Moruti ea Neng a Fapane
HO THATA ho hetla nakong e khethehileng paleng ’me u nke “moea” oa eona—boikutlo le boitšoaro tsa batho ba neng ba phela ka nako eo. Ho re thusa ho utloisisa hore na Jesu o ne a fapane hakae ho baruti ba bang ba mehleng ea hae, re ho bona maikutlong a bo-rabbi. Ba bangata ba ne ba e-na le maikutlo a phahameng haholo ka Iseraele, ba ruta hore ‘Iseraele e ne e le mohopolong oa Molimo ka pel’a pōpo ea Bokahoohleng.’ Hape ba ne ba hatisa haholo tsebo ea meetlo ’me ba iphahamisitse haholo ka hore ke bana ba Abrahama. Seithuti sa Bibele Edersheim sea hlokomelo: “Ho hloea, ho tsoakaneng le ho tella, litsela, mehopolo le setsoalle sohle le Balichaba; ho rapeloa ha lengolo la Molao; boitokafatso, le boikhohomoso ka baholo-holo, ’me haholo le ba tsebo” tsohle li ne li tlatsetsa “ho ikaroleng ho feletseng lipolelong tsa Messia, ea neng a sa tšoane le bona ho hang le ka maikutlo.”
Hona ho re thusa ho ananela kamoo le bona ba sa rutehang ba neng ba ka lemoha phapang pakeng tsa lithuto tsa Jesu le tsa bo-rabbi. Joalokaha Mattheu a hlokomela: “Matšoele a tsota thuto ea hae; hobane a na a ba ruta e seng joale ka bangoli ba bona.”—Matt. 7:28, 29.