Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 2/15 maq. 7-12
  • Na u Tsamaea ka Lebitso la Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u Tsamaea ka Lebitso la Molimo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SE BOLELOANG KE HO TSAMAEA KA LEBITSO
  • HO TSAMAEA KA LEBITSO LA JEHOVA
  • LIKETSO TSE HALALELANG LE BOTHO
  • HLONEPHO BAKENG SA LEBITSO LE HALALELANG
  • TOKELO E HLOLLANG
  • HO PAKA KA SEBETE
  • Hlompha Lebitso la Jehova le Leholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lebitso la Molimo
    Tsoha!—2017
  • Lebitso le Leholo ho ’Ohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lebitso la Molimo ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 2/15 maq. 7-12

Na u Tsamaea ka Lebitso la Molimo?

“Lichaba kaofela li tsamaea se seng le se seng ka lebitso la molimo oa sona, empa rona, re tla tsamaea ka lebitso la Jehova, Molimo oa rona, ka mehla le mehla.”—Mik. 4:5.

1. Motho e mong le e mong ea bohlale o tsamaea ka lebitso la mang? Hlalosa.

MOTHO e mong le e mong ea bohlale o tsamaea ka lebitso la molimo o itseng. E, le haeba batho ka bomong kapa lichaba lia ho hlokomela kapa che, li sebeletsa molimo o itseng. U ka ’na ua botsa hore na hoo ho ka ba joalo joang? Hase e mong le e mong kajeno ea sebeletsang molimo o ka qoolloang ka lebitso, joaloka batho ba boholo-holo. Empa batho ba bang ba rapela lihoba, mapolotiki, libapali, le bona ka bobona. E, le limpa tsa bona e ka ba molimo oa bona. (Ba-Fil. 3:18, 19) Ba bang ba rapela Satane Diabolose ka ho toba, ha ba bang ba mo sebeletsa ka ho qobelloa, hobane “lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” (1 Joh. 5:19) Mantsoe a ngoliloeng ke moprofeta oa Moheberu Mikea tlas’a pululelo lekholong la borobeli la lilemo pele ho Mehla e Tloaelehileng ke ’nete e kaakang! O itse: “Lichaba kaofela li tsamaea se seng le se seng ka lebitso la molimo oa sona.”—Mik. 4:5.

2, 3. (a) Bakreste ba ’nete ba tsamaea ka lebitso la mang, hona neng haholo-holo? (b) Ba na le boikutlo bofe? (Ba-Kol. 3:23, 24)

2 Pelenyana ho mantsoe ao, ho ne ho ile ha suptjoa se neng se tla etsahala “mehleng ea bofelo.” Ka nako eo thaba ea ntlo ea Jehova Molimo e ne e tla theoa ka ho tiea holim’a lithaba tse ling tsohle (ho bontšoa boemo bo phahameng ba borapeli ba ’nete). Batho ba ne ba tla phallela ho eona. Ba ne ba tla tea ka ‘lisabole tsa bona . . . mehoma, ka marumo a bona ba tee lisekele; sechaba se seng se ke ke sa hlola se tsohela sechaba se seng ka lerumo, ba ke ke ba hlola ba ithuta ntoa.’—Mik. 4:1-4.

3 Ba phallelang ntlong ea Jehova ba hlokomela hore “ha ho Molimo o mong, ha e se o le mong feela.” (1 Ba-Kor. 8:4) Kahoo, le hoja lichaba li tsamaea se seng le se seng ka lebitso la molimo oa sona,’ boikutlo ba Bakreste bana ba ’nete bo hlalosoa hantle ka mantsoe a tsoelang pele a Mikea, a reng: “Empa rōna, re tla tsamaea ka lebitso la Jehova, Molimo oa rona, ka mehla le mehla.” (Mik. 4:5) Polelo eo e bolela eng ho uena? Na u tsamaea ka lebitso la Molimo?

SE BOLELOANG KE HO TSAMAEA KA LEBITSO

4. Lebitso ke eng? Bontša.

4 Lebitso ke mokhoa oo motho kapa ntho e khetholloang ka eona. Lentsoe “molimo” ke lebitso feela. Ka lehlakoreng le leng, lebitso le khethollang le khetholla motho ho batho ba bang. “Jehova” ke lebitso le khethollang. Empa lentsoe “lebitso” le boetse le bolela botumo kapa setumo. Ka hona ‘lebitso la Molimo oa rona’ ke lebitso leo a khetholloang ka lona kapa la botho leo a tsejoang ka lona, ’me ho teng botumo bo itseng bo amanang le lona.

5, 6. (a) Mehleng ea boholo-holo, ke’ng se ileng sa amana le lebitso la molimo? (b) Ho boleloa eng ka ‘ho tsamaea ka lebitso la molimo’?

5 Mehleng ea boholo-holo, ka tloaelo batho ba ne ba rea melimo ea bona mabitso a e khethollang. Ka mohlala, ho ne ho le teng Tammuz, Arthemise, Zeuse, Baale le Marduke. Qetellong, ka liketso tseo ho neng ho nahanoa hore e-ea li etsa, melimo e sa tšoaneng le melimotsana ea iketsetsa botumo; ea tsebisahala. Botumo bo joalo le ho tsebisahala tsa amana le lebitso la molimo o mong le o mong. Ka mohlala, Marduke e bile mothei ea tsebisahalang oa Babylona.

6 Ho ‘tsamaea ka lebitso’ la molimo o itseng ho bolela ho etsa lintho tse ananeloang kapa tse etsoang ke molimo oo. Ho bolela ho etsa lintho tumellanong le botumo ba molimo oo hape le ho ela hloko matla a bohalaleli boo. Bonneteng, ‘ho tsamaea ka lebitso la molimo’ ho bolela ho ineela ho molimo oo, ho etsa hore motho a bitsoe ka lebitso la molimo le ho emela molimo oo lefatšeng. Ho bolela ho phela tumellanong le litšobotsi tsa molimo oo.

HO TSAMAEA KA LEBITSO LA JEHOVA

7, 8. Ho tsamaea ka lebitso la Jehova ho bolela ho fetang ho etsa eng?

7 Molimo oa ’nete o itheile lebitso. Bakreste ba hlile ba hlokometse hore Jehova ke ‘ea renang a ’notši lefatšeng lohle.’ (Pes. 83:18) Ba leboha hore Molimo o ba senoletse lebitso la oona la botho. Empa ho tsamaea ka lebitso la Jehova ho kenyelletsa ho fetang ho tseba ho bua lebitso la hae. Ho bolela ho fetang ho hlokomela lebitso le halalelang ka libukeng tsa Bibele.

8 Ho tsamaea ka lebitso la Jehova ha ho bolele feela ho bolela ka molomo hore ke Molimo oa rōna. Hape, ho kenyelletsa ho fetang ho ba teng libokeng tsa Bokreste Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova ea moo. ’Me, ka tlhaho, mosebetsi oa ho bolela hase oona phetho o amanang le ho tsamaea ka lebitso la Jehova.

9. Na ho tsamaea ka lebitso la Jehova ho kenyelletsa feela seo re se buang ka rōna ka borona?

9 Le hoja lintho tsena e le tsa bohlokoa, tsona ka botsona ha li pake hore re hlile re tsamaea ka “lebitso” la Jehova. Lebakabaka hase feela seo re se bolelang kapa seo re ipolelang hore re sona, empa seo re hlileng re se etsang ka pelo eohle, khopolo, moea le matla tsa rōna. (Luka 10:27; Jak. 1:22-27) Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a botsa potso ena e batlisisang: “Ana ha le tsebe hoba, ha le ipea bahlanka ba e mong ho mo utloa, le bahlanka ba eo le mo utloang, leha e le ba sebe se isang lefung, leha e le ba kutlo e isang ho lokeng?” (Ba-Roma 6:16) Ba tsamaeang ka lebitso la Molimo ba ineetse ho oona, ’me ba hlile ke ‘bahlanka ba Jehova,’ ba mo sebeletsa ka botšepehi le kutlo. (Ba-Roma 12:11) Na u nkile boemo bo tiileng har’a barapeli ba Jehova? Na u tsamaea ka lebitso la Molimo?

LIKETSO TSE HALALELANG LE BOTHO

10. Kananelo ea rōna bakeng sa Jehova e hōlile joang?

10 Mohlomong re ile ra thaba ha re utloa ka lekhetlo le pele hore Molimo o Matla ’ohle o na le lebitso. Mohlomong re ile ra thaba ha re simolla ho bona lebitso le halalelang Jehova ka Bibeleng. ’Me re ile ra thaba hakaakang ho tseba hore lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a likete ka Mangolong a halalelang! Empa ho tsamaea ka lebitso la Jehova ea e-ba taba e ’ngoe. Hoo ha hoa ka ha qaleha ka tšohanyetso. Kananelo ea rōna ea ’na ea hōla ha re ntse re tseba ho eketsehileng ka Eo lebitso la hae e leng Jehova.

11. Moshe o ile a bolelloa eng ka litšoaneleho tsa Jehova?

11 Ha nako e ntse e ja babeli, ra ananela litšoaneleho tsa Jehova, boleng ba hae. Ka mohlala, ra fumana temohisiso e joalo ha re nahanisisa ka tlhaloso ena ea Molimo e ho Exoda 34:6, 7:

“Jehova a feta pel’a hae [Moshe], a re: Ke ’na Jehova, Jehova, Molimo o mohau, o lereko, o liehang ho halefa, o tletseng mohau le ’nete, o hauhelang meloko e likete, o tšoarelang motho bokhopo le boikhantšo le sebe, o sa latoleng molato oa motho ea nang le oona.”

12. Moshe o hlalositse Jehova joang pineng?

12 Lilemo hamorao, Moshe a susumetsoa ka bomolimo ho qapa pina. A re ho eona:

“Hobane ke tla bolela lebitso la Jehova: Rorisang Molimo oa rōna! Ke Lefika; mosebetsi oa hae o phethehile, hobane litsela tsa hae kaofela li lokile: ke Molimo o tšepehang, o se nang hokhopo; o lokile, o khabane.”—Deut. 32:3, 4.

13. Ke litšoaneleho life tseo re li amahanyang le Molimo tse re susumeletsang hore re o rate le ho o tšepa?

13 Ba tsamaeang ka lebitso la Jehova ba boetse ba ithutile hore lerato, thabo, khotso, sebete, khauho, molemo, tumelo bonolo le boitšoaro ke tholoana ea moea oa Molimo o halalelang. (Ba-Gal. 5:22, 23) Tsena ka baka leo ke litšoaneleho tse simolohang ho Jehova. Joale re li amahanya le lebitso la hae le halalelang, ’me li re susumelletsa hore re rate le ho sebeletsa Molimo oo re tsamaeang lebitsong la oona.

14. (a) Ba tsamaeang ka lebitso la Jehova ba ka tiisa joang hore Molimo o ka finyella morero oa oona le ho tumisa lebitso la oona? (b) Hlalosa kamoo bophahamo ba Jehova holim’a melimo ea Egepeta bo ileng ha tsebahala har’a lichaba, kamoo ho boleloang ho Joshua 2:10, 11, le 1 Samuele 4:8.

14 Ho feta moo, Bakreste ba ’nete ba fihletse tsebo ea morero oa Jehova oa ho phahamisa borena ba oona ba bokahohle le ho tumisa lebitso la oona ka ’muso oa oona oa leholimo matsohong a Jesu Kreste. (Luka 11:2; Tšen. 11:16-18) Ho feta moo, batho ba borapeli ba hlokomela hore Jehova o na le hona ho finyella morero oa hae le ho tumisa lebitso la hae le halalelang. Hobane’ng? Hobane Jehova o na le tlaleho ea liketso tse matla. Ha a tšoane le melimo e se nang thuso ea lichaba e ke keng ea etsetsa ba tsamaeang ka lebitso la eona letho le molemo. (Pes. 115:1-8) Hlokomela ka moo Jehova a ileng a hlalosoa pineng kamor’a hore ka mohlolo a lopolle batho ba Iseraele Leoatleng le Lefubelu:

“Ke mang ea ka ka uena Jehova, har’a melimo? Ke mang ea khanyang ka hloeko joale ka uena? U tšabeha ka lithoko u etsa mehlolo. U nanabelitse letsoho la hao le letona, lefatše le ba hohlomelitse. Hobane pere tsa Faro, le makoloi a hae, le bakalli ba hae ba kene leoatleng, ’me Jehova o buselitse metsi a leoatle holima’a bona, kanthe bana ba Iseraele ba tsamaile moo ho omileng, mahareng a leoatle.”—Ex. 15:11, 12, 19.

15. Ke joang ba tsamaeang ka lebitso la Jehova ba tsebang e le Molimo oa boprofeta bo tšepahalang?

15 Ba tsamaeang ka lebitso la Jehova hape ba mo hlokomela e le Molimo oa boprofeta bo tšepahalang. Ho bolela e sa le pele ha Jehova ka nako e tlang liketsahalo tsa nako e tlang ho ngoliloe ho beiloe holim’a lebitso la hae. Ho tšoana leha a ho tekenetse e le tiiso ea bonnete ba hona. Re ka tšepa boprofeta bo joalo. Ka mohlala, Jehova o ile a tšepisa ka boprofeta hore o tla lopolla Baiseraele bokhobeng ba Egepeta le ho ba nea naha eitseng. Hona ho ile ha finyelloa. (Ex. 3:6-17; 14:19-31) Lilemo tse ngata hamorao, Morena Salomone oa Iseraele o ne a ka re: “Ho bokoe Jehova ea phomolitseng sechaba sa hae sa Iseraele ka tsohle tsee a li boletseng; ha hoa senyeha lentsoe leha le le leng la lipallo tsohle tse molemo tsee a li boletseng ka Moshe, mohlanka oa hae.”—1 Mar. 8:56; bona hape Joshua 21:45.

16. Ba tsamaeang ka lebitso la Jehova ba ithutile eng ka lerato la Molimo bakeng sa batho?

16 Ho feta moo, ba tsamaeang ka lebitso la Jehova ba ithutile ka morero oa Molimo oa ho hloekisa lelapa lohle la motho sebeng ka matla a lopollang a sehlabelo sa Mora oa oona ea ratoang, Jesu Kreste, e le hore ho ka phethisoa toka. Ba thabetse ho bona hore toka e amana le lebitso la bomolimo, joalokaha ho le joalo ka lerato bakeng sa batho. “Hobane Molimo o ratile lefatše hakalo,” ho boletse Jesu, “o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notsi; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timele, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.”—Joh. 3:16; 1 Ba-Kor. 15:22; 1 Joh. 4:10.

HLONEPHO BAKENG SA LEBITSO LE HALALELANG

17. Jehova o bonahalitse joang hore o-oa itela?

17 Lebitso la Molimo o lerato joalo le lokeloa ke thahasello ea rōna le hlonepho. Jehova ka boeena o thahasella lebitso la hae ka matla, empa e seng ka boithati. O-oa itlonepha ’me ha ho mohla a kileng a etsa ntho le e ’ngoe e theotseng kapa ea hlabisa lihlong lebitso la hae le halalelang. Liketso tsa oona kamehla li ’nile tsa amahanya lebitso la hae le ’nete, toka le ho loka. Liketso tsa Molimo li apesitse lebitso la bomolimo le tlotla, khanya, bokhabane le hlompheho. Ke ka lebaka le utloahalang, he, Davida ea tsofetseng a neng a ka roka Jehova ’me a re: “Oho, Jehova, boholo, le matla, le letlōtlo, le hlōlo, le khanya, ke tsa hao!” (1 Likron. 29:11) Ke habohlokoa hakaakang hore ba ineetseng ho Jehova kajeno ba bontše hlonepho e loketseng bakeng sa lebitso la bomolimo!

18. Mabapi le melao ea Jehova, melao ea boitšoaro le litokisetso bakeng sa polokeho, re ka bontša joang hore re tsamaea ka lebitso la hae?

18 Batho ba tsamaeang ka lebitso la Jehova ba mo hlokomela e le Monei-molao, Moahloli le Morena oa bona. (Esa. 33:22) Kaha ke Morena oa Bokahohleng, ka sebele Jehova o na le tokelo ea ho etsa le ho hatisa melao, a thee melao ea boitšoaro le ho etsa litokisetso bakeng sa melemo ea ka ho sa feleng ea libopuoa tsohle tsa oona tse bohlale. Hape nahana ka sena: Ho bontša hlonepho melaong ea Jehova, ho ela hloko ha rōna melao ea boitšoaro ea Molimo, ho bontša ha rōna kananelo bakeng sa litokisetso tsa oona bakeng sa boiketlo ba rōna le polokeho ea ka ho sa feleng—tsena tsohle li fana ka bopaki ba hore re tsamaea ka lebitso la Jehova.

19. (a) Jehova o tšepisitse bohato bofe, hona hobane’ng? (b) Joale re lebelletse ho phethahatsoa ha thapelo efe?

19 Ka sebele, ba hlileng ba tsamaeang ka lebitso la Jehova e le kannete ba emetse ka cheseho nako ea ha Molimo o tla nka bohato lithahasellong tse molemo ka ho fetisisa tsa barati bohle ba ho loka le ho nka bohato ka ba silafatsang lebitso la hae. (Ezek. 20:9; 39:7) Ka sebele, barati ba Jehova ba lebelletse ho phethahatsoa ha Thapelo ea Mohlala e rutiloeng ke Jesu Kreste, a re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatseng, joale ka ha e etsoa leholimong.” (Matt. 6:9, 10) Ho feta moo, batho ba tsamaeang ka lebitso la Jehova ba boetse ba lebelletse letsatsi leo ka lona e mong le e mong ea phelang a tla hlonepha lebitso le halalelang la Molimo.

TOKELO E HLOLLANG

20. Ha ho bapisoa le balumeli ba Bojakane, batho ba Jehova ‘ba tsamaea joang ka lebitso la hae’?

20 Boikarabelo bo boholo bo lutse ho ba tsamaeang ka lebitso la Jehova. Ho tsamaea ka lebitso la hae ho etsa hore e be habohlokoa hore re be ba ineetseng ho eena re sa itšiele letho. Ho hloka ho phela tumellanong le lebitso la Molimo, ho ba baemeli ba ntho eohle e emeloang ke lebitso la Jehova. E, ho bolela ho emela lebitso la bomolimo ka pel’a lefatše lohle ka mokhoa o nepahetseng. Ka ho totobetseng, ho tsamaea ka lebitso la Jehova ha ho lumelle ho nyelisa lebitso leo, ho le loantša, ho le ntša ka liphetolelong tsa Bibele le ho leka ho pata lebitso leo, joalokaha balumeli ba Bojakane ba ’nile ba etsa kapa ba leka ho etsa. Ho e-na le hoo, ho tsamaea ka lebitso la Molimo oa rōna ho bolela ho hlonepha lebitso Jehova, ho le loanela moeeng, ho nea lebitso leo le halalelang sebaka se le loketseng Mangolong a Halalelang le ho bolela lebitso leo le halalelang ka sebete.—Pes. 9:1, 2.

21, 22. Ke bo-mang feela ba emelang lebitso la bomolimo kajeno, hona tokelo ea bona e khethehileng ke efe pel’a batho?

21 Jehova Molimo o ne a e-na le batho ba lebitso la hae lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng. Barutuoa bao ba tlotsitsoeng ba Jesu Kreste ba ile ba phahamisa lebitso le borena ba Jehova. Ka ho loketseng, lekhotleng la baapostola le baholo Jerusalema hoo e ka bang ka 49 C.E., morutuoa Jakobo o ile a bolela hore: “Banna ba heso, ’mameleng. Simone [moapostola Petrose] o le phetetse kamoo Molimo o qalileng ho etela lichaba hore o ikhethele har’a tsona sechaba se khethetsoeng lebitso la oona.” (Lik. 15:13, 14) Ka ho tšoanang, Jehova o na le batho ba lebitso la hae kajeno. Hase litho tsa litumelo tsa Bojakane, empa ba bōpa masala a balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu. Ba ikopantseng le masala ana ke “bongata bo boholo” bo nang le tšepo ea bophelo bo sa feleng mona lefatšeng. (Joh. 10:14-16; Tšen. 7:4-9) Har’a lihlopha tsohle tsa bolumeli tse fumanoang hona joale lefatšeng, lipaki tsena tsa Jehova ke tsona feela tse emelang lebitso le halalelang.

22 Ea bona ke tokelo e hlollang le boemo ka pel’a lefatše lohle la batho. Lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., ka moprofeta Esaia, Jehova Molimo o ile a qholotsa melimo eohle ea lichaba hore e hlahise lipaki tsa eona, e le hore tsena li ka paka bomolimo ba melimo eo. Melimo eo eohle ea bohata ea hloleha ho hlahisa lipaki. Empa hlokomela seo Molimo oa ’nete o ileng oa se bolela ka batho ba lebitso la oona: “Ke lona lipaki tsa ka, ho bolela Jehova, le eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng.” (Esa. 43:8-10) Kajeno Lipaki tsa Jehova ka thabo li jere lebitso le halalelang. Li ho nka e le tokelo e kholo ho emela Morena oa Bokahohle le ho mo tloaetsa batho, li paka ka Molimo ona oa ’nete le merero ea oona. Ha ho bapisoa le tokelo ena e babatsehang, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e fetoha ea bohlokoa bo lekanyelitsoeng.

HO PAKA KA SEBETE

23. Ho tsamaeeng le Molimo, Henoke o ile a etsa joang, ’me a fumana lehlohonolo lefe?

23 Hangata ho hlokahala sebete se seholo hore motho a tsamaee ka lebitso la Jehova e le paki ea hae. Empa ho etsa joalo ho felella ka mahlohonolo a enneng. Ka mohlala, ‘Henoke o ’nile a tsamaea le Molimo oa ’nete,’ ka sebete a bolela molaetsa o matla. (Gen. 5:24) Henoke o itse: “Bonang, Morena o tlile le bahalaleli ba hae ba likete-kete ho etsa kahlolo holim’a bohle, le ho khalemela banyefoli bohle ka baka la liketso tsohle tsa bonyefoli, tseo ba sitiloeng ka tsona, le la lipolelo tsohle tse thata, tseo baetsalibe bao ba banyefoli ba li buileng holim’a hae.” (Juda 14, 15) Jehova a ‘nka’ paki eo e sebete, a khutsufatsa bophelo ba hae ’me ka hoo a sitisa bahanyetsi ba hae hore ba se mo bolaee. O ile a ‘fallisoa’ e le hore ka ho bonahalang a se ke a utloa litsenene tsa lefu.—Ba-Heb. 11:5; bapisa Johanne 3:13.

24. Botšepehi ba Noe bo ile ba hlohonolofatsoa joang le hobane’ng?

24 Noe le eena ‘a tsamaea le Molimo oa ’nete.’ Monna enoa ea tšepahalang a paka ka morero oa Molimo oa ho timetsa ba khopo moroallong oa lefatše lohle. Noe o ile a putsetsoa botšepehi ba hae, ka sebele, hobane bo ile ba fella ka hore eena le ba bang ba supileng ba pholosoe moroallong oa lefatše lohle.—Gen. 6:9; 7:6, 7; 8:16; 2 Pet. 2:5.

25. Lipaki tsa Jehova li bolela molaetsa oa mofuta ofe kajeno?

25 Banna bao ba bile har’a lipaki tsa pele tsa Jehova. (Ba-Heb. 11:4-7; 12:1) Ba ne ba sa tšabe ho hlonepha lebitso le halalelang le ho le tsebahatsa hole le haufi. Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste tsa kajeno li na le boikutlo bo joalo. Ntle ho tšabo, li bolela molaetsa oa Molimo oa kahlolo. Empa hape li bolela ‘litaba tse molemo’ tsa taolo e ncha ea ho loka e haufi. Li labalabela phethahatso e feletseng ea pallo ea Jehova ea ho tlisa “maholimo a macha le lefatše le lecha” moo ho loka ho tla ikahela teng. (2 Pet. 3:8-13) Ke thabo e kakang e tla busa he! Ho ke ke ha hlola ho etsahala hore e mong le e mong a tsamaee ka lebitso la molimo o mong. Ho e-na le hoo, pōpo eohle e bohlale e tla tsamaea ka lebitso la Jehova Molimo ka ho sa feleng.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela