Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 3/15 maq. 5-8
  • Ra Fumana Tsela ea ’Nete e Isang Leratong, Thabong le Khotsong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ra Fumana Tsela ea ’Nete e Isang Leratong, Thabong le Khotsong
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BOETI HA NTATE OA ROMY
  • THUTO EA BIBELE E-EA QALEHA
  • BOITŠOARO BA METSOALLE
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Bophelo bo Senyehile, Bophelo bo Lahlehile
    Tsoha!—1999
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ntho e Bohloko ho Feta—AIDS
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 3/15 maq. 5-8

Ra Fumana Tsela ea ’Nete e Isang Leratong, Thabong le Khotsong

’NA le mosali oa ka kajeno re ea ho tsamaisa thuto ea Bibele le mocha e mong ea lemaletseng lithethefatsi. Nako le nako ha re mo etela re ipotsa hore na re tla mo fumana a le botebong ba khatello kapa tsielehong. Mohlomong ke seo ba ileng ba ithuta le rona ka 1970 ba neng ba ee ba ipotse sona, hobane ka nako eo re ne re le mahiphi, re phela bophelo bo tšoanang le ba mohlankana enoa.

Le hoja re ne re sa nyalana, Romy le ʼna, hammoho le batho ba bang ba bahlano ba bacha, re ne re phela ntlong e ʼngoe e kholo Rome, Italy. Re ne re batla ho sibolla se boleloang ke bophelo, ho tseba hore na re ka etsa hore batho ba utloisise lerato, khotso le ʼnete joang ka ho batlisisa linthong tse betliloeng, ʼminong, tšoantšisong haesita le litšoantšisong tsa lipampiri. Ntle ho ho sebelisa matekoane le “LSD” re ne re ithutela mokhoa oa ho nahanisisa ka lintho tsa moea tse sa bonahaleng ʼme re ithuta mekhoa ea boloi. Leha ho le joalo, ho e-na le ho rarolla mathata le ho fumana likarabelo tsa lipotso tsa rona, re ne re ferekane ho feta.

Ha re bona hore lintho li senyeha ho ea pele, ra fihlela qeto ea ho tloha har’a batho, motseng o moholo le Tsamaisong. Hammoho le metsoalle ea rona, ra hlophisa leeto le neng le tla re isa Polynesia, moo re neng re tla thabela ho phela haufi le tlhaho, ka matsoho a rona re etsa se hlokahalang hore re phele. E ne e le eona tšepo ea rona ea ho qetela.

Pele re tsamaea, ʼna le Romy re ne re batla ho nyalana hore re khahlise malapa a bo rona, le hoja lenyalo la molao le ne le sa re letho ho rona. Hore ke kopane le batsoali ba kharebe ea ka, ra ea Switzerland ka 1970. Romy o ne a holisitsoe ke ʼmè oa hae. Ntate oa hae o ne a hlalile ʼme a nyala hape, empa joale e ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ho latela litaba tsa Romy, o ne a tla re sulafalletsa bophelo ka Bibele.

BOETI HA NTATE OA ROMY

Hang feela ha re fihla lapeng ha ntate oa hae, ntate oa hae a re bolella hore re ka tsubela ka ntlong e phehelang kapa ka ntle le hore e mong ho rona o tla robala ntlong e ka tlase ʼme e mong ntlong e ka holimo, kaha ha rea nyalana ka molao. Ho tiea ho joalo ha re etsa hore re inahane.

Re ne re hlile re ikemiselitse ho mo supisa hore Bibele ke feela ntlha ea tsoelopele ea moea ʼme ha e rute ho hloeka ha moea ho nolofaletsang motho hore a phele tumellanong le bokahohleng le motho ea tšoanang le eena. Enoa eo e neng e tla ba mohoehali oa ka, leha ho le joalo, a re hlalosetsa hore boiteko bohle ba rona ba ho iphahamisa moeeng bo ne bo hlile bo sebeletsa morero oa Diabolose, le hore nako le nako re mo bulela monyako ha re ineela ka ho teba ho nahanisiseng ka lintho tsa moea tsa mehlolo. Ka ho khahlisang, phihlelo ea rona ka lithethefatsi le boloi e ne e re kholisitse hore Diabolose o fela a le teng, hobane, nakong ea ho nahanisisa ha rona, re ne re hlile re ile ra utloa matla a bobe a kena ka ho rona. Ho ameheng ha rona re ne re ile ra ho buisana le mosuoe oa rona ka hona. A mpa a re bolella ka bonolo feela hore, ho fumana tlhoeko, ho hlokahala hore re be le sebete sa ho feta bobe bo ka ho rona.

Ntate oa Romy a re lemosa ka sebaka se feela se nolofaletsang bademona hore ba tšoare motho. A bala ho Luka 11:24-26: “Moea o litšila ha o tsoile ho motho, o solla mahoatateng, o batla phomolo, empa ha o sa e fumane, o re: ‘Ke tla khutlela tlung ea ka moo ke tsoileng teng.’ Joale ha o fihla, o e fumana e fietsoe, e khabisitsoe, ebe o ea lata meea e meng e supileng, e o fetang ka bokhopo, ʼme e kene, e ahe teng, hoo litaba tsa motho eo tsa morao li bang mpe ho feta tsa pele.” Seo ke neng ke se fihletse ka bonna se ne se mphile leseli la bonnete ba se boleloang ke Bibele.

Kamorao ho puisano ena, ʼna le Romy ra ipea kotsing ea ho bolellana mekhoa ea rona ea lekunutu ea ho nahanisisa. Lentsoe le ne le es’o tsoe melomong ea rona ha e mong le e mong a ikutloa a bata, a sitoa le ho sisinyeha feela. Ho ne ho le teng ntho e qetang ho tsoa ho rona eo, ha e tsoa e halefile, ea re etsa hore re ikutloe ekare re nkuoe ke setsokotsane. Re tšohile ke lipontšo tsena, ra tsosa ntate oa Romy hore a re thuse. Ha a bona kamoo re tšohileng, a re etsetsa thapelo ka potlako ho Jehova. Bosiung boo ra tseba ho robala ka khotso, le hoja re ne re arohane, ho latela kopo ea ntate oa Romy.

THUTO EA BIBELE E-EA QALEHA

Nakoana hoba re khutlele Rome, ra ea ofising ea lekala ea Watch Tower Society ho ea kopa hore na re ka ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Re ntse re rera ho lula re le mahiphi. Empa ka nako eo re ne re noa lithethefatsi seoelo, ka baka la ho tšaba hore re ka ’na ra khathatsoa ke Diabolose.

Kamohelo eo re ileng ra e bontšoa ofising ea lekala le ho tsamaea ha rona le mohaho tsa re khahla haholo. Ha ho ea ileng a re sheba hampe ka moaparo oa rona oa mahiphi, le hoja e ne e le o sisimosang, ha seterateng batho ba ne ba ee ba re hetle le ho re kobisa ka lipuo tse seng monate. Pele re tloha, ra sia aterese ea rona e le hore e mong a ka re etela ho tla ithuta Bibele.

Qalehong, ho ile ha tla batho ba babeli ba bacha ho tla buisana le rona ka Lentsoe la Molimo. Kaha ba ne ba le banyenyane ho rona, Romy o ne a ee a ba tšehe. Hamorao, Paki e hola-holileng le e se nang bosaoana ho feta Lipaki tse peli tse nyenyane ea re etela. Le hoja e ne e sa re fumane hae ka makhetlo a latellanang, ea ʼna ea tla, ea ema nako e telele ʼme e siee molaetsa o lokisetsang ho kopana ka nako e tlang. Ha e-ea ka ea nyahama. Ho tloha leetong la pele feela, Paki ena ea etsa thapelo ʼme ea kopa hore re se ke ra tsuba nakong ea thuto. E ne e atisa ho re memela lijong ha eona, hobane e ne e tseba hore ha re je ka mokhoa o motle.

Ka tieo le ka lerato, a re hlokomelisa ka boikhohomoso ba rona le moea oa boiphahamiso, o bakoang ke maikutlo a likhopolo tsa rona tse fosahetseng. A re kholisa ka bohlokoa ba ho itokolla matleng a moea a khopo. Ho lokolisoa ha Liketso khaolo ea 19 le Deuteronoma 7:25, 26 ha re isa hore butle-butle re felise libuka tse itseng, ho kopanyelletsa tsa boloi, le liaparo tse neng li sebelisoa litšebeletsong.

Leha ho le joalo re ne re ntse re ikutloa eka re tšoasitsoe sefing. Re sa tsebe, mangolo a motsoalle oa mosali oa ka e ne e le mohloli oa khathatso. Lefifing mangolo ana a ne a mo etsetsa boikutlo bo hlakileng ba boteng ba libopuoa tse phahametseng motho tse neng li mo tjamela. Hang feela ha re bonesa, lipontšo tsena tsohle li ne li nyamela. Ka kakaretso, e ne e le ho lekaneng ho bitsa lebitso “Jehova” ka lentsoe le phahamileng. Hang feela ha re ne re kenyelletsa lebitso la Molimo, tšusumetso ea bodemona e ne e tloha, hore e khutle kamorao ho lihora tse seng kae. Hona ho ne ho tsoela pele ho fihlela ha re tabotse mangolo.

Ka bosiu bo bong, ha re ntse re robetse, mosali oa ka a tšoha a se a e-na le maikutlo a hore ke tla mo bolaea. ʼme ka fela ka utloa matla a hanang ho thijoa a fihla matsohong a ka hore ke fele ke etse ketso ena e mpe, khahlanong le thato ea ka. Le hoja ke ile ka hana ka matla aka kaofela, matla ana a ne a nkhanna ka matla. Ke feela ka ho bitsa lebitso la Molimo “Jehova” ke sa khaotse ke bileng le hona ho ithiba. Ho thibela ho hobe ka ho fetisisa, ka bolella mosali oa ka hore a apare kapele le hore a mathele lapeng ha Paki, moholo, ea neng a tseba mathata a rona. Nakoana kamorao ho moo, ka ba le mosali oa ka lapeng ha hae. E ne e le ka hora ea boraro ka meso. A utloisisitse boemo hang, a mamela, a re tiisa le ho re etsetsa thapelo e loketseng, eo kamorao ho eona a ileng a re lumella hore re ka robala tlung ha hae. Hosesane Paki e neng e ithuta le rona ea re felehetsa ho ea lapeng ha rona.

BOITŠOARO BA METSOALLE

Ho sa le joalo re ne re qalile ho bua ka ʼnete ea Bibele ho metsoalle ea rona e neng e sebelisa lithethefatsi. Re ne re e file Bibele le buka ʼNete e isang Bophelong bo Sa Feleng. Empa metsoalle ena ea nthibela ho tsoela pele ka tsela ea Bokreste ea bophelo. Ea ʼna ea nyefola ʼnete le ho ntšoma ha ke batla ho kuta moriri oa ka le ho khaotsa ho noa lithethefatsi. Ha e le ʼna, ke ne ke sitoa ho khaotsa ho nahana ka 2 Ba-Korinthe 6:14-18: “Se sikareng joko e le ʼngoe le ba sa lumelang; hobane kopano ke efe ea ho loka le bokhopo? Kapa leseli le na le kopano efe le lefifi? Kreste o na le selekane sefe le Beliale? Kapa ea lumetseng o na le kabelo efe le ea sa lumelang? Tempele ea Molimo e na le tumellano efe le litšoantšo tse rapeloang? Hobane ke lona le leng tempele ea Molimo o phelang, joale ka ha Molimo o itse: Ke tla ikahela har’a bona, ke itsamaele teng, ʼme ke tla ba Molimo oa bona, ʼme bona e tla ba sechaba sa ka. Ka baka leo, tsoang har’a bona, ʼme le ikhethe, ho rialo Morena; le se ke la ama sesila; ʼme ʼna ke tla le amohela, ʼme ke tla ba ntat’a lona, lona, le be bara ba ka le barali ba ka, ho thualo ke Morena ea matla ’ohle.”

Empa ho khaohana le metsoalle ena ho ne ho se bonolo no ʼna. Ke ne ke hlile ke rata e mong oa metsoalle ea ka ea ileng a nyaroha kaha ke ne ke kutile moriri ʼme ke qalile ho sebetsa ka mehla. Ntho e ʼngoe le e ʼngoe eo ke neng ke e etsa e ne e mo makatsa ka matla. Ka tšoenyeha haholo ke hona. Joale, hamorao, ha ke tsoa sekolong seo ke neng ke sebetsa ho sona, ke ne ke letsa mololi ke bina sethuthuthung sa ka. Ke ne ke thabile haholo. Motsoalle eena eo, a khanna koloi ea hae, a theola fenstere, a makalitsoe ke ho bona thabo ea ka. Thabo ea ka ea mo etsa hore a hlokomele hore lithethefatsi li ne li mo etsa ea soabileng haholo.

Ka lebaka leo, hona mohlang oo, eena, mosali oa hae ea lilemo li 16, le motsoala oa hae ba tla Holong ea ʼMuso. Ba khahliloe ke thabo eo ba e bontšitsoeng le thabo ea ba teng, ba qala ho ithuta Bibele le Paki e neng e ithuta le rona. Le bona ba kolobetsoa ka selemo se le seng le rona. Ra thabela hore, har’a metsoalle ea rona e neng e sebelisa lithethefatsi, e mene hona joale e se e neetse bophelo ba eona ho Jehova.

Har’a Lipaki tsa Jehova re fumane metsoalle e mengata ea ʼnete le lerato la sebele, thabo le khotso. Re ke ke ra lebala mamello e bontšitsoeng ke mosali oa Paki e neng e ithuta Bibele le rona. O ile a ruta Romy ho pheha le ho hlokomela ntlo ea rona ho e boloka e le makhethe e hloekile. Rea mo leboha, mosali oa ka a ka khahlisa Jehova le hona libakeng tsena tsa bophelo ba Bokreste. (Liprov. 31:27) Qetellong, re kopane kannete kamanong ea lenyalo e thabileng.—Tlatselletso

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 6]

Phihlelo ea rona ka lithethefatsi le boloi e ne e re kholisitse hore Diabolose o teng

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 7]

Lenyalo la molao le ne le sa re letho ho rona

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 7]

Feela ka ho bitsa lebitso la Molimo “Jehova” re sa khaotse ke tsebileng ho ithiba

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 8]

Thabo ea ka ea mo etsa hore a hlokomele hore lithethefatsi li mo etsa ea sa thabang haholoanyane

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela