Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 2/1 leq. 24
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Matla a Sabaletseng Haholoanyane.”
  • Na Tsela eo U Aparang ka Eona e Tlotlisa Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Moaparo le Boitlhopho bo Itekanetseng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Liaparo Tseo re li Aparang—Na ho hlile hoa tsotelleha Hore na ke Tsa Mofuta Ofe?
    Tsoha!—1999
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 2/1 leq. 24

Ho Nyarela ka Litabeng

“Matla a Sabaletseng Haholoanyane.”

● “Mokakallane oa Spania” oa 1918-19 o ile oa bolaea batho ba ka bang 20 000 000. Ha a hlahloba buka e ncha “Influenza in America. 1918-1976,” Bernard Dixon o bolela seoa seo ’me o re: “Ketsahalo e le ’ngoe feela e tobileng paleng e ka bapisoang le lintoa tse peli tsa lefatše e le mokotuli oa bophelo ba batho, e ne e le matla a sabaletseng haholoanyane. Bonyane ke karolo e le ’ngoe ho tse hlano ea moloko oa motho e ileng ea mamella mahlaba le feberu ea mokakallane.”

Ha a ngola pampiring ea litaba ea Manyesemane “New Scientist,” Dixon o boetse o-oa hlokomela: “Ka ho sa tloaelehang, boholo ba likete-tsa-likete tse bolailoeng [ke “mokakallane oa Spania”] ba ne ba sa le monateng oa bophelo. Samoa e ka bophirimela, boloetse bo ile ba hlasela baahi ba 7 500 ho ba 38 000 ka likhoeli tse ka tlase ho tse tharo. Bakuli ba fetang likete tse tharo le makholo a mahlano ba ile ba amoheloa sepetleleng sa San Francisco ba e-na le khathatso ea ka sefubeng ha mokakallane o otla motse, ’me ha e-shoa ba fetang karolo ea bone ea bona.”

Le hoja batho ba bangata ba nka seoa sa mokakallane sa 1918-19 e le se hlokomelehang ka baka a ho hlabaka ha sona lefatše lohle le ho kotula bophelo bo bongata, liketsahalo tse joalo ke tsa bohlokoa bo fetang ba pale feela. Li bōpa karolo ea “pontšo” ea boteng ba Jesu Kreste e le morena oa moea ea sa bonahaleng leholimong. Ha a ne a arabela potso e reng: “Pontšo e tla ba efe ea ho tla ha hao le ea ho fela ha mehla ea kajeno?” ka karolo, a re: “libakeng tse ling ho tla ba le litšisinyeho tse kholo tsa lefatše, le mafu a seoa, le litlala.”—Matt. 24:3; Luka 21:7, 11, Phet. e Ncha.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela