Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 1/15 leq. 23
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Eng e Silafatsang Motho?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Ke Eng e Silafatsang Motho?
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Hantle-Ntle Ke Eng e Silafatsang Motho?
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Mareka—‘O na le Thuso Bakeng sa ho Sebeletsa’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 1/15 leq. 23

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

● Ho hlakisoa ntlha efe ho Mareka 7:19 moo re balang ho re: “Ka ho rialo [Jesu] a bolela ho hloeka ha lijo tsohle”? (Phet. e Ncha)

Haholo-holo, ntlha ke hore motho ha a fetohe ea silafetseng moeeng ka seo a se jang, joaloka ho ja lijo a sa hlapa liatla ho latela mokhoa o itseng oa bolumeli.

Ho ea kamoo litemana tse potolohileng Mareka 7:19 li bontšang, Bafarisi le bangoli ba ne ba tsekisa lesu hobane barutuoa ba hae ba ne ba jele ka ‘matsoho a silafetseng, ke ho re, matsoho a sa hatleloang,’ ha baeta-pele ba bolumeli ‘ba ne ba sa je lijo ka matsoho a sa hloekang, ke ho re, a sa hatleloa ka hloko.’ (Mar. 7:1-3, Phet. e Ncha) Ke ka ho loketseng Jesu a ileng a ba senola ka ho itšoarella lineanong tse entsoeng ke motho empa ba hlokomoloha methèo ea Molimo, e kang ho hlokomela batsoali ba bona. A tsoela pele, a re: “Ha ho letho le kenang ka ho motho, le e-tsoa kantle ho eena le ka mo silafatsang; empa tse tsoang ka ho eena ke tsona tse mo silafatsang.”—Mar. 7:5-15.

Balateli ba Kreste joale ba mo botsa hore na o bolela eng. Tlaleho ea Mareka e tsoela pele: [Jesu] a re ho bona: Hleka le lōna le sa hloka kelello na? Ha le utloisise ke’ng hobane tsohle tse kantle, ha li kena ka ho motho, li ke ke tsa tseba ho mo silafatsa? Kahobane ha li kene ka pelong ea hae, li mpa li ea ka mpeng, ʼme li tsoela mohlabeng?” [Ka ho rialo a bolela ho hloeka ha lijo tsohle.”]—Mar. 7:18-19, bapisa le Phet. e Ncha.

Kaheho ea ho ngoloa ha karolo e qetellang ea Mr 7 temana ea 19 ha e ea tloaeleha Segerikeng sa pele, empa bafetoleli ba bangata ba e utloisisa e le tlhaloso e ekellelitsoeng ke mongoli Mareka. Empa ke hobane’ng ha Mareka a ka eketsa ho re: “Ka ho rialo a bolela ho hloeka ha lijo tsohle”?

Tlhaloso ea Mareka ka ho utloahalang e ne e tla ba tumellanong le boemo ba pale bo neng bo le teng nakong ea ha Jesu a ne a bua seo a se buileng. Ka nako eo molao oa Moshe o ne o sa ntsane o sebetsa, ka hona lijo tse itseng, tse kang nama ea kolobe, li ne li le “litšila” ho bahlanka ba Molimo. Ho bile joalo ho fihlela lefung la Jesu ha le felisa Molao ka melao ea oona ea ho ja lijo tse hloekileng le tse sa hloekang.—Bapisa Levitike khaolo ea 11; Ba-Kolosse 2:13, 14; Liketso 10:9-16.

Ka hoo, ka ho utloahalang Mareka o ne a bua ka lijo tse neng li “hloekile” ponong ea molao oa Moshe o neng o sebetsa ka nako eo. Baeta-pele ba bolumeli ba neng ba tlamiloe ke lineano ba ne ba ikutloa hore ho ja lijo tse joalo ho ne ho tla silafatsoa ntle leha motho a nka bohato bo hloko ba mokhoa oa ho itlhoekisa. ʼMe ba ne ba leka ho bea mekhoa ena ho balumeli bohle eo e neng e se karolo ea molao oa Molimo empa e le lineano tse entsoeng ke motho. Ka hoo, eare ha Jesu a supa phoso ea monahano oa baeta-pele ba bolumeli, ke ka tokelo Mareka a neng a ka phaella tlhokomelo ka tlhaloso ea se neng se boleloa ke Jesu, E, lijo tse neng li lumelloa ke molao oa Moshe li ne li ke ke tsa silafatsa ea li jang feela hobane o ne a sa hatlela liatla tsa hae ka mekhoa e boleloang.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela