Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 8/15 leq. 10
  • Jehova o Senola Likahlolo Tsa Hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Senola Likahlolo Tsa Hae
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 8/15 leq. 10

Jehova o Senola Likahlolo Tsa Hae

Jehova Molimo ha a tlohele batho ba sa tsebe likahlolo tsa hae. Buka ea Bibele ea Amose e-ea re tsebisa: “Morena Jehova ha a etse letho, a e-so ho senole morero oa hae ho bahlanka ba hae, baprofeta. Tau ea rora; ea sa tl’o tšoha ke mang? Morena Jehova oa bua: ea sa tl’o profeta ke mang?”—Amose 3:7, 8.

Tlhahlobo ea tlaleho ea Bibele e senola hore bahlanka ba Molimo ke bona ba pele ba tsebang seo a hopotseng ho se etsa. Noe e bile oa pele ho tseba hore banyefoli ba tla timetsoa moroallong oa lefatše, Abrahama o ile a bolelloa ka pono ea Jehova ka Sodoma le metse e mathōkong e eona, ’me baprofeta ba Iseraele nako le nako ba ne ba tsebisoa ka se tla etsahala nakong e tlang. Hona ho bea baprofeta boemong ba ho utloahatsa temoso, ba ipiletse ho Baiseraele hore ba furalle litsela tsa bona tse se nang molao.

Ho puruma ha tau ke molumo oa temoso, o kenyang tšabo ho ba o utloang. Ka mokhoa o tšoanang, ha Jehova a bua, a senola likahlolo tsa hae ho baprofeta ba hae, hona ho ne ho etsa hore ba nke bohato. Ba tlameha ho profeta, ho bolela seo ba se tsebisitsoeng.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela