Maele a Bohlale
“Molimo oa ba lokileng o phelisa ba bangata, athe maoatla a timela ke ho hloka kelello.”—Liprov. 10:21.
Qalong ho ka bonahala eka maele ana haholoholo a bua ka hore na motho o sebelisa leleme la hae joang, empa seo a se bolelang se tebile haholoanyane. A amana le seo motho a leng sona pelong le hore na sena se ama lintho joang.
Motho ea utloang seo a se hlokang moeeng ’me a loanela ho se khotsofatsa le ho phela tumellanong le sona ke lehlohonolo ho ba mo potileng. O ananela keletso ea Jehova le molao ea motheo. Hona ho totobala ke hore na o sebelisa leleme la hae joang le lebaka la ho le sebelisa.
Ke joang, leha ho le joalo ‘ea lokileng a phelisang ba bangata’? Liphetolelo tse ling tsa Bibele hammoho le ea Sesotho li ngola sena e le “ho ‘phelisa’ ba bangata.” Empa lentsoe la Seheberu le sebelisoang mona le fana ka tlhaloso e kholoanyane ho feta feela “ho phelisa.” Le na le khopolo ea ho tataisa hammoho le ho fepa, joalokaha molisa oa boholo-holo a ne a hlokomela linku tsa hae. (1 Sam. 16:11; Pes. 23:1-3; Sefela sa Sal. 1:7) Ho joalo ka motho ea lokileng. O tataisa kapa o etella ba bang pele ho ba isa tseleng ea bohloeki le ea ho loka, puo ea hae e matlafatsa ba e utloang. Ka lebaka leo, ba ka phela bophelo bo thabileng haholoanyane le bo khotsofatsang haholoanyane. ’Me ba ka fumana bophelo bo sa feleng.
Ke phapang e kaakang, leha ho le joalo, ka motho ea ‘hlokang kelello’! O bontša ho haelloa ke sepheo se setle kapa ha a tsotelle se tla hlahisoa ke tsela ea hae. Na ha u tsebe ba bangata ba joalo, bao pono ea bona bophelong e leng hore ‘ho etsahale se ka etsahalang’? Motho ea joalo o etsa leha e le eng eo a e batlang, a sa tsotelle se tla hlaha kamoso. Kaha o hlokomoloha likotlo tsa tsela ea hae, hangata o qetella a oetse ho tsona. Ha ea lokileng a thusa hore ba bang ba ’ne ba phele, motho ea se nang kelello o sitoa le ho ipoloka a phela.