Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 3/1 leq. 19
  • Bacha ba Retelehela Bolumeling—Hobane’ng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bacha ba Retelehela Bolumeling—Hobane’ng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Bolumeli ba ka Boa Nkhotsofatsa!’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Na Bolumeli Leha e le Bofe bo Lokile?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho Sebelisa Bolumeli bo Hloekileng Bakeng sa Poloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Karolo 24—Hona Joale le ka ho sa Feleng—Botle ba ka ho sa Feleng ba Bolumeli ba ’Nete
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 3/1 leq. 19

Bacha ba Retelehela Bolumeling—Hobane’ng?

“KE phetoho e makatsang ka sebele,” kamoo ho bolelang batho ba bangata. Ba supa ho retelehela bolumeling morao tjena ho etsoang ke palo e ntseng e phahama ea bacha lefatšeng lohle. Lefatšeng le ka Bophirimela, bacha ba baloang ka likete ba amehile ho se bitsoang “phutuho ea Jesu.” Baruti ba fapa-fapaneng le lihlopha li hohetse basokolohi ba tsoang metsamaong eohle ea bophelo. Bochabela, ho tloaelehile ho bona bacha ba nkile Libibele ha ba ea kerekeng ka Sontaha ho e-na le ho ea ithapolla. Hong Kong, lihlotšoana tse ngata tsa bacha tse itaolang li theiloe feela ho bokana hammoho, ho buisanoa ka Bibele ’me mohlomong le ho tsamaisa lipampitšana tse hatisitsoeng ke mekhatlo ea Bibele.

Ke’ng se fehlileng bophahamo bona ba thahasello ea bolumeli? E ke ke ea e-ba likolo tsa bolumeli, hobane kamoo ho boleloang, lithuto tsa bolumeli hangata ke tse tenang le tse se nang ntlha. Ho e-na le hoo, ho bonahala e le ’nete hore, lefatšeng ka bophara, bacha baa bona hore lintho tse bonahalang, mebuso ea batho le mano li isitse feela meharong, boithating, lintoeng, mahlomoleng le ho hloleha ho akaretsang. Ba bangata ba lekile lithethefatsi, botona le botšehali le tahi, empa ba sitoa ho fumana likarabo. Joale ka tšepo ba retelehela bolumeling, empa hangata e se bolumeli ba lelapa la habo bona.

Tšokoloho ena e tlang e sa lebelloa bolumeling le phetoho tseleng eo ho pheloang ka eona li atisa ho ama ka matla batsoali le litho tse ling tsa lelapa. Hona ha ho etsahale feela ntle ho mabaka ka linako tse ling, kaha lihlopha tse ling tsa bolumeli li khannela basokolohi ba banyenyane hore ba furalle malapa le metsoalle, hore ba fane ka lichelete tsohle tsa bona sehlopheng, ebe joale ba ikarola ka ho phela sebakeng se hole le lefatše ka karetso ea lona. Bochabela, batsoali ba bona ho le molemo ho bona bana ba bona ba phehella ntho e ’ngoe e nang le melemo e bonahalang, e kang thuto e ngata le mesebetsi e lefang haholo.

Haeba u mocha, u lokela ho ikutloa joang le ho itšoara joang haeba ka tšohanyetso feela lelapa leno le hanyetsa seo u se lumelang bolumeling? Na ho se tšoane bolumeling kapa hona ho hanyetsana ho hlile ho bolela hore karohano e kholo likamanong pakeng tsa litho tsa lelapa e tlameha ho ba teng? Che. Empa ho arabela lipotso tseo ka nepo, u tlameha ho ba le bolumeli bo nepahetseng, hape u be le linnete tsa ho bo paka. Ke kahobane bolumeli bo nepahetseng, bolumeli ba Bibele, ke bona feela bo etsang bana ba molemo le bo bontšang motho kamoo a ka bang le kamano e haufi haholoanyane le batsoali le litho tse ling tsa lelapa. Ka Bibeleng, mothei oa malapa, ’Mōpi oa motho, Jehova, o fana ka taeo e qaqileng ea kamoo malapa a kopaneng kannete le a thabileng a ka bang teng.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela