Ho Nyarela ka Litabeng
Bokhukhuni ka Lebitso la Molimo
● Likereke tsa lefatse li ’nile tsa tšehetsa lehlakore le le leng kapa a mabeli likhohlanong tsa sesole. Ka ho tšoanang, Lekhotla la Lefatše la Likereke le sa tsoa nea bohato ba likhukhuni bo tsejoang e le bo kenang liketsong tse sehlōhō le tsa ho bolaea $85 000. London “Daily Express” setšoantšong sa eona sa taba ea mohlophisi e tšoantšitse hona le setšoantšo sa Diabolose ka nyakallo a bua le Molimo ka thelefono, a re: “Lehlakore la ka la ho nka marapo bakeng sa Lefatše le tsoella hantle haholo, ’me Lekhotla la Lefatše la Likereke le tlohile ka lehlakoreng la hao ho tla ho la ka!”
Liketso tse joalo ka lebitso la Bokreste ruri li tlisetsa Molimo le Kreste thohako, joalokaha ho boetse ho hlokometsoe ke Los Angeles “Herald Examiner”: “Ho re senya likelello ho lumela hore sehlopha sa banna ba kereke, ba bokaneng ka lebitso la Morena oa Khotso, ba ka tšehetsa” likhukhuni. Empa Jesu o hlile a lebella boitšoaro bo joalo ba banna ba kereke ba neng ba tla sebelisa lebitso la hae, ’me a hla a nyatsa ka boprofeta boipiletso ba bona bakeng sa kahlolo ea mohau ka mantsoe ana: “Ha kea ka ka le tseba le mehla; ntloheleng, Iōna ba sebetsang bokhopo.”—Matt. 7:22, 23.
Mozambique—Pono ea Moitlamo oa Mosali
● Ho tsetsepela ho sa thekeseleng metheong ho ka susumetsa khahleho le ho batho bao pono ea bona e ka ’nang ea fapana. Moitlami oa mosali oa Moroma K’hatholike o ngola tjena leselinyaneng la baromuoa ba Katholike la sepotoketsi “Andare alle genti” mabapi le phihlelo ea hae le Lipaki tsa Jehova Mozambique, Moitlami, Dalmazia Colombo, o hlokometse hore Lipaki “li bile li rōmeloa ka bongata litlamong ka baka la ho hana ha tsona ho ameha mekhatlong e itseng ea bopolotiki.” O tsoela pele hore:
“Ha e le hantle, ka 1972 ha ke ne ke le Mecanhela (dioseseng ea Lichinga) ke bone ba likete tse leshome ho bona ba neng ba sa tsoa lelekoa Malawi ’me ba batla tsela ea ho lula Mozambique. Ke sa ntsane ke hopola hantle kamoo ba fihlileng ka lihlopha, ba khathetse ba sa apara le hantle, ba e-na le bana ba bona, ba nkile lintho li se kae tsa ntlo ,e Bibele tsa bona. Ke sa ntsane nka ba bona ba lutse tlas’a lifate ka matsatsi-tsatsi, ba le sebete, ba khutsitse . . . ba emetse ba boholong hore ba ba lumelle hore ba fumane sekotoana sa naha ho qala bophelo bocha.”
“Ho se ho fetile lilemo tse ngata kamorao ho moo ’me hang hape linako li boetse li thatafaletse Lipaki tsa Jehova. Hona joale, ka ‘Gulag’ likampo tsena tse ncha [tsa mahloriso] tsa ho kenngoa thuto e ’ngoe tse hlomiloeng [Mozambique], Lipaki tsa Jehova tse 25 000 tse tsoang Malawi le tsa Mozambique li koalletsoe hammoho.”
“’Nete e teng linthong tse ngata tseo li li bolelang ’me li lokeloa ke hore li re khahle . . . Lefatše le ne le tla ba kahosele hakaakang hoja kaofela re ne re tla phaphama hoseng ho hong re entse qeto e tiileng ea hore re ke ke ra nka lihlomo hape, ho sa tsotelehe tšenyehelo le lebaka, joaloka Lipaki tsa Jehova! . . . Ho ne ho tla etsahala joang haeba balumeli bohle ba lumelang ho Molimo ba ne ba ka ithaopela ka baka la tumelo ea bona ho bokella matlotlo a bona a lefatše ka potlolomenteng e le ’ngoe ’me ba eme le bana ba bona le basali ba bona ka thoko ho tsela ho fihlela teraka ea Gulag e fihla ho tla ba nka (hona ho etsahetse hona mona moo ke shebileng ka mahlo a ka); na lebaka le ne le sa tla ba teng la mahloriso a bolumeli a tsoelang pele? Ruri lefatše le ne le ke ke la fetoloa kampo ea mahloriso empa, ho e-na le hoo, setsi se thaotheloang se bulehetseng baithaopi bohle ba seng mabifi bakeng sa sekolo seo e leng sa Kreste.”
‘Litsie li Tsamaea ka Makhotla’
● “Maemo a lokile joale hore kotlo e ncha ea litsie tsa lehoatata li ka haola Afrika e ka Leboea eohle, ho ea fihla Hloahloeng ea Arabia, le ho kenella India ho isa qetellong ea 1979,” kamoo ho tlalehang makasine ea “Natural History.” Boemo ba leholimo bo hlileng bo loketseng ho jaleha ha litsie tse lapileng bo teng joale ka lilemo tse peli tse fetileng Afrika e ka leboea le India. Makasine e bolela hore “litsie tsa lehoatata ka nako e telele li nkiloe e le tse ling tsa likokoanyana tse senyang ka ho fetisisa tsa lefatše temong,” e hlokomela hore “Bibele e tlaleha hore kotlo ea borobeli e ileng ea liheloa holim’a Baegepeta e ne e le litsie (Exoda, khaolo ea 10.”)
“Natural History” ea boela ea hlokomelisa ka tlhaloso e nepahetseng ea Bibele ea litsie: “Litsie, leha li se na morena, li tsamaea ka makhotla.” (Liprov. 30:27) Ho fapana le bohloa ,e linotši, litsie hase likokoanyana tsa tulisano, ’me sehlopha sa tsona ha se na moeta-pele. Lihlopha li tsamaisoe ke moea, o li lebisa sebakeng seo ho leng moea o fokelang tlase ’me, ka baka leo, pula e le teng,” kahoo o li isa sebakeng seo li atang hamolemo ho sona. Ho nepahala ha lintlha tse qaqileng tsa Bibele ho fana ka bopaki ba tšimoloho ea eona e halalelang.—Tšitoe 1978, maq. 6, 8, 12.