka mokhoa ona ho ea pele. Ke utloile bohloko ka motsotso o mong le o mong.”
Likhoeli tse seng kae hamoraonyana, eena mohlankana enoa o ne a fumane thabo le morero o putsang bophelong. Hobane’ng? Phetoho e ne e tlisitsoe ke eng? Tumelo!
Bophelo bo thabileng ba lelapa ruri bo ne bo sa thabeloe ke mosebeletsi oa mapolasi, mosali oa hae le bana ba neng ba phela naheng ea bochabela. Ntate o ne a sa hlophe lelapa hantle ’me chelete ea hae o ne a e sebelisa haholo ka koae, lino le “betel nut.” Eena le lelapa hae ba ne ba phela maemong a mabe, ba hlobotse ’me ba lapile ka mehla.
Eaba monna o qala ho fetoha. A khaotsa ho tahoa, a ntlafatsa mekhoa eo a sebetsang ka eona ’me a fumana moputso o molemo. Ka likhoeli tse seng kae feela o ne a itlhoekisitse ’me a ntlafalitse lelapa la hae. Ka nako eo lelapa la hae le ne le fepuoa le ho apesoa, ho ileng ha fella ka thabo.
Ke eng se neng se tlisitse bophelo bo thabileng ba lelapa? Tumelo e fumanoeng bocha!
Phetoho bothong e ne e batloa ka matla ke ngoanana ea lilemo li 16 oa naheng ea Amerika e ka Boroa. Kamoo a bolelang, e ne e le mofetoheli oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe “e neng e e-na le lephoka la borena.” Ngoanana a ba a ameha ho mokoleng lintho tse sa lumelloang ho tsoa le ho kena ka naheng ea habo. Kamoo eena ka boeena a bolelang, ‘Ke ne ke le mofetoheli ntle ho lebaka.’
Leha ho le joalo, ngoanana enoa o ile a tseba ho fetola botho, a lahla lintho tseo a neng a li phehelletse tsa bofetoheli le tseo e seng tsa molao. Hona ho bile bonolo joang? O ne a fumane tumelo e theiloeng Bibeleng.
Boena le kopano ha lia tloaeleha lefatšeng kajeno. Ntoa ke eona ka ho khethehileng e entseng ho hongata ho senye moea ona. Empa ak’u nahane ka phihlelo ea banna ba bane—ba neng ba tsamaea le likepe ba bararo ba Mak’hanada le ofisiri e le ’ngoe ea likepe tsa ntoa ea Mojeremane. Ka lekhetlo le leng nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, Mak’hanada a mararo a ile a leka ho tebisa sekepe sa ofisiri ena. Lilemo tse mashome a mararo a metso e mene hamorao ba neng ba tsamaea le likepe ba bararo ba Mak’hanada ba ile ba boela ba kopana hape. Nahana kamoo ba ileng ba makala kateng ha ba tseba hore sera sa bona sa nakong ea ntoa se ne se fetohile ngoan’abo bona oa moea nakong e lipakeng, a ba a kolobetsa e mong oa bona e le Mokreste!
Kahoo, he, na tumelo e ka hlōla lefatseng la kajeno? E etsa joalo. Ba bangata, bao ka nako e ’ngoe ba neng ba feletsoe ke tšepo hona joale ba na le morero o putsang bophelong. Bao nakong e fetileng e neng e le bo-ntate, bo-’mè le bana ba se nang thabo, hona joale ba thabela bophelo bo thabileng ba lelapa. Batho ba bangata ba hlokometseng hore boikutlo ba bona le boitšoaro li ne li fosahetse ba entse liphetoho tse molemo tsa botho. ’Me bao e neng e le lira pele ba kopantsoe hammoho litlamong tse sa senyeheng tsa boena le kopano.
Ho hlileng ho ikarabellang haholo-holo bakeng sa ho ntlafatsa hona ho molemo ke eng? Tumelo e hlōlang! Bonneteng, liphihlelo tsena tsohle tse boletsoeng li ile tsa bonahatsoa Likopanong tsa “Tumelo e Hlolang” tsa Lichaba Tsohle tse sa tšoaneng tsa Lipaki tsa Jehova tse sa tsoa tšoaroa. Tse ling tsa likopano tsena ho boleloa ka tsona tlalehong e latelang.