Re Ka Leboha Khalemelo e Sebete ea Molimo
HO ’NILE ha utloahala batho ba bolela hore Molimo ha o utloisise, o ea ka leeme kapa o lieha ho nka bohato. Batho ba bang ba batla ho lumela ho Molimo, empa ba sitoa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Molimo o sa nke bohato hona joale ho felisa bonokoane, ho hloka toka le khatello.
Leha ho le joalo, ho bonolo hore batho ba hlokomolohe ’nete ea hore ho bontša likhoka ho feela, hoo ba lumelang hore Molimo o ka ho etsa, hangata hase eona tsela e molemohali ea ho thibela ho etsahala ha ntho e mpe. Ho rarolla bothata ho ka ’na ha nka nako, sebete le kutloisiso.
Ka mohlala, ntate a ka ’na a otla mora oa hae ka matla bakeng sa ho se utloe ho hong le ho hong, kapa a ka ’na a lahla mora ’me a mo leleka ho hang. Empa na hona ho ne ho tla otlolla mora le ho lokisa bothata? Na ho ne ho tla thusa mora kapa ho boloke setumo sa ntate? Na ho ne ho tla sebeletsa molemo oa lelapa? Ho sebelisoa ha likhoka le matla, ho e-na le hoo, ho ka ’na ha senya litaba haholoanyane mabapi le mora, hammoho le batho ba bang ba shebelletseng. Hona ho etsahala hobane batho hase mechine kapa liphoofolo, ba ka ’nang ba lebisoa koana le koana le ho laoloa ke ba nang le matla a phahameng.
Ho joalo le tšebelisanong ea Molimo le batho, bao o ba entseng ‘ka setšoantšo sa oona le ka ho tšoana le oona.’ (Gen. 1:26, 27) Batho ba sa ntsane ba bonahatsa, le hoja e le ka mokhoa o sa phethahalang, setšoantšo seo, se kopanyelletsang ho sebelisa kutloisiso monahanong, lerato, toka le mohau. Ho hlokahala hore batho ba be le mabaka le kutloisiso hore na ke hobane’ng ha lintho li le ka tsela eo li leng ka eona. Ho hlokahala hore ho fihloe lipelong tsa bona. Joale, ntle le haeba e le baithati le ba sa utloisiseng, ba tla leka ho lumellana le se nepahetseng.—Pes. 32:9; Ba-Roma 2:4.
Motsoali a ka ’na a bona hore ho teng tsela e le ’ngoe feela eo a ka etsang hore ngoana oa hae a utloisise taba. E ka ’na ea akarelletsa ho lemosa ngoana ka mokhoa o phetaphetoang. Motsoali a ka ’na a bona hore o lokela ho tlohella ngoana a hlomoloe ke liphello kapa litholoana tsa booatla ba hae. Batsoali ba bang ba ’nile ba etsa phoso ea ho sireletsa haholo ngoana liphellong tsa khathatso e ’ngoe le e ’ngoe eo ngoana a ikenyang ho eona. Ba bang ba ka ’na ba sebelisa litšoso kapa thupa, empa ngoana a se ke a utloisisa. Batsoali ba ka ’na, e le kotlo ea ho qetela, ba tlameha ho amoha ngoana ntho e ’ngoe eo a e ratang haholo.—Liprov. 23:13, 14.
Ka mokhoa o tšoanang, molemong oa motho ka boeena, Molimo o sebete ’me o-oa khalemela, hobane o tseba hore batho ho hlokahala hore ba kholisoe hore liketso tsa Oona li nepahetse le hore puso ea Hae ke eona feela e lakatsehang bakeng sa lefatše. Ka hona o lumelletse batho hore ba ikele ka tsela ea bona ea ho ipusa. Ho tla fihlela kajeno ba lekile puso ea mofuta o mong le o mong eo ba ka e nahanang—mebuso eo lihlooho tsa eona e leng marena, ea maquloana, ea karolelano ea thepa ka ho lekana le ea Bokomonisi, liriphabliki, puso ea lentsoe la sechaba, bomma-mpoli ba bohatelli le lipuso tsa nakoana, le lipuso tse baruti e leng bona ba ka sehloohong—puso ea mofuta o mong le o mong eo motho a ka e qapang.
Hona joale mebuso ea lefatše e reketla ho feta leha e le neng pele, ’me batho ba bolela hore tsamaiso kamoo re e tsebileng e ke ke ea pholoha. Batho ba ke ke ba rarolla mathata ’ohle, ’me ana a eketseha le boiteko bo bong le bo bong ba ho rarolla bothata. Ka baka leo, ha Molimo o timetsa tsamaiso ena ea hona joale ea lefatše, batho ba tla utloisisa hore boiteko ba bona ba ho ipusa bo hlolehile kaofela ha bona. Ba emelang puso e tobileng ea Molimo e tsoang maholimong ba tla be ba tepelelitsoe ke puso ea motho ea mefuta e sa tšoaneng, ba kholisehile ka ho feletseng hore ha ho e tla sebetsa, hore ba ke ke ba hlola ba rata ho khutlela mofuteng leha e le ofe oa puso e entsoeng ke motho kapa tšobotsi leha e le efe ea eona.—Ba-Fil. 2:9-11; Esa. 45:23, 24.
PONTŠO EA SEBETE LE KHALEMELO
Re na le mohlala o bontšang ntlha ena ea mokhoa oa Molimo oa khalemelo paleng ea litšebelisano tsa Molimo le sechaba sa boholo-holo sa Iseraele. Ha sechaba seo se fallela Lefatšeng la pallo, Molimo, e le ntate ea molemo, oa ba lemosa ka kotsi ea ho huleloa borapeling ba litšoantšo, ka ho rapela melimo ea lichaba tse neng li lula naheng eo le mathōkong a eona. Oa re, ka Moshe: “U se ke ua sebeletsa melimo ea tsona, hobane hoo e ka ba leraba ho uena.”—Deut. 7:16.
Ho teng litemoso tse ling hape tse fetang 30 tse tobileng tseo Molimo o ileng oa linea Iseraele ka nako eo mabapi le melimo ea bohata ea lichaba, e neng e akarelletsa litšoantšo tse entsoeng ka mahong, majoe le tšepe—tlōlō e tobileng ea borena ba Molimo.
Leha ho le joalo, Iseraele ea tlōla litemoso tsena tse ntseng li pheta-phetoa—ha ho mohla ba kileng ba li utloisisa ka botlalo le molemo oa tsona. Le hoja batho bana ba ’nile ba bolela hore ba rapela Jehova le hore ke batho ba hae, ba ile ba oela lerabeng la ho leka ho latela marena a mabeli. Baiseraele ba thetsoa ke ho nahana hore ba ka rapela Jehova e le Molimo ’me ka nako eona eo hape ba ipiletsa haesita le ho hlabela melimo ea moo ea Baale e le hore ba ka fumana lijalo tse ntle le melemo e meng.—Jer. 7:9; 44:15-23.
Litemoso tse mashome a mararo li ne li tlameha ho lekana haholo kamor’a seo Baiseraele ba neng ba sa tsoa se bona ha Jehova a ba lopolla Egepeta. Empa na Molimo o ile oa ba tenehela le ho ba khathalla, o ba lahla e le ntho e se nang thuso? Che, joaloka motsoali ea bohlale, o ile a ba khalemela, ka ho ba lumella hore nako le nako ba hlokofatsoe ke liphello tsa booatla ba bona, o ba utloisa khatello matsohong a lichaba tse ling le ho ba pholosa ha ba bitsa ho eena bakeng sa thuso. Hona ha etsahala ka lilemo tse ka bang 850.
Empa le ka eona khalemelo ena, Baiseraele ha baa ka ba itlhoekisa sebe sa borapeli ba litšoantšo se ileng sa tlisetsa Molimo oo ba neng ba ipolela hore ba o emela thohako. Leha ho le joalo, Molimo ha o-oa ka oa hlōloa. Qetellong, le hoja o ile oa se ke oa khahlisoa ke ketso ea oona, oa etsa seo o ileng oa se etsa ho ba kholisa. (Lillo 3:33) Oa lumella Bababylona hore ba kene ’me ba timetse motse oa bona o moholo Jerusalema ’me, ho hobe ka ho fetisisa, tempele ea Molimo e neng e le moo.—2 Likron. 36:15, 16.
Ho Bajode ena e bile kotlo e phahameng ho feta tsohle, ho nyaroha ho fetisisang hoo ba kileng ba ho utloa. Ba ne ba ile ba nahana hore ba tla tsoela pele ka borapeli ba litšoantšo ’me ka nako eona eo ba ’ne ba itšepise ka ho tiea ha tempele ea bona le motse oa bona oa Jerusalema. Ba ne ba rata haholo motse oa bona o halalelang le tempele ea oona ’me ba ikhotsofatsa ka ho ikutloa hore Jerusalema ha ho mohla e tla timetsoa le hore ha ho mohla ba tla tlosoa ho eona ka ho feletseng naheng ea bona, ba e sia e le lesupi. Empa ke mona ntho eo ba neng ba nahana hore e ke ke ea etsahala e ile ea etsahala!—Lillo 2:1, 2; 4:12.
Hona ha falimehisetsa Bajode ba bang ho hlokomeleng hore borapeli ba litšoantšo ke sebe se fetisisang. Ba qetella ba ithutile thuto eo Molimo o neng o lekile ho ba ruta eona ka mekhoa e bonolo haholoanyane. Eaba ba phekolehile ka linako tsohle borapeling bona ba litšoantšo. Kamor’a ho khutlisoa ha masala a utloang a Bajode Jerusalema ka 537 B.C.E., ba ile ba etsa libe tse ling, empa ha ho mohla ba ileng ba pheta borapeli ba litšoantšo.—Lillo 3:31, 32.
Ho hlokomela kamoo khalemelo ea Molimo e ileng ea sebetsa, nahana ka ketsahalo e ileng ea etsahala lilemo tse ka bang 560 hamorao, joalokaha ho bolela mongoli oa lipale oa Mojode Josephus:a
“Joale Pilato, ea neng a rōmetsoe e le ’musisi Judea ke Tibere, a romela bosiu litšoantšo tseo tsa Sesare tse bitsoang lifolaga Jerusalema. Hona ha tsosa mofere-fere o moholo har’a Bajode ha letsatsi le khanya. . . . Che, ntle ho ho teneha hoo baahi ba bileng le hona ka mokhoa ona, batho ba bangata ba tsoa ba matha ka hare ho naha. . . . ho ea Sesarea . . . ba oela fatše ba rapela, ’me ba lula ba sa sisinyehe boemong boo ka matsatsi a mahlano le masiu a makaalo.”
Ketsahalo ena e ne e le bopaki ba hore kutloisiso le sebete sa Molimo ho Iseraele ka lilemo tse telele joale li ne li tumisitsoe e le tsela e bohlale le e molemo ka ho fetisisa ho batho ba amehang. Jerusalema le tempele ea eona e tsosolositsoeng li ne li eme ha Messia a hlaha. Messia o ne a ka hlahisoa ho sechaba se rapelang, e seng melimo ea mefuta eohle, empa ea Holimolimo feela. Ka hoo, Messia o ne a ka khetholleha e le Ea rōmetsoeng a tsoa ho Molimo oa bona o mong, Jehova. Ba ne ba ka pakahatsa ho khetholleha ha hae ho ke keng ha fosoa ka buka ea bona e le ’ngoe feela e halalelang, Mangolo a Seheberu.—Joh. 5:39.
BATHO BA TŠEPAHALANG BA KA FUMANA MOLEMO KA LITŠEBELISANO TSA MOLIMO LE BATHO
Mokhoa oo Molimo o sebelisanang le batho ba lefatše ka oona le oona ka mokhoa o tšoanang e bile bopaki ba sebete le bohlale ba oona tse emeng e le bopaki ho eleng hloko ha oona rona bohle libopuoa tsa oona tse bohlale. Ha o-oa sebetsa ka ho khahlapetsa. O bolokile moloko oa motho ho tla fihlela kajeno. ’Me hoo ho bonahalang eka ke ho lieha ha hoa tla ka lebaka la tieho ea oona.—2 Pet. 3:9.
Ha Molimo o timetsa tsamaiso ena ea hona joale e hatellang ’me o hloma puso ea ’Muso oa oona holim’a lefatše matsohong a Jesu Kreste, batho ba tla tseba ho bapisa, e, ho tšoantšetsa puso eo e ntle e tsoang leholimo le seo ba se utloileng ‘ha motho a rena holim’a motho ho mo etsa hampe.’ (Moek. 8:9) Ba tla bona ho hloka litšila ha puso eo. Ho feta moo, e tla ba lipaki tsa ho phekoloa ha maloetse a batho ka tsamaiso ea Kreste ea boprista, e leng pheko eo mehlala ea eona e ileng ea etsoa ke Kreste ha a le lefatšeng. (Luka 4:31-36; 5:12-15; Matt. 9:27-34) Ba tšepahalang ’me ba e-na le lerato lipelong tsa bona bakeng sa se nepahetseng ka pelo tsohle ba tla tšehetsa ’muso oo. (Esa. 26:9) Ka nako eo ba tla babatsa Molimo bakeng sa sebete sa oona ka hore o se ke oa tela batho ba baetsalibe.—Pes. 117:1, 2.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Wars of the Jews ea Josephus, ea Whiston, Buka ea II, Khaol IX, leq. 677.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Kahlolo ea Jehova holim’a Jerusalema e rapelang litšoantšo ea khalemela Bajode hore ba lahlele borapeli ba litšoantšo ruri