Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 9/15 maq. 23-24
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsoho ea Jesu—Kamoo e re Amang Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • ‘Rea Tseba Hore ba Tla Tsoha Mohla Tsoho’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Tsoho ea Bafu Ke’ng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Tšepo ea Sebele ka Baratuoa ba Hao ba Shoeleng
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 9/15 maq. 23-24

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

● Ha kamoso Molimo o tsosa batho lefatšeng, na ba tla be ba le lilemong le ponahalong e tšoanang le kamoo ba neng ba le kateng pele?

Mangolo ha a bue ka mokhoa o tobileng ka sena, empa ho nahana le litšupiso tse itseng tsa Bibele li fana ka tlhahiso ea hore ho tla ba joalo.

Mabapi le tsoho ea moea, Bibele e sebelisa papiso ea lipeo tsa lijalo ’me e re: “Molimo ke oona o e neang ’mele kamoo o ratang.” E, o fana ka se loketseng le se hlokoang. (1 Ba-Kor. 15:35-44) Re ka lebella ho joalo le ka tsoho ea lefatšeng.

Litlaleho tsa Bibele tsa litsoho mehleng e fetileng ha li fane ka hore batho ba tsositsoeng ba ne ba bonahala e le ba fetohileng lilemong kapa ponahalong. Ha moshemane oa Shuneme a shoa ’me a tsosoa ke Elisha, o ile a khutla a ntse a le lilemong le ponahalo tseo a neng a e-na le tsona lefung (2 Mar. 4:32-37) Hape nahana ka ho tsosa ha Jesu Lazaro, ea neng a e-na le matsatsi a mane a shoele le eo ’mele oa hae o neng o qalile ho bola. Na Lazaro o ile a khutlela bophelong a se a fetohile haholo ponahalong kapa ka likarolo tsa nama ea hae li tlohile ke ho bola? Che. O ile a shebahala joaloka pele. Hoja a se ke a etsa joalo, lira tsa bolumeli ka sebele li ne li tla sebelisa lebaka leo ho nyelisa Jesu.—Joh. 11:32-47.

Ho feta moo, rea tseba hore Jehova ke Molimo oa taolo, mosa le mohau. Hona ho hanana le monahano oa hore o tla khutlisetsa motho bophelong a haelloa ke setho se seng kapa a tsoile litšobotsi ka ho fetisisang ka lebaka la boemo ba ho qetela ba lefu le bolaeang. (Jak. 1:17; Luka 11:13) Hona koana, ha ho hloke hore motho a khutle ‘eka ke hona a qalang bophelo.’ Haeba motho a ile a shoa a bolaoa ke pelo a le lilemo li 75, ho tla be ho hana eng hore Molimo o mo tsose ka ’mele o lekanang le oo, empa o e-na le pelo e tla pompa e sa khaotse? Joale etlere ha matla a ho phekola a litokisetso tsa Jehova, ho kopanyelletsa le molemo oa sehlabelo sa Jesu, a sebelisoa, motho a ka tsoela pele ho ea phethehong.—Tšen. 22:1, 2, 17.

Empa ha se ho nang le bohlokoa bo putsang kapa ho bohlale ho phehella lipotso tse buang ka boemo ba ba tsosoang. Molimo o ka be o ’nile oa kopanyelletsa boitsebiso bo qaqileng ka Bibeleng ka seo o tla se etsa. ’Nete ea hore Jehova ha a ka a etsa joalo e supa hore ha a talime boitsebiso bona e le ba bohlokoa bakeng sa rona hona joale. O fetse a ngola ka Bibeleng litlaleho tse ’maloa tsa litsoho tse ileng tsa etsoa ka matla a hae. ’Me ka Mangolo a bea tiiso tsa hore ho tla ba teng “tsoho ea bafu . . . ea ba lokileng le ea ba sa lokang.” (Lik. 24:15; Joh. 5:28, 29) Eaba joale o tlohella ho rona hore re holise tumelo lentsoeng la hae le lipallong tsa hae. Re ka tiisa hore haeba re lumela ’me ka hoo re pholoha ho kena Taolong e Ncha, Molimo o tla bona hore ho ke ke ha e-ba teng mathata a ke keng a hloloa mabapi le tsoho. Re tla ba le thabo ea ho amohela, ho tseba le ho thusa ba tsosoang har’a bafu.

● Genese 3:22 e fana ka maikutlo a hore ba bang leholimong ntle ho Jehova ba ne ba e-na le tsebo e khethehileng ea botle le bobe. Na ho joalo?

Ho bonahala eka, hase Jehova feela, empa le Mora oa hae ea tsoetsoeng a le mong o ne a e-na le tsebo ea botle le bobe ka kutloisiso e boletsoeng ho Genese.

Hoba Adama le Eva ba etse sebe Jehova o ile a ba lihela kahlolo. Eaba Molimo o re: “Bonang, motho o fetohile a be joale ka e mong oa rōna, o tseba botle le bobe; ’me joale, a se ka a isa letsoho la hae, a nka le litholoana tsa sefate sa bophelo, a li ja, ’me a phela ka mehla.”—Gen. 3:22.

Batho ba babeli ba pele ba ne ba sa amohuoa tsebo ea botle le bobe. Molimo o ne o ba boleletse hore ho tla ba hobe kapa e be phoso hore ba je tholoana ea sefate se seng se boletsoeng ka lebitso; ho fapana le hoo, ho mamela Molimo ho ne ho le hotle. (Gen. 2:16, 17) Kahoo “tsebo” e khethehileng e suptjoang ke “sefate sa ho tseba botle le bobe” e ne e ama ho itherela hore na se setle le se sebe ke eng. Ka sena, Moprofesa T. J. Conant o ngolile: “Ka ho hlokomoloha molao o halalelang, le ka ho iketsetsa qeto le ho ikela ka thato ea hae, motho a ikhethela hore a itsebele ka boeena se setle le se sebe.” E, Adama le Eva ba ile ba hana boikemisetso ba Molimo ’me ba ikhethela ho ipeela melao eo e leng ea bona ka se setle le se sebe hore na ke sefe.

Joale ho thoe’ng ka polelo ea Molimo e reng, “motho o fetohile a be joale ka e mong oa rōna, o tseba botle le bobe”?

Ba bang ba ’nile ba nahana hore mona Molimo o ne o sebelisa bongata ba bophahamo, joaloka morena oa motho a ka ’na a re “Re masoabi” ha a itšupa eena ka boeena. Leha ho le joalo, ho sa le teng monyetla o mong oo ho bonahalang o tšehetsoa ke Mangolo ka matla.

Ho Genese 1:26 (NW) Jehova o itse: ‘A re etse motho ka setšoantšo sa rōna.’ Mangolo a supa qeto ea hore Molimo mona o ne o buisana le Mora oa oona ea tsoetsoeng a le mong, eo hamorao a ileng a tla lefatšeng e le Jesu. Enoa, Lentsoe, ke e moholo ea neng a sebelisoa ke Molimo linthong tse ling tsohle tse ileng tsa etsoa. (Joh. 1:1, 3; Ba-Kol. 1:15, 16; Liprov. 8:22-31) Ho tšoana ha polelo ho Genese 3:22 ho fana ka maikutlo a hore Jehova o ne a boetse a buisana le ea haufi-ufi le eena Mora oa hae ea tsoetsoeng a le mong.

Haeba ho joalo, ho tla supa hore Lentsoe le ne le se le e-na le “tsebo ea botle le bobe.” Phihlelong ea hae ea nako e telele le e atamelaneng haholo le Jehova, Mora ka sebele o ile a ithuta hantle monahano, metheo le melao ea Ntate oa hae. A kholisehile ka ho tloaelana ha Mora oa hae le botšepehi ba hae ho tsena, Jehova o ne a ka ’na a mo nea bophahamo bo itseng, le ho sebetseng litaba ntle ho hore a ka buisana le Ntate ka ho toba ka nako e ’ngoe le e ’ngoe. Kahoo Mora ho tla fihlela mona o ne a tla tseba ’me a be a be le matla a ho rera se setle le se sebe. Leha ho le joalo, o ne a tla be a sa bee molao o loantšanang le oa Jehova.

Ho Adama le Eva, ho tseba ha bona botle le bobe ho ne ho ama ho tlōla molao oa Jehova le ho hana litekanyetso tsa hae. Ka baka lena ba ne ba lokeloa ke ho shoa ’me ba ahloleloa joalo.

Ho New World Translation le liphetolelo tse ling, Genese 3:22 e fella ka mola o entsoeng motero. Hona ho bontša hōre Molimo ha o-oa ka oa etsa hore ho ngoloe polelo ea hore na ho etsoe joang. Ho e-na le hoo, mantsoe a hae a felella ’me temana e latelang e hlalosa ketso ka boeona; a lelekela Adama le Eva ka ntle ho tšimo. Kahoo tekanyetso ea bona ea botle le bobe e itheretsoeng e ne e sa tšoane le ea Jehova le Mora oa hae. Ho e-na le hoo, ke e ileng ea ba isa masoabing.—Jer. 10:23.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela