Ho Tšoaneleha Joaloka Baruti ka Phuthehong
“O kae har’a Iōna ea hlalefileng, ea rutehileng? A ke a bonahatse ka motsamao oa hae o motle mesebetsi ea hae ka mosa o tsoaloang ke bohlale.”—Jak. 3:13.
1. Ke ho bane’ng ha e le habohlokoa hore ba sebeletsang e le baruti ka phuthehong ea Bokreste e be banna ba tšoanelehang?
Tšusumetso ea moruti e ka ’na ea e-ba molemo kapa ea e-ba kotsi. Hona ho joalo ka mokhoa o khethehileng litabeng tsa bolumeli. Mabapi le Bafarisi, Jesu Kreste o itse: “Ke lifofu tse tsamaisang lifofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, li tla oela sekoting tse peli.” (Matt. 15:14) Bohle ba ileng ba latela ka bofofu lithuto tseo e seng tsa Mangolo tsa Bafarisi ba ne ba lebile tšenyehong ea moea le lefung, ha bao ba ileng ba ela hloko thuto e utloahalang ea Mora oa Molimo ba ne ba le tseleng e isang bophelong. (Matt. 7:13-20, 24-27) ’Nete ea hore bophelo boa ameha e ho etsa ha bohlokoa hore ba sebeletsang e le baruti ka phuthehong ea Bokreste e be banna ba tšoanelehang.
2. Ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a itse, “ha ke na molato maling a lōna bohle”?
2 Seo moapostola Pauluse a se buileng mabapi le eena ka boeena ho baholo ba phutheho ea Efese se bontša hore tsela eo moruti oa Mokreste a sebetsang boikarabelo ba hae ka eona e ka ’na ea mo jarisa molato oa mali kapa ea mo lokolla molatong oa mali. Moapostola o ile a bolela hore: “Ke le pakela kajeno hobane ha ke na molato maling a lōna bohle. Hobane ha kea ka ka tsoafa ho le bolella morero oohle oa Molimo.” (Lik. 20:26, 27) Neng le neng ha baholo leha e le bafe ka phuthehong ea Efese ba ne ba fetoha ba sa tšepahaleng ’me ba qala ho sotha Mangolo ho ea tšenyehong ea bona ea moea le ho ntšeng balumeli hammoho le bona kotsi, hona ho ne ho ke ke ha tsekisoa Pauluse. (Bapisa Liketso 20:29, 30.) Bona ka bobona ba ne ba tla ba molato oa mali. Moapostola o ne a entse sohle se matleng a hae ho ba “bolella morero oohle oa Molimo.” O ne a sa ba patela letho le neng le hlokahala bakeng sa polokeho. E ne e sa ba takatso ea hae ho fumana botumo ka ho hlohlontša litsebe kapa ho qoba litaba tse neng li pepesa ka matla liketso, boikutlo le mantsoe tse fosahetseng.—Bapisa 2 Timothea 4:3, 4.
3. Tumellanong le mohlala oa Pauluse, re tlameha ho lebella eng ho monna ea tšoanelehang ho ba moruti ka phuthehong?
3 Tumellanong le mohlala oa moapostola Pauluse, monna ea tšoanelehelang boruti ka phuthehong ea Bokreste o tlameha ho tseba le ho utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlokahallang polokeho e le hore ho ruta ha hae ho se be le liphoso tse tebileng. Hape o tlameha ho ithaopela ho fana ka “morero oohle oa Molimo,” ho sa tsotellehe boikutlo ba phutheho. Ho ka ’na ha e-ba le nako eo ka eona phutheho e arabelang hantle ho nyatseng le tokisong tse fanoang ke Lentsoe la Molimo. Empa hape ho ka ’na ha e-ba linako tseo ka tsona ba bangata ba hlileng ba sa rateng ho fetola boikutlo le litsela tsa bona tse fosahetseng. Moruti oa Mokreste, leha ho le joalo, o tlameha ho khomarela ka mokhoa o tsoetseng pele ka botšepehi Lentsoeng la Molimo ha a fana ka thuso ea moea. Haeba ba bang ba ena le litšekamelo tse fosahetseng, o tlameha ho itšoara hore a se hloke mamello le hore a ’ne a bolele ’nete. Ntlheng ena, nahana ka seo moapostola Pauluse a ileng a se ngolla Timothea: “U bolele lentsoe, u phehelle nako ha e tšoaneleha, leha e sa tšoanelehe; u laee, u khalemele, u khothatse ka mamello eohle le ka ho ruta.”—2 Tim. 4:2.
4. Keletso e ho Jakobo 3:1 e ne e tobisitsoe ho bo-mang?
4 Kaha thuto e utloahalang e na le seo e se etsang polokehong ea motho, ho ruta ke boikarabelo bo lokelang ho beoa feela ho banna ba tšoanelehang. Morutuoa oa Mokreste Jakobo o ile a ngola hore: “Banab’eso, le se ke la ipea baruti kaofela.” (Jak. 3:1) Keletso ena e bululetsoeng ha e-ea fanoa ho nyahamisa banna ba tšoanelehang hore e ka ba baruti, hobane Mangolo a boetse a re: “Motho ha a rata bolebeli, o lakatsa mosebetsi o motle.” (1 Tim. 3:1) Jakobo o ne a tobisitse mantsoe a hae ho banna ba neng ba iphahamisa e le baruti ba balumeli hammoho le bona le hoja ba ne ba sa khethoa kapa ba sa tšoanelehele ho ruta. Banna bana ba sa tšoaneleheng ba ne ba batla botumo le matla a neng a tsamaea le ho ba baruti, ba sa natse litšoaneleho. Ba tlameha ebe ba ne ba tšoana le banna bao moapostola Pauluse a ileng a ba hlalosa e le ‘ba ratang ho ba baruti ba molao, ’me ha ba utloisise tseo ba li bolelang, leha e le tseo ba li tiisang.’ —1 Tim. 1:7.
“KAHLOLO E FETISANG KA BOTHATA”
5. Baruti ba fumana “kahlolo e fetisang ka bothata joang”?
5 Ka baka la ho se utloisise kapa ho se ananele ka botlalo “morero oohle oa Molimo,” baruti ’mōtoana ho ne ho hlokahala hore ebe ba kile ba hatisa ho bona ka bobona botebo ba boemo boo moruti a iphumanang a le ho bona. Jakobo o ile a totobaletsa baruti, ho akarelletsa le eena, hore ba tla ‘fumana kahlolo e fetisang ka bothata.’ (Jak. 3:1) Kaha moruti o ema ka pel’a ba bang ho ba laea kapa ho ba etella pele, ho lebelletsoe ho hongata ho eena ho feta litho tse ling tsa phutheho. Hona ho tumellanong le motheo oa Mangolo: “Ea laelelitsoeng haholo, ho tla botsoa haholo ho eena.” (Luka 12:48) Kahoo, Mantsoe a moruti le liketso li phenya-phenngoa haholo ho feta tsa Bakreste ba bang. Ho feta moo, haeba monna a ka sitoa thutong ea hae ’me hona ho fella ka mathata bakeng sa litho tsa phutheho, kapa liketso tsa hae li fana ka lebaka la khopiso e ka tsekoang, o oela tseleng ea kahlolo e fetisang ka bothata ho Jehova Molimo ka Morena Jesu Kreste. Mora oa Molimo o itse: ” ’Me ke re ho lōna: Ka tsatsi la kahlolo, batho ba tla tsekisoa polelo e ’ngoe le e ’ngoe ea bosaoana eo ba e boletseng. Hobane u tla beoa ea lokileng ka lipolelo tsa hao, ’me ka lipolelo tsa hao u tla tsuoa.”—Matt. 12:36, 37.
6. Ho ea ka Jakobo 3:2, ke kotsi efe e amehang ho ruteng?
6 Morutuoa Jakobo o tsoela pele ka taba ea hae: “Bohle re khopjoa nthong tse ngata. Ekare ha e mong a sa khopjoe lipuong, eo ke monna ea phethehileng.” (Jak. 3:2) Kaha le bona baruti ba beang mohlala ba sekametse ho foseng ka lipuo, kotsi ea ho etsa joalo e khōlō ka ho fetisisa tabeng ea banna leha e le bafe ba sa tšoaneleheng. ’Me moruti leha e le ofe ha a ka fosa haholoanyane, kotsi e tlang ho hlahela phutheho le eona e tla ba khōloanyane ’me le kahlolo e tlang ho tlela motho eo ka mong e tla ba khōloanyane.
“O KAE HAR’A LONA EA HLALEFILENG? EA RUTEHILENG?”
7. Potso e fumanoang ho Jakobo 3:13 e senola eng mabapi le ho tšoanelehela ha monna ho ba moruti?
7 Ha ho talingoa likotsi tse amehang ho ruteng ba bang, ke hantle ha ho botsoa: Ke mang ea hlileng a tšoanelehelang ho etsa joalo? Morutuoa Jakobo o kile a botsa potso eona eo, a re: “O kae har’a lōna ea hlalefileng, ea rutehileng?” (Jak. 3:13) Ke ho hlokomelehang hore Jakobo ha a ka a botsa feela hore na: ‘Ke mang ea nang le bohlale bo botle ba ho bua?’ Ho ba moruti ea molemo, ho hlokahala hore monna a be le bohlale bo fetang ba ho itlhalosa hantle. Bohlale le kutloisiso lia hlokahala. Motho ea bohlale o na le tšabo e loketseng bakeng sa Jehova Molimo ’me o tseba kamoo a ka sebelisang tsebo ka mokhoa o tlang ho tlisa litholoana tse molemo. (Liprov. 9:10) Ea nang le kutloisiso o na le hona ho bona taba moo e lutseng teng, ho e utloisisa le ho lemoha kamano ea eona le maemo a sa tšoaneng a boemo kapa seo e leng khang-khang. Motho o utloisisa bohlokoa bo feletseng ba seo a nahanang ka sona. Hona ho bolela hore o tlameha hore e be Mokreste ea hōlileng tsebong eo ‘matla a hae a temoho a koetlisitsoeng ka ho sebelisoa hore a khetholle pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng.’—Ba-Heb. 5:14, NW.
8. Ke eng se ka bontšang hore na ebe monna o na le kutloisiso le bohlale tse hlokahalang hore a rute balumeli hammoho le eena?
8 Ho totobala joang hore monna o tlameha hore a be le bohlale le kutloisiso hore a tle a rute balumeli hammoho le eena? Bophelo ba hae bo tlameha ho bontša hore o fela a e-na le bohlale le kutloisiso tse amanang le tšabo e tebileng le e nang le hlonepho ho Jehova Molimo. Morutuoa Jakobo o tsoela pele ho re: “A ke a bonahatse ka motsamao oa hae o motle mesebetsi ea hae ka mosa o tsoaloang ke bohlale.” (Jak. 3:13) Ka baka leo, ba bang ba be le hona ho bona hore o itšoere ka tsela e lumellanang le botho ba Molimo, litsela tsa oona le litšebelisano.
9. “Mosa o tsoaloang ke bohlale” o ka ’na oa bontšoa ke monna joang, ’me ke hobane’ng ha ona e le oa bohlokoa haeba a tla sebeletsa e le moruti?
9 Boitšoaro bo nepahetseng joalo bo akarelletsa ho bontša hoa hae “mosa o tsoaloang ke bohlale.” Ho tšoanelehela boruti, o tlameha a be bonolo, a be maikutlo a fatše le ho ba le khotso, a se ke a khahlapetsa, a ba lerata a iphahamisa kapa a ikhohomosa. Leha e le hore a ka sekamela ho etseng likahlolo tse matla ntle ho mabaka a utloahalang kapa bopaki bo li tšehetsang. Motho ea haelloang ke mosa a ka ho fumana ho le thata haholo ho sebetsa tumellanong le keletso ea Pauluse ho Timothea, e reng: “Mohlanka oa Morena ha a tšoanela ho loana; empa e ka khona a be mosa ho bohle, a lokele ho ruta, a mamelle ka sebete. A rute ka bonolo ba hanyetsang.”—2 Tim. 2:24, 25.
LITŠOBOTSI TSE SA TŠOANELEHISENG
10. (a) Ho ka ’na ha kenyelletsoa eng ho beng ha motho le “mona o bohloko”? (b) Likhang ke eng?
10 A tobisa tlhokomelo ea hae haholoholo ho banna ba neng ba nka hore ba tšoanelehela boruti ka phuthehong, morutuoa Jakobo joale a supa litšobotsi tse sa tšoanelehiseng. Rea bala: “Empa ha ekaba le e-na le mona o bohloko le khang ka lipelong tsa lōna, le se ke la ithorisa, ’me le se ke la etsa leshano, ka ho siteloa ’nete.” (Jak. 3:14) Mantsoe ana a biletsa hore motho a itlhahlobe. Monna a ka ’na a ipotsa: ‘Na ke koetla mona o bohloko? Na ke rata likhang?’ Mona o bohloko o ka akarelletsa ho ba ha motho le takatso e sa laoleheng ea ho itlotlisa le maikutlonyana a hae. O ka iponahatsa ka cheseho e fetisisang le e manganga ea maikutlo a hae ha ka lentsoe le phahamileng ho theoloa maikutlo a fapaneng le a motho, kapa ho hana ho lumela hore ba bang ba na le bohlale le kutloisiso tse lekanang le tsa motho kapa tse bileng li li phahametseng. Ha e le ka likhang, hona ho supa ho ba ha motho le moea oa likomang kapa oa qhoebeshano. Monna a ka ’na a sekamela ho sebeliseng mekhoa e tsosang mefere-fere hore feela a ferekanye ba bang le hore a tsoele pele ka seo a se habileng. Likhang tse joalo e ka ba tse hlahisoang ke boikhohomoso le meharo ea boithati.
11. Ke joang Jakobo a neng a ka bolela hore moruti ‘mōtoana ea mona o bohloko le ea likhang ‘o ithorisa le ho qala leshano ka ’nete’?
11 Monna ea nang le mona o bohloko le ea likhang, ka ho hlokomelisa ka litšoaneleho tsa hae tsa ho ruta, ruri o tla be a ithorisa kapa a ikhantša. Leha ho le joalo, ’nete ea Bokreste, eo a tla beng a bolela hore o-oa e ruta, e tsoa litšobotsi tse mpe tseo a li bontšang. Kahoo, monna ea nang le moea o arohanyang oa bora empa leha ho le joalo a ikutloa hore o tšoanelehela ho ba moruti oa Mokreste o emela hampe kapa o leshano ’neteng e beiloeng ka Mangolong. Ho feta moo, kaha o na le litšobotsi tse sa lakatseheng joalo, o tla be a se na lebaka la ho ithorisa ka litšoaneleho tsa hae e le moruti. Ho etsa ha hae joalo e tla be e le leshano. ’Nete ea hore o-oa ipatla o bile o likomang pelong e mo etsa ea sa tšoaneleheleng ho ba moruti oa Mokreste.
12. Monna ea nang le mona o bohloko le likhang o na le bohlale ba mofuta ofe?
12 Bohlale boo monna ea ipatlang le ea likhang joalo a ileng a ipolela hore o na le bona e ne e ke ke ea e-ba bohlale ba leholimo. Morutuoa Jakobo o-oa ngola: “Bohlale boo hase bo tsoang holimo, empa ke ba lefatše, ba nama, ba bademona.” (Jak. 3:15) Bohlale ba bomolimo bo ema bo hanana le mona o bohloko le likhang.—Liprov. 6:16-19.
13-15. Bohlale ba mofuta ona ke ba (a) “lefatše,” (b) “bophoofolo” le (c) ba “bademona” joang?
13 Bohlale bo boleloang ka molomo ba moruti ‘mōtoana ea joalo bo khetholla balefatše ba arohileng ho Molimo. O tšoana le bao ba se nang boemo ba moea empa nako ea bona le matla ba li sebelisa litakatsong tsa bona bakeng sa menyaka kapa ho batla ho fumana botumo le matlotlo tsamaisong ena ea lintho e sa tsitsang le e feto-fetohang. (Ba-Fil. 3:19; Ba-Kol. 3:2) Sepheo seo a batlang ho ba moruti ka sona ke se fosahetseng. Kaha ke moikhohomosi, o batla hlonepho le tlotliso tseo kelellong ea hae li amanang le boemo.
14 Bohlale ba monna ea ikhohomosang le ea likomang hape ke ba bophoofolo ke hore, bo tsoa ho monna eo ka tlhaho e leng sebopuoa se nang le kelello, seo e leng moea. Ho latela Mangolo, motho hammoho le liphoofolo ke meea. (Gen. 2:7; Num. 31:28; Tšen. 16:3) Batho e le libopuoa tse nang le kelello (meea) ba filoe matla a boitšoaro le a bohlale, empa liphoofolo e le libopuoa tse nang le kelello ha li na hona ho bea mabaka. (2 Pet. 2:12; Juda 10) Kahoo, ka hore bo suptjoe e le ba “bophoofolo” bohlale bona bo khethehileng bo bontšoa e se ba moea, e le tholoana ea boikutlo ba nama, takatso ea nama le litšekamelo tsa nama.
15 Joale, hape, Jakobo ka nepo o ile a bo bitsa bohlale ba bademona. Hona ho tsoaloa ke hobane bademona (meea e khopo) ba bontša boikutlo bo fapaneng le bohlale ba bomolimo. Ha ba mosa empa baa khahlapetsa ba bile ba sehlōhō, joalokaha ho ka bonoa mahlomoleng a batho bao ba neng ba le ho bona. (Mar. 5:2-5) Ha e le ka Satane Diabolose, morena oa bademona, Bibele e senola hore boikhohomoso ba boithati le meharo li ipakile e le tsona tse mo lihileng.—1 Tim. 3:6.
LITŠOANELEHO TSE LAKATSEHANG TSE AMANANG LE BOHLALE BO TSOANG HOLIMO
16. Litšobotsi tsa bohlale bo tsoang holimo ke life?
16 Hore motho a tle a tšoanelehele ho ba moruti oa balumeli hammoho le eena o tlameha ho lokoloha litšobotsing tse amanang le bohlale ba lefatše, ba bophoofolo le ba bademona. Bophelo ba hae bo lokela ho senola hore o laoloa ke bohlale bo tsoang holimo. Morutuoa Jakobo o hlalositse bohlale bona ka mokhoa o latelang: “Bohlale bo tsoang holimo, taba ea bona ea pele, bo hloekile, hape bo na le khotso, bo bonolo, bo rekoloha kapele, bo tletse mohau le litholoana tse monate, ha bo feto-fetohe, ha bo na boiketsiso.” (Jak. 3:17) Nahana hore na hona ho bolela eng.
17. Ho boleloa eng ka ‘ho hloeka’ le ho ‘ba le khotso’?
17 Ba tšoanelehang hore ba ka sebeletsa e le baruti ho boleloa hore ba “hloekile,” ha ba na litšila kapa ha ba ea silafala mohopolong le pelong. Ka ho ba “le khotso,” ke batho ba ntšetsang pele khotso. Hase feela hore ba qoba ho ba bahatelli kapa bohale, empa ba be ba tsoe tseleng ea bona ho hloma likamano tse ntle pakeng tsa bona le batho ba bang le pakeng tsa batho ba bang hape. (Ba-Roma 14:19; 1 Tim. 3:3) Ha ba kopanele kapa ho lumella leha e le eng e qhalang khotso.—Bapisa Liproverbia 16:28; 17:9.
18. Motho o bontša (a) ‘kutloisiso’ (b) ‘ho itokisetsa ho utloa’ le (c) ho ba ha hae le ‘mohau le litholoana tse molemo’ joang?
18 Monna ea “utloisisang” o na le ho ineela, o khabane kapa o-oa mamella, cheseho ea hae hase “ea bohlanya.” A ke ke a hatella tseleng ea hae kapa letere ea molao empa o tla sheba taba ka kutloisiso ea botho, ka ho nahanela ho tšoanelehang. (Ba-pisa 1 Petrose 2:18.) Ho e-na le ho ba manganga, ea nang le bohlale bo tsoang holimo o lula a loketse ‘ho utloa.’ O na le moea oa tšebelisano, boikemisetso ba ho arabela ka tumellano le likōpo tse loketseng. Monna ea joalo o tla ineela ho se boleloang ke Mangolo, a sa nke boemo ’me a itšoarelle ka bona, bo nepahetse kapa bo fosahetse. O tla potlakela ho fetoha ha ho le teng bopaki bo hlakileng ba hore o nkile boemo bo fosahetseng kapa o entse liqeto tse fosahetseng. Ea nang le bohlale bo tsoang holimo hape o tletse “mohau le litholoana tse molemo.” Ha a sebelisana le ba bang, o na le qenehelo. O utloela bohloko ba hlomohileng le ba tepeletseng, ’me o chesehela le ho ithaopela ho etsa seo a ka se etsang ho ba thusa. “Litholoana tse molemo” li akarelletsa liketso tsohle tse tumellanong le molemo, ho loka le ’nete.—Ba-Ef. 5:9, NW.
19. Ho boleloa eng ka hore motho ‘ha a ee ka tšobotsi ea motho’?
19 Motho ea tsamaisoang ke bohlale bo tsoang holimo ‘ha a ee ka tšobotsi ea batho.’ Ha a etelletse pele tsela eo a sebeletsang batho ka eona ka hore na ponahalo ea bona ea kantle, boemo, leruo, setulo bophelong kapa tšusumetso ka phuthehong ke life. (Bapisa Jakobo 2:1-4.) Ha a sebelisana le batho ba kang eena, o tsekella hore a se ee ka tšobotsi.
20. (a) Moikaketsi ke eng? (b) Ea nang le bohlale bo tsoang holimo o bontša joang hore ha a na boikaketsi?
20 Bohlale bo tsoang holimo ha ho mohla bo etsang motho ‘moikaketsi. Moikaketsi o leka ho etsa seo a seng sona. Motho ea bontšang bohlale bo tsoang holimo ha a apare bohata, kamoo re ka bolelang. Likamanong tsohle tsa hae, o khabane o bile o-oa tšepahala.—Ba-Ef. 4:25.
21. Re ka sebelisa ka bōrōna seo Bibele e se bolelang ka se hlokoang bakeng sa ho sebeletsa joaloka moruti ka phuthehong joang?
21 Se hlokoang ho baruti ba Bakreste se lokela ho re etsa hore kaofela re itlhahlobe ka hloko. Na re fana ka bopaki ba hore re batla ho phela tumellanong le bohlale bo tsoang holimo? Le hoja re ke ke ra ba baruti ka phuthehong, bohle re na le boikarabelo joaloka barutuoa ba Kreste hore re rute ba bang ’nete. Ka baka leo, ke babohlokoa hore boikutlo ba rōna, mantsoe le liketso li lumellane le seo re ipolelang hore re sona. (Ba-Roma 2:21, 22) E se eka re ka ’na ra loanela hore re be bahlanka ba molemo haholoanyane ba Ntat’a rōna oa leholimo le ho nyakallela mahlohonolo ao a re neang oona.—Bapisa 1 Timothea 4:15, 16.
[Litšoantšo tse leqepheng la 19]
“Sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng . . .”—Matt. 15:14.