Mosali ea Khabane o Bontša ho Nahanela ha Hae
1, 2. (a) Ke liketsahalo life tsa tšoantšiso tsa lekholong la bohlano la lilemo B.C.E. tseo re tlohang re nahana ka tsona, hona li ngotsoe hokae? (b) Assueruse e ne e le mang? (c) Ke hobane’ng ha ho kenella nakong e fetileng hona e le ho putsang?
O NE o eme moo motseng oa Susane (Susa). Mohaho e ne e le ntlo e babatsehang ea borena! E hahiloe ke bo-mang? Mohlomong ke Morena oa Mopersia Dariuse I le mora oa hae Xerxese I. Thepa ea ho khabisa mohaho e ne e latiloe libakeng tse hole. Ka mohlala, mongolo oa Dariuse o supa hore lifate tsa kedare li ne li latiloe Lebanone, gauda e tsoa Sardise le Bactria, silevera le koporo li tsoa Egepeta, manaka a tlou oona a tsoa linaheng tse kang Ethiopia le India.
2 Kajeno ho saletse masupi a sa reng letho feela a ntlo eo e kileng ea tsoteha ea borena. Empa ka buka ea Bibele ea Esthere, ntle ho pelaelo e ngotsoeng ke Moheberu ea ineetseng Mordekai, re ka “etela” bolulong boo ba borena nakong e qalang ea lekholo la bohlano la Memo Pele ho Mehla e Tloaelehileng. Re ka phelisa liketsahalo tsa tšoantšiso tse etsahetseng ka nako ea Memo tse leshome (ho tloha hoo e ka bang ka 484 ho ea ho 474 B.C.E.) ha batho ba Molimo ba ne ba talimane le ho timetsoa ’Musong oa Persia kaofela ha oona. Hoo e ne e le mehleng ea Assueruse (ka ho totobetseng Xerxese I). Ho kenella ha rōna nakong eo e leng khale e fetile e tla ba ho putsang haholo, hobane litlaleho tse joalo tsa Bibele li ile tsa ngolloa ho re ruta ka batho ba borapeli, ‘hore ka ho mamella le ka ho tšelisoa ke se ka Mangolong re ka ba le tšepo.’—Ba-Roma 15:4.
HO SE NAHANELE HO ISA KEISONG
3-5. Susane motse oa moreneng ke eng, ke seboka sa mofuta ofe se tšoareloang moo ka selemo sa boraro sa ho busa ha Morena Assueruse?
3 Morena oa Persia Assueruse, eo ’muso oa hae o neng o nka linaha tse 127 ho tloha India ho ea fihla Ethiopia, o lutse teroneng bolulong ba hae ba nakoana Susane tlung ea borena, letoto la mehaho ea borena le lika-likelitsoeng ka qhobosheane. Joale ke selemo sa boraro sa ho busa ha hae ’me o epile pitso ea marenana a hae, bahlanka, banna ba ntoa le marena. Seboka se nka matsatsi a 180, mohlomong e le ho fumanela basebeletsi ba bangata bolulo bao litšoanelo tsa bona li ba thibelang hore ba ka ba teng ka nako e le ’ngoe. (Mohlomong ho ne ho ameha morero oa ntoa, hobane mongoli oa lipale oa Mogerike Herodotus o tlaleha hore ka selemo sa boraro sa puso ea Morena Xerxese o ile a epa pitso ea ho lokisetsa ntoa le Greece.)—Esthere 1:1-4.
4 Ha a koala seboka sena sa bohlokoa, morena o etsa mokete oa matsatsi a supileng bakeng sa batho bohle ba meahong ea borena Susane. Mokete ona o tšoareloa mabaleng a lirapa tsa ntlo ea borena. Ak’u qamake sebaka se pota-potileng! Mekhabiso e akarelletsa line e tšoeu, sei, purepera, e fanyehiloeng ka likhole tsa line le tsa sekareleta maseleng a silevera le litšiea tsa marmore e tšoeu. Mona ho teng lipilara tsa majoe le litulo tsa gauda le silvera litseleng tsa pofire, ’mabole, perela le majoe a matšo.—Esthere 1:5, 6.
5 Moketeng ona veine e nooa ka mehopo ea gauda ea mefuta e sa tšoaneng. Mapersia a tsebisahala ka ho noa ha oona. Empa mokhoa oa ho tlamella bamemuoa hore ba noe ka tekanyo e itseng ha o lateloe moketeng ona.—Esthere 1:7, 8.
6. Vasthi ke mosali oa mofuta ofe, ’me hona ho totobala joang?
6 Kae-kae mehahong ea borena, Mofumahali Vasthi oa Mopersia o etselitse basali mokete. Joale ke letsatsi la bosupa la mokete oa morena ’me pelo ea hae e thabile haholo ke veine. O bolella matona a supileng a lekhotla hore a tlise mofumahali ea motle Vasthi ka pel’a hae le baeti ba hae. Empa, ho etsahala’ng? Mofumahali o hana ho mamela lentsoe la morena. A halefile, Assueruse o batla keletso ea mahosana a haufi le eena haholo a supileng, lekhotla la banna ba bohlale ba rutehileng haholo litabeng tsa molao. “Ka melao e leng teng,” morena a botsa, “e ka khona mofumahali Vasthi a etsoe joang?” Mosali enoa ea sa nahaneleng o molato oa boikhohomoso!—Esthere 1:9-15.
7, 8. (a) Vasthi o sitetsoe mang, ’me tsela ea hae e isa hokae? (b) U nahana hore re ka ithuta eng boitšoarong ba Vasthi?
7 Mamela! E le ’muelli e moholo oa mahosana a supileng, Memukane o fihlela qeto ea hore Vasthi ha a siteloa morena feela, empa le mahosana le batho ba ’muso ’ohle. Boitšoaro ba hae bo tla tsebahala ’me basali bohle, le tsona likhosatsana, ba tla nyelisa banna ba bona. Kahoo, Memukane o fana ka maikutlo a hore, morena a laele hore Vasthi a se ke a tla ka pel’a morena le hore seriti sa hae sa borena se neoe mosali ea molemo ho mo feta. Joale basali bohle ba nyetsoeng ba tla hlonepha banna ba bona.—Esthere 1:16-20.
8 Khothalletso ena e khahlisa Assueruse. Kapele ho tsamaisoa mangolo a eang literekeng tsohle tse busoang, ho lichaba tsohle se seng le se seng ka puo ea sona. Joale o ngotsoe e le o mong har’a melao e sa fetoheng ea Bamede le Bapersia, molao ona o laela hore “monna ka mong e be hloho tlung ea hae.” (Esthere 1:21, 22) Boikhohomoso ba Vasthi le ho se nahanele li mo amohile moqhaka oa borena. Li entse hore a nyelisehe.
MOSALI OA MOIKOKOBETSI O FUMANA MOHAU
9. Mofumahali o tla khethoa joang hore a nke sebaka sa Vasthi?
9 Ho feta nakoana pele bohale ba Assueruse bo kokobela. Joale, tumellanong le likhothalletso tsa matona a morena, baromuoa ba khethiloeng ba batla baroetsana ba batle literekeng tsohle tse busoang ke Persia. Baroetsana bana ba tlisoa Susane meahong ea borena ’me ba beoa kalosong ea leqhalaha Hegai. Baroetsana ba khethiloeng ba tšoanela ho neoa litlolo, ’me, qetellong, moroetsana eo e leng eena ea tla khahla Assueruse haholo o tla etsoa mofumahali bakeng sa Vasthi. (Ho feta lilemo tse ’ne pakeng tsa ho theoloa ha Vasthi le ho khethoa ha ea nkang sebaka sa hae, tieho mohlomong e tsoaloa ke bosieo ba morena ha a ntse a tsamaisa ntoa khahlanong le Bagerike.)—Esthere 2:1-4, 16, 17.
10. (a) Mordekai ke mang? (b) Esthere ke mang?
10 Ea hlileng a thahaselletseng haholo patlong ena ea mofumahali e mocha ke mohlanka oa morena Mordekai. Mojode enoa ea ineetseng oa leloko la Benjamine ke ngoana ea tsoang ho e mong ea bitsoang Kishe, eo morena oa Babylonia Nebukadnezare a ileng a mo isa kholehong a tsoa Jerusalema hammoho le Morena Jekonia le ba bang (ka 617 B.C.E.) Nakoaneng e fetileng, Mordekai e bile moholisi oa khutsana ea Mojode ea ngoanana Hadassa, eo lebitso la hae le bolelang “myrtle.” Ho feta moo a tsejoa e le Esthere (e bolelang “myrtle e ncha”), ke morali oa mofu malome oa Mordekai Abihaile. Joale e se e le moroetsana e motle hakaakang! E, “o ne a le motle, a boheha.” Ha ho makatse hore ebe, ha ho batloa ea neng a tla koala sekheo sa Vasthi, Esthere o ne a lokela ho ba har’a baroetsana ba ileng ba bokelloa Susane moreneng ’me a beoa kalosong ea Hegai.—Esthere 2:5-8, 15.
11. Hegai o tšoara Esthere joang, ’me, tumellanong le litaelo tsa Mordekai, ha a senole ’nete efe?
11 Esthere o khahla Hegai, ea potlakelang ho mo nea litlolo tse laetsoeng le lijo tse tšoanelehang. Ha e le hantle, o khetheloa baroetsana ba supileng ba tla mo sebeletsa sebakeng se setle ka ho fetisisa tlung ea basali. Esthere ha a senole hore ke Mojode, kahoo a lumellana le litaelo tsa motsoal’ae e moholo Mordekai. Ka likhoeli tse tšeletseng, baroetsana ba khethiloeng ba fumana litlolo le oli ea myrrha, ho latela likhoeli tse tšeletseng tsa ho tlola oli ea balsamo. Joale moroetsana e mong le e mong o kena ka ho Assueruse, kamorao ho moo “o na a khutlela tlung ea bobeli ea basali” e taolong ea Shaashgaze, tona ea lirethe tsa morena.—Esthere 2:9-14.
12. Esthere o na le litšobotsi life, Assueruse o mo talima joang, hona ka phello efe?
12 Esthere o-oa nahanela, ha a ea itšetleha ka mokhabo oa boikhantšo, ’me kahoo ha a kōpe letho le sa boleloang ke Hegai. Ka nako ena eohle, o ntse a ratoa ke e mong le e mong ea mo bonang. Joale ke Tebethe (Tšitoe-Pherekhong), khoeling ea leshome selemong sa bosupa sa Assueruse. Boikutlo boa phahama ha Esthere a kengoa ka ho morena. Na o tla khahla morena? Morena a khahloa ruri! Morena oa Persia a rata Esthere haholo ho feta baroetsana ba bang bohle ’me o mo etsa mofumahali sebakeng sa Vasthi. Bakeng sa mahosana ’ohle a hae le bahlanka morena o etsa mokete, “mokete oa Esthere.” Ho feta moo, o fana ka taelo ea topollo literekeng tsohle (mohlomong ho fokotsoa ha lekhetho, ho lokolloa tšebeletsong ea sesole kapa chankaneng, kapa mohlomong li etsoa ka bobeli). Assueruse o fana ka limpho tseo letlotlo la morena e leng lona feela le ka li fumanang. Ke nako ea thabo e kaakang!—Esthere 2:15-18.
13. (a) Mokhabo o ka sehloohong oa Esthere e ne e le ofe? (b) Basali ba lekholong la lilemo la bo20 ba ka fumana molemo joang ka ho nahana ka boitsoaro ba Vasthi le Esthere?
13 Mosali ea ikokobelitseng kannete o fumane mohau. Le hoja joale Esthere a lutse e le mofumahali oa Persia, o tsamaisana le litaelo tsa Mordekai. (Esthere 2:19, 20) Ha re hetla morao, re ka ’na ra bona Esthere e le mosali ea motle haholo a apere liaparo tsa borena. Empa ‘mokhabo o moholo oa hae e ne e le motho oa ka sephiring e leng oa pelo ea sa boleng le moea o khutsitseng le o bonolo, e leng oa bohlokoa haholo mahlong a Molimo.’ (1 Pet. 3:3, 4) Basali ba Bakreste ba lekholong la mashome a mabeli la lilemo ba na le lebaka le letle la ho qoba ho se nahanele ho ileng ha theola Vasthi ’me ba etsise litšoaneleho tsa boikokobetso le ho nahanela tsa Esthere oa bomolimo.
14. Ke hobane’ng ha Mordekai ka ho khethehileng a ne a tla thabela ha Esthere e e-ba mofumahali?
14 Hape hoa hlokomeleha hore ha Esthere a etsoa mofumahali, thabo e bile khōlō, eo ho eona Mordekai, motsoal’ae e moholo, a ileng a kopanela ho eona ka pelo eohle. O lokela a be a ile a ikutloa hore hona ho tla qetella ho sebelelitse molemo oa Bajode bohle ba linaheng tse busoang ke Persia.
OA TŠEPAHALA, EMPA HA A SEKISETSE
15. Mordekai o tlaleha bolotsana bofe, ’me ho etsahala joang ka baeki?
15 Esthere o ’nile a kopana le Mordekai ’me a latela litaelo tsa hae. Ha a lutse monyakong oa morena, matona a lekhotla la morena Bigthane le Tereshe (bao ka moo ho bonahalang ba neng ba lebela monyako oa ntlo e ka hare ea morena ea boikhutso) ba tlala mona ’me ba batla hore ba ise Assueruse letsoho. Ha a utloela ka bolotsana bona, Mordekai a potlakela ho bolella Esthere, ’me Esthere o bua le Morena ka lebitso la Mordekai. Lipolelo tsa Esthere li etsa hore ho etsoe lipatlisiso. Eaba baeki ba babeli ba bolaoa kapele ’me litopo tsa bona tsa pepesoa pontšeng holim’a sefate kapa palo ka baka la bonokoane ba bona boo e bileng ho siteloa morena. Le hoja ka nako eo Mordekai a sa putsoe ka letho, ketso ea hae ea botšepehi e ngoloa bukeng ea liketsahalo tsa nakong eo.—Esthere 2:21-23.
16, 17. (a) Hamane ke mang? (b) Ke hobane’ng ha Mordekai a hanana le ho khumamela Hamane?
16 Le hoja Mordekai a tšepahala ’me a hlonepha boholo ba ’muso, ha a sekisetse. Nako e-ea feta, ka lebaka le itseng Assueruse o khetha morui e mong ea itseng ea bitsoang Hamane hore e be tona-kholo. Hape, ka taelo ea borena bahlanka bohle ba morena ba monyako oa matlo a borena ba khumamela le ho hlonepha Hamane. Empa ak’u shebe Mordekai! O phehella ho hana ho khumamela tona-kholo e khethiloeng bocha. Hamane o tlala khalefo ke sena.—Esthere 3:1-5.
17 Ke hobane’ng ha Mordekai a nkile boemo bo tiileng hakaalo? Hamane ke Moagage, mohlomong Moamaleke oa borena. Jehova o ne a laetse hore Baamaleke ba felisoe kaha ba ile ba bontša hore ba hloile Molimo le batho ba oona ka ho loantša Baiseraele lefeelleng. (Ex. 17:8, 14-16; Deut. 25:17-19; 1 Sam. 15:1-33) Kahoo, Mordekai oa morapeli ka tieo a hana ho khumamela Hamane. Ho khumama ho ne ho sa tl’o bontša hlonepho feela empa khotso ’me mohlomong le ho lumela puso ea Moamaleke enoa. Mordekai o hana ho sekisetsa kaha hona ke taba ea ho tšepahala ho Molimo.
18. Hamane ea halefileng o rera ho etsa Mordekai joang me Bajode bohle ’Musong oa Persia kaofela?
18 Hamane ea halefileng o batla ho felisa Mordekai le batho bahabo, Bajode ’musong ’ohle. Ho isa moo, ka Nisane, khoeling ea pele ea selemo sa Assueruse sa bo12, Moagage oa moikhohomosi o ea bonoheng. O laela hore “ho laoloe Pure, ke ho re, lotho” ke e mong mohlomong molepi oa linaleli. Hona ho etsoa ho lekanyetsa letsatsi le loketseng haholo ho felisa batho ba Jehova.—Esthere 3:6, 7.
19, 20. Hamane o reng ho Assueruse ka leshano ka Bajode, ’me ho etsoa joang?
19 Ha joale a bua le Morena Assueruse, Hamane ka bohata o bolela hore Bajode ha ba ratehe, ke batlōli ba molao. Ha a phaella boipiletso ba moruo, Moagage o re: “Ho ke ho ngoloe taelo ea ho ba timetsa, ’me ke tla lekanyetsa ba tšoereng mosebetsi oo litalenta tsa silevera tse kete li leshome [limillione tsa liranta], ba tle ba li kenye bobolokelong ba morena.”—Esthere 3:8, 9.
20 Na Assueruse o kholoa liqoso tsa bohata? A li kholoa! A rola lesale la hae la tiiso, le sebelisetsoang ho tiisa mangolo a molao, morena o le nea Hamane. “Chelete tseo li neiloe uena, u neiloe le sechaba seo, u tle u etse ka sona kamoo u ratang,” ke morena oa Persia ea bolelang joalo. Kapele, tlas’a taelo ea Hamane, bangoli ba borena ba ngola mangolo a nang le taelo ea ho timetsoa ha Bajode. Moo, Moagage ea khopo o sebelisa lesale la tiiso le nang le setšoantšo se hlakileng sa morena. Hamane o hatisa lesale lena mangolong ana e le ho a pakela hore ke a ’nete.—Esthere 3:10-12.
21. Ka taelo ea borena, ho tla etsahala joang ka Bajode ka la 13 ho Adare selemong sa bo12 sa puso ea Assueruse?
21 Kapele mangolo a matsohong a lititimi tse palamang lipere tse lebelo tsa poso. Taelo, e hatisitsoeng ka lipuo tse sa tšoaneng ’me e isoa ’musong ’ohle, e lumella hore ho tlatlapuoe thepa le ho felisa Bajode. Neng? Ka letsatsi la la 13 khoeling ea mariha ea Adare (Tlhakola-Tlhakubele). Ka ho utloahalang, he, ha Assueruse le Hamane ba sa lutse ba e-noa, mofere-fere o ba teng motseng oa Susane, moo Bajode ba leng bangata teng.—Esthere 3:13-15; 9:18.
NAKO EA SEBETE
22. Mordekai le Bajode ba bang ba etsa joang ha ba utloela ka leano la timetso?
22 Ha Mordekai a tsebisoa ka leqheka la ho felisoa, a hahola liaparo tsa hae, a apara masela a mahoashe le molora e le tšoantšetso ea ho siama, joale o hoa ka lentsoe le phahameng le bohloko. Ka ho tšoanang, bohaufi ba tlokotsi bo tsosa ho siama ho hoholo har’a Bajode literekeng tsohle. Leha ho le joalo, ho itingoa lijo—’me ka ho tiileng lithapelo tse ngata li nyolohela ho Jehova Molimo.—Esthere 4:1-3.
23. Mordekai o laela Esthere hore a etse joang, empa ho ka ’na ha etsahala joang haeba a kena ho morena a sa bitsoa?
23 Esthere, le eena, o bohloko haholo. O romela Mordekai liaparo tseo a tla li apara bakeng sa lesela la hae le mahoashe, empa ha a li amohele. Ha a arabela patlisiso, o romela mofumahali kopi ea molao o tsoa ntšoa ’me o mo laela hore a ee ka pel’a morena ho kōpa mohau bakeng sa batho bahabo. Esthere o arabela ka hore’ng? “Bahlanka bohle ba morena le sechaba sa linaha tsa morena, ba tseba hoba motho, kapa e leng monna, kapa e leng mosali, ha a ka kena ho morena lebaleng le kahare a sa bitsoa, molao o teng o sa fetoheng o laelang hore a bolaoe, ha e se ha morena a ka mo nanabelletsa lere la hae la gauda, a tle a phele; athe ’na ha ke e-so ho bitsoe hore ke kene ho morena e se e le tšiu tse mashome a mararo.” (Esthere 4:4-11) E, Esthere o ne a tla shoa ntle le haeba Morena Assueruse a ne a ka ananela boteng ba hae ka ho mo nanabelletsa lere la hae, lere leo a le tšoarang e le pontšo ea matla a hae a borena. Ruri ho ne ho tla hloka sebete le tumelo ho Jehova hore a ee ka pel’a morena a sa bitsoa.
24. Mordekai o bolela hore o na le tumelo ea eng ka ho tlisoa ha Esthere bophahamong ba borena?
24 Leha ho le joalo, Mordekai a arabela hore: “U se ke ua lekanya pelong ea hao hobane u tla phonyoha leha u le tlung ea morena, ho feta ba-Jode bohle; hobane, leha u ka ikhutsetsa nakong ena, thuso le ho namoleloa li tla hlahela ba-Jode, li e-tsoa hosele; ha e le uena le ntlo ea ntat’ao, le tla timela; ho tseba mang ha ekaba hase ka baka la nako e kang ena u fihlileng bofumahaling?” (Esthere 4:12-14) Mordekai o lumela hore Esthere o tlisitsoe bophahamong ba borena ka nako eona ena bakeng sa morero o khethehileng—ho lopolloa ha batho ba Molimo. Empa na o tla bontša ho nahanela, sebete le tumelo?
25. Ka ho itima lijo, Esthere, Mordekai le Bajode ba Susane ba etsa joang?
25 Ha a arabela, Esthere o phehella Mordekai hore a phuthe Bajode bohle Susane ’me ba itime lijo lebitsong la hae. O re, “le ’na . . . [ke] tla itima lijo joalo, ke ntoo kena ho morena, leha molao o sa lumele; ’me leha nka timela, ke mpe ke timele.” Esthere o haufi le ho senya bophelo boo e leng ba hae, empa mosali enoa ea bohlale o ikemiselitse ho nka bohato ka sebete le ho nahanela lebitsong la batho bahabo. Ke kahoo Esthere, Mordekai le Bajode ba Susane ba kopanyang lithapelo le ho itima lijo le ho talima ho Jehova Molimo hore a ba lopolle.—Esthere 4:15-17.
26. Kajeno, lira tsa batho ba Molimo li ka ’na tsa lumelloa ho etsa joang, empa, ha ho talingoa sena, ho lokela hore ho etsoe joang ke Bakreste ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona e ineetseng?
26 Mehleng ea kajeno, le teng, balateli ba tlotsitsoeng ka moea ba Jesu Kreste, bao e leng Bajode ba moea, le metsoalle ea bona ba tlameha hore ka sebete ba talimane le liteko le lira. (Ba-Roma 2:28, 29) Morena ea busang, Jesu Kreste, a ka ’na a lumella lira tsa batho ba Molimo hore li ee ho fihlela moo boiteko ba tsona bo fellang teng ba ho ba timetsa. Ke habohlokoa hakaakang, he, hore Bakreste ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona e ineetseng ba etse ka sebete, ba rapella bohlale ba bomolimo le ho bontša tumelo e hlōlang! Empa na Jehova o tla tsoela pele ho phahamisa batho ba hae? Ikahlolele e le uena, ha liketsahalo tsa tšoantšetso tsa mehleng ea Esthere li ntse li tsoela pele ho phuthuloha ka pel’a rōna.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
“Leha nka timela, ke mpe ke timele.”—Esthere 4:16.