Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 2/1 maq. 22-24
  • Ho “Halalela” ho Bolela Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho “Halalela” ho Bolela Eng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Halalela ho Bolela’ng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • “Le Halalele”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • “’Na Jehova Molimo oa Lōna Kea Halalela”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • “Oa Halalela, oa Halalela, oa Halalela Jehova”
    Atamela ho Jehova
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 2/1 maq. 22-24

Ho “Halalela” ho Bolela Eng?

HO “HALALELA” ho bolela ho hloeka kapa ho hloka letheba polelong le ketsong. Ho bolela ho finyella molao o halalelang oa se nepahetseng le se loketseng. Ho bolela ho lokoloha litšileng ka tsela ea boitšoaro.

Moapostola Petrose o ngotse se latelang ka hore na ke hobane’ng ha bahlanka ba Molimo ba lokela ho halalela: “Joalokaha ea le bitsitseng a halalela, le lona le halelele metsamaong eohle ea lona; hobane ho ngotsoe, ho thoe: ‘Le halalele, hobane le ’na kea halalela.’”—1 Pet. 1:15, 16, Phet. e Ncha.

E, Jehova Molimo o-oa halalela—o hloekile kapa ha a na letheba—ka kutloisiso e feletseng. Ke “Ea Halalelang.” Libopuoa tse matla tsa moea, lirafime, li tšoantšetsoa ka Mangolong e le tse reng: “Oa halalela, oa halalela, oa halalela, Jehova oa makhotla.” (Esa. 6:3) Ea ka sehloohong ho bara ba hae, Jesu, Kreste, o mo bitsitse “Ntate ea halalelang.” (Joh. 17:11) Ka nepo, he, bohle ba ipakahatsang e le bahlanka ba hae ba lokela ho loanela ho boloka bohloeki boitšoarong bohle ba bona. Hona ho akarelletsa eng?

Ho arabela potso ena, re tlameha ho hlahlobela haufi polelo e reng, “Halalelang, hobane kea halalela.” Moapostola Petrose o ne a qotsa molaong oa Moshe. Moo, ho Levitike 19, temana ea 2 polelo e hlaha kemisong ea litaba e thathamisang se hlokoang ke Molimo bakeng sa ho tsamaisa, e seng feela mesebetsi e halalelang, empa litabeng tsa bophelo tsa tsatsi le leng le le leng.

Ka mohlala, re fumana taelo, e reng: “E mong le e mong ho lona a hlonephe ntat’ae le ’m’ae.” (Lev. 19:3) Hlonepho e hahang bakeng sa batsoali e-ea hlokahala bakeng sa ho boloka khotso le kutloano ea batho. Ho joalo hobane malapa a matla a bōpa motheo o tiileng oa tsamaiso e kopaneng ea sechaba. Ho hlompholla batsoali, ka lehlakoreng le leng, ho isa ho se utloaneng ’me ho hang ho hanana le seo re lokelang ho se lebella ho batho ba hlonephang Jehova Molimo.

Hape motho a ka lebella batho ba hloekileng le ba se nang letheba ho bontša hlonepho bakeng sa melao ea naha, tumellanong le taelo ea Jesu ea ho ‘nea Sesare seng sa Sesare.’ (Luka 20:25, Phet. e Ncha) Ka tsela eo Bakreste ba tla ba seli ho lefa makhetho. Ba ke ke ba tlōla melao ea taolo ea sephethe-phethe, ka mohlala, ba tlōla lebelo le lekanyelitsoeng ho “ithabisa” ha ho se lepolesa le bonahalang. Ba lokela ho tšepahala litšebelisanong tsohle tsa bona. Thetso e se ke ea e-ba teng har’a bona, bolotsana, bosholu kapa leshano. Ho ameha ho leha e le efe ea lintho tsena e tla ba ho hlōleha ho bonahatsa ho halalela ha Molimo. Lintho tse joalo li boetse li haneloa ke molao oa Molimo.—Lev. 19:11-13.

Ho bontša ho nahanela ba holofetseng ke mokhoa o mong oa ho ‘halalela joalokaha Jehova Molimo a halalela.’ Molao oa hae o-oa bolela: “U se ke ua rohaka ea tsebe-tutu; u se ke ua bea letho pel’a sefofu le ka mo khopang.”—Lev. 19:14.

Motho ea neng a ka tšeha kapa a rohaka motho ea tsebe-tutu ka sebele o ne a tla be a bontša boikutlo bo se nang kutloelo-bohloko. Ea tsebe-tutu o ne a tla ba mohaung oa mahlapa a nyefolang a ba bang, a sitoa ho itšireletsa lipolelong tsa bona tseo a sa kang a li utloa. Hape, ekaba ntho e mpe, e hananang le litsela tse mohau tsa Molimo, bakeng sa motho hore a bee ntho e khopang tseleng ea motho oa sefofu, a etsa hore a oe.

Tsena ke libaka tse seng kae feela tseo ho tsona Jehova Molimo a neng a hloka hore batho ba hae ba boholo-holo ba selekane Baiseraele ba halalele Bophelong. Ho sebelisa ha moapostola Petrose polelo e neng e ile ea sebelisoa ka lekhetlo la pele ho Baiseraele ba boholo-holo e ho bontša hore Bakreste, le bona, ba lokela ho itšoara ka tsela e hloekileng e se nang letheba. Bakeng sa Mokreste, ha ho tšobotsi le e ’ngoe bophelong e beelloang ka thoko tlhokahalong ea se halalelang.

Ka hoo, haeba re batla ho halalela mahlong a Molimo, re tlameha ho qala ka ho hōla ho mo tsebeng ha rona. Ho hlokahala hore re utloisise seo a se amohelang kapa a sa se amoheleng, le mabaka a teng. Hona ho biletsa boithuto bo seli ba Mangolo. Joale re tlameha ho phela tumellanong le tsebo e nepahetseng.

Morutuoa Jakobo o entse ntlha e matla ka sena, a re: “Le be baetsi ba lentsoe, e seng bautloi feela ba ithetsang.”—Jak. 1:22.

Ho ba teng libokeng tsa Bokreste le ho mamela ka hlonepho se boleloang ha lia lekana ho halaletsa motho. Motho a ka hla a ithetsa ho nahana hore ho etsa lintho tsena hantle-ntle ke oona motheo, sohle se hlokahalang ho eena e le Mokreste. Empa ha ho joalo. Ho hlokahala hore re itlhahlobe ka borona ka hloko leseling la Mangolo, re hlahloba hore na ebe re finyella melaong ea Molimo ea khalalelo. Joale, ha re bona libaka tsa bophelo moo re haelloang, re nahane ka ho teba ka ho ntlafatsa.

Taba ena ea ho halalela, ho hloeka kapa ho hloka letheba ha e boima. Ke pontšo ea lerato la rona ho Molimo. (1 Joh. 5:3) Re biletsoa hore re kopanele ka botlalo phethahatsong ea mantsoe a Jesu, a reng: “E ka khona Evangeli e bolelloe lichaba tsohle pele.”—Mar. 13:10.

Ho lumellana le melao ea Molimo ea khalalelo ke tsela ea ho thabela bophelo ka botlalo, hobane motho o entsoe e le hore a ka bonahatsa setšoantšo sa Molimo. (Gen. 1:26) Neng le neng ha batho ba hlōleha ho bonahatsa litšoaneleho tse ratehang tsa Molimo bophelong ba bona, ba intša kotsi e le bona le ba bang. Empa motho ea utloang Mangolo o tla thaba.—Jak. 1:25.

Haeba u lakatsa thabo ena, nka nako ho ithuta Lentsoe la Molimo ebe joale u le sebelisa litšobotsing tsohle tsa bophelo ba hao. Ithute ka phihlelo hore ho halalela, ho hloeka le ho hloka letheba mahlong a Molimo kannete ke eona tsela e molemo ka ho fetisisa bophelong. Hape, u be seli ho thusa ba bang ho phela tumellanong le Bibele.

[Litšoantšo tse leqepheng la 22]

Nka thusa ba kulang joang?

Na ke hlonepha molao?

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela