Ngaka e Ananelang
HA RE fihla ho ngaka M, re ile ra mo hlalosetsa hore re Lipaki tsa Jehova le hore ho teng ntho eo re batlang ho mo fa eona. O ne a le mosa haholo ʼme a re re kene ka tlung a ntse a soasoa le rōna, a re: “Ke leeto la $15,00 ha le kena fela!” Re ile ra mo fa bukana Jehovah’s Witnesses and the Question of Blood ʼme ra hlalosa hore e neoa ngaka e ʼngoe le e ʼngoe le mooki le ʼmuelli oa molao e le hore ba ka tloaelana haholoanyane le boikutlo ba Lipaki le hore na ke ka lebaka lefe ha re sa amohele mali.
Ngaka ea bolela hore, le hoja a ne a ile a sebeletsa karolong ea sesole ea M.A.S.H ea Kore ʼme a bile a fa batho ba bangata mali, o ne a lumela hore motho e mong le e mong o lokela ho iketsetsa qeto eo eleng ea hae ka se ka etsoang ka ʼmele oa hae. Hape a lumellana le ho sebetsana le “motho kaofela,” kaha ho qobella mali ho motho e mong ho ka ba le mathata a pherekano ea kelello.
Kamorʼa ho buisana ka Johanne 17:3, ka fana ka lipeeletso tsa Molula-Qooa le Tsoha! ho eena, ke hlalosa hore li tla mo thusa ho ithuta haholoanyane ka Bibele le kamoo Molimo o tlang ho lopolla batho mathateng ana. A nka lipeeletso ka bobeli, a re: “Ke lumela hore tsena ke letlotlo le molemo le bolokoang.”
A pheta hore na ke hobane’ng a nang le boikutlo ba lerato ho Lipaki tsa Jehova. Ka nako e ʼngoe koloi ea hae e ne e tsielehile ʼMileng o Moholo oa Pennsylvania ʼme koloi e ʼngoe ea tla mo thusa. Batho bao, ha baa ka ba mo thusa feela ho isa koloi ea hae moo e ka fumanang mafura, empa ba ema moo le eena ho fihlela koloi ea hae e loka ʼme ba ka tiisa hore joale a ka ikela ka tsela ea hae. Pele ba tsamaea, ba mo siela limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ka tsela eo a ithuta hore ke Lipaki tsa Jehova. A ʼna a tsota hangata kamoo ba ileng ba e-ba mosa ho eena ka hore ba fapohe tsela ea bona ho mo thusa.—Tlatselletso.