“Peo” ea ’Muso e Bea Litholoana ka Boroa ho Afrika
KA SONTAHA, la 26 Tlhakola, 1978, letšoele le kopakaneng la ba 1 867—ba batšo, ba basoeu, ba ’Mala le Maindia—le ile la bokana mohahong o moholo o motle lik’hilomithara tse ka bang 16 ka bochabela ho Johannesburg. Baemeli ba neng ba e-tsoa liphuthehong tsa Bakreste ba ne ba tloha Botswana, Lesotho, Swaziland, Afrika-boroa-bophirimela le likarolong tsohle tsa Afrika boroa. Ketsahalo e ne e le ho khakoloa ha katoloso ea Bethele, ntlokholo ea Watch Tower Bible and Tract Society Afrika Boroa.
Libui tse peli tsa pele tsa fana ka pale e tšehelitseng ho isa ho khakoloeng ha katoloso ena e ncha. Qalehong ea lekholo lena la lilemo, lefatše lohle la Afrika le ne le sa le “letšo” mabapi le molaetsa oa ’Muso—tšimo e kholo e e-song ho khathoe e lokelang ho lengoa. Le hoja ka 1902 “peō” ea ’Muso e ne e qalile ho mela libakeng tse seng kae, ha e-ea ba ho fihlela ka 1910 lekala le ileng la theoa Durban, le entsoe ka ofisi e le ’ngoe feela e nyenyane. Mosebetsi o ne o hlokometsoe ke Paki e le ’ngoe feela.
Ka 1917, ofisi ea lekala ea isoa Cape Town, koung e ka boroa haholo ea lefatše la Afrika. E ne e hlokomela mosebetsi oa bobobeli Afrika eohle e ka boroa ho equator. Tsoelopele e ile ea lieha haholo qalehong. Ka 1931, palo ea ba neng ba bolela ‘litaba tse molemo’ ka mafolo-folo sebakeng se seholo e ne e le ea ba ka bang 100 feela. Leha ho le joalo, ka 1948, makala a macha a theoa ho se bitsoang kajeno e le linaha tsa Malawi, Rhodesia le Zambia. Ka 1952, Afrika Boroa e ne e e-na le baboleli ba ’Muso ba fetang 9 500. Selemong seo lekala la tlosoa Cape Town la isoa mohahong o mocha Activia Park, Germiston, hona setšeng seo o leng ho sona kajeno.
Joalokaha sehlooho sa lenaneo la khakolo se ne se bontša, “Molimo oa ’na oa melisa.” (1 Ba-Kor. 3:6) Ka 1959, ho ile ha khomeletsoa mohaho o moholo ho oa pele, ’me, 1971, ona oa tlameha ho khomeletsoa hape. Le pele nako e e-ea kae, ho ne ho hlokahala sebaka se seholoanyane. Kahoo, ka Phuptjane 1975, ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho khomeletsa mohaho o nkang o neng o le teng habeli.
Karolo e latelang ea lenaneo ea bontša hore Jehova Molimo o ile a fana bathusi le thepa e sebetsang e neng e hlokahala ka potlako. Ea nang le botsebi mehahong, litei, litei tsa motlakase, lihahi, litsebi tsa lipompo, babetli ba mapolanka le batho ba bang ba nang le tsebo ba neelana ka tšebeletso ea bona. Ba bangata, le hoja ba ne ba sa tsebe letho, ka boithatelo ba neelana ka matla a bocha ba bona a neng a hlokahala hore ho phethoe mosebetsi o moholo hakaalo.
Moea oa Jehova oa susumelletsa ba bangata hore ba se ke ba ithaopela ho fana ka matla a bona feela, nako le likhoka, empa hape ba fana ka chelete, thepa le mechine. Ka mohlala, ho ne ho hlokahala nkholi e ka bang limithara tse 20. Ho e hira kapa ho reka e ncha e ne e se ntho e fihlelloang. Empa, fantising, Paki ea khona ho fumana e ’ngoe ka theko e molemo. Ka nako eona eo, ha amoheloa moneelo o molemo ho koala tšenyehelo. Empa joale e ne e tla hlongoa le ho sebetsoa ke mang? Ka nako e loketseng feela, Paki, setsebi sa sebakeng seo sa nkholi eo ea mofuta oo, ea ithaopela ho sebetsa ho e haha, ho e phahamisa le ho e sebetsa.
Sebaka sa moo se bolokelang likarapa le thepa e ’ngoe sa Paki se ne se e-na le thepa e sebelisoang le ea mechine ka mefuta e sa tšoaneng le ka boholo bo sa tšoaneng. Nako le nako se neng se hlokahala se ne se fumanoa moo ntle ho tefello.
Sebui se seholo sa supa hore, hase feela hore ho phethiloe mohaho o motle, empa, ha bohlokoa ka ho fetisisa, mosebetsi o moholo oa ho haha oa moea o ne o ’nile oa tsoela pele ka Boroa ho Afrika. A bontša hore, ka batho ba neng ba le teng Sehopotsong ha se bolokiloe ba 77 357 selemong se fetileng sebakeng se kalosong ea lekala lena, monyetla o ne o le teng o motle oa kholo e tsoetseng pele. Sebui sa tsoela pele ho bontša hore, ha ho bapisoa le tšobotsi e “ntšohali Afrika” qalehong ea lekholo la lilemo, hona joale ho teng liphutheho tse fetang tse 6 000 tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng lena la Afrika, ka baboleli ba ka bang 274 000 ba mafolo-folo ba ‘litaba tse molemo.’
Baeti ba baloang ka makholo ba tsamaea le sebaka sa lekala. Mohaho ka booona, ka boemo ba oona bo holimo, bolelele le ponahalo e ntle, o busa sebaka se tikolohong eo. Ho ileng ha ananeloa haholo ke Holo ea ’Muso e pholileng, e mothipoloha, e nang le litulo tse monate le mokhabiso o motle. Pel’a holo ho khomathesellelitsoe kamore e ncha e sa nkeng molumo bakeng sa ho etsoa ha litheipi tsa litšoantšiso tsa Bibele ka lipuo tse ngata tse sebelisoang tšimong ena.
Ka holim’a Holo ea ’Muso ke ofisi e ncha, e hlomelletsoeng hantle bakeng sa mosebetsi o beang. Baeti ba ile ba boela ba khahloa ke litepisi tse ntle tse nang le liphororo tse nyenyane tsa metsi tse tsamaeang le mabota a litepisi. Mokatong o ka holimolimo oa mohaho o mocha ho na le likamore tse ling tse ntle tseo lelapa le phelang ho tsona. Hona joale ho teng likamore tse 87 ka kakaretso Bethele ea Afrika Boroa.
Ntho e ’ngoe e ileng ea hohela baeti haholo ke ntlo ea ho jela e kholo e ncha. Pel’a eona ke ntlo e phehelang e kholo, e nang le thepa e sebelisoang ea moraro-rao e fokotsang mosebetsi, moo ho lokisoang lijo tse ka jeoang ke ba 450 ka letsatsi. Pel’a ntlo e phehelang ho na le ntlo ea meroho e ntle joale le ntlo ea leqhoa bakeng sa tse etsoang ka lebese, ’me, qetellong ke monyako o isang ntlong ea sehatsetsi se seholo, moo ho bolokoang nama, hlapi le tse ling ka bongata li le ncha.
Ho atisang ho hohela baeti Bethele ea Afrika Boroa ke ntlo ea khatiso e kholo, e nang le mechine ea eona e hatisang e robong, karolo e etsang lipleiti tsa se hatisitsoeng, le mechine e meholo ea khatiso, e akarelletsang oa “rotary” o ka ntšang limakasine tse 12 000 ka hora. Joale, ka mohaho o atolositsoe, ho teng hape sebaka se sengata bakeng sa ho bolokela pampiri e sebelisoang. Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe lekala lena le hlahisa litokollo tse sa tšoaneng tse 28 tsa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka kakaretso ea lipuo tse 11. Ho ntse ho etsoa litokisetso tsa katoloso e khōloanyane.
Ba khothalitsoe le ho hahuoa moeeng ke seo ba se boneng le ho se utloa, baeti ba neng ba tlile Bethele ba khutlela hae, ba thabile ka karolo eo ba bileng le eona keketsehong e ntle ea baboleli ba ’Muso ka Boroa ho Afrika. Ba boela ba lumellana ho tloha botebong ba pelo le kōpo e neng e boletsoe thapelong ea khakolo hore Jehova o ne a tla hlohonolofatsa mohaho o ntlafalitsoeng le o atolositsoeng, tlotlisong ea lebitso le leholo la hae.