Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 11/15 maq. 3-5
  • Tšepo—Matla a ho Mamella

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšepo—Matla a ho Mamella
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • TLHOKAHALO EA ‘HO BUA KA TŠELISO’
  • TŠEPO E SA ‘ISENG MASOABING’
  • TŠEPO E TLAMEHA HO BOLOKOA ’ME E MATLAFATSOE
  • KATAMELO E MOLEMO
  • Tšepo eo re Nang le Eona ha e Soetse
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Lula U E-na le Tšepo e Tiileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Tšepa Jehova, ’me U be Sebete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ho Ithabela ho ‘Molimo o Neang Tšepo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 11/15 maq. 3-5

Tšepo—Matla a ho Mamella

MAMELLO ke ea bohlokoa hakaakang! Ntle ho eona sebapali se tsebisahalang sa fiolo se ka be se sa tuma ’me sebini sa ntsoe la pele se tumileng se ne se ke ke sa hapa bamameli ba sona. E, mamello ha e lakatsehe feela empa hape ke ea bohlokoa hore motho a finyelle pakane. Hona ke ’nete ka ho khethehileng bakeng sa Mokreste ea keneng peisong a shebile bophelo bo sa feleng. “Re ke re titime ka sebete peisong eo re e beetsoeng,” kamoo ho ileng ha phehella moapostola oa Mokreste Pauluse. Ntle ho mamello mola oa ho qetela o ke ke oa finyelloa.—Matt. 24:13; Ba-Heb. 12:1.

A bona bohlokoa ba mamello, ho ka ’na ha phahama lipotso tse itseng. Na motho oa borapeli a ka mamella ka matla a hae feela? Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho thusana ho mamella? Ba ka fana ka thuso e joalo joang?

TLHOKAHALO EA ‘HO BUA KA TŠELISO’

Re phela ‘mehleng e thata’ ho sebetsana le eona. (2 Tim. 3:1) Mabaka a mangata joale a thatafaletsa Mokreste hore a ka mamella. A ka etsa joalo feela haeba a ela hloko keletso ea Mangolo ea hore “tieang Moreneng le matleng a hae a sa sitoeng ke letho.” Ho feta tsohle, batho ba borapeli ba tlameha ho loana le “meea e bolotsana e sebakeng sa leholimo,” bademona tlas’a taolo ea Satane. (Ba-Ef. 6:10, 12) Tšusumetso ea bona e ka ba matla hoo Mokreste a ka ’nang a lahleheloa ke tšepo ea hae matleng a Molimo ’me a fokola tumelong. Thuso e tšoanelehang ea moea joale e fetohe e tšoanelehang. Empa ho ka etsoa joang?

Nahana kamoo moholo ea itseng oa Mokreste a ileng a fana ka thuso ea moea ka lekhetlo le leng. A etela banyalani ba babeli bao e neng e kile ea e-ba litho tse mafolo-folo haholo tsa phutheho. Ka baka la ho kula ka lapeng le boima bo boholo moo monna a sebetsang, ba me ba se ba batla ba lahlile peisong ea Bokreste. Empa qetellong ea boeti ba hae moholo a thabela ho utloa mantsoe ana: “Ke thabile haholo hore u ile ua tla buisana le rōna. ’Na le mosali oa ka re na le matla a macha ho tsoela pele ho sebeletsa Jehova.” Polelo e joalo e ile ea boela ea utluoa ho lelapa le leng la Bakreste, leo ho Iona likhatello le mathata li neng li felletse ka bohloko ba methapo le ho theoha haholo boemong ba moea. Ke eng se ileng sa etsa hore malapa ana a re, ‘Re na le matla a macha ho sebeletsa Jehova’?

Baholo ba etileng ba ne ba khothallelitse balumeli hammoho le bona hore ba talime litaba ka tsela e tšoanang le ea Jehova. Molimo o tseba hore batho ba oona ba entsoe ka lerōle le hore, ka baka a likhatello, ho kula le tse joalo, Mokreste a ka ’na a ikutloa a tepeletse. (Pes. 103:14) Ke tsela eo ka eona Bakreste ba bang ba pele ba Thessalonika ba ileng ba ikutloa ka eona. Ka ho loketseng, moapostola Pauluse o ile a eletsa: “Le tšelise ba pelo li tepeletseng.”—1 Ba-Thess 5:14.

Ho ‘tšelisa’ ho bolela ho bua ka mokhoa o thobang, o hlasimollang, o khothatsang, o tsosang moea oa motho e mong ka tiiso e thabisang. E, ho bua ka mokhoa o tšelisang ho bolela ho tiisa pelo ea momameli e le hore sebaka sea phetleha ka pel’a hae. Tabeng ea malapa a mabeli a nyahameng a boletsoeng pelenyana, ho bile joalokaha eka khanya e phatšimang ea leseli e ne e tlositse moholi oa hoseng o neng o siretse pono ea bona ea moea. Lipelo tsa bona li ne li hlasimollotsoe ka tšepo e ncha. Tšepo ee ke eng?

TŠEPO E SA ‘ISENG MASOABING’

“Ho tšepa” ho bolela ho lakatsa ka tebello ea ho fumana. Tšepo, ka baka leo, e na le matla a bolokang, matla a susumetsang, kaha e lebella phethahatso ea eona. Koana, motho a ka ’na a boloka ka lerato tšepo ea bohata, e se nang motheo oa sebele. Ho etsa papiso: Ka lilemo tse baloang ka likete batho ba ’nile ba e-ba le tšepo ea ’muso o phethahetseng oa motho. Empa tebello ena ha e-ea phethahatsoa kaha batho ha ba ea phethahala, ke baetsalibe, ke baithati ba bile ba tsuong ea lefu.—Ba-Roma 5:12; 7:14.

Tšepo ea ’nete e tlameha ho sheba ho Molimo, Moqapi oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bonahalang le e sa bonahaleng. (Tšen. 4:11) Ka sebele, tšepo ea ’nete e fumana motheo oa eona morerong o sa hlōleheng oa Molimo bakeng sa batho, ’me, ka baka leo, ‘tšepo ena ha e ise masoabing.’ (Ba-Roma 5:5, NW) Ka mohlala, moprofeta Esaia o ile a totobatsa hore Molimo o hlotse lefatše hore batho ba ahe ho Iona. (Esa. 45:18) Ona ke morero oa Molimo, ’me o tla phethahala. Molimo o tla hleka tsela bakeng sa hore paradeise e tsosolosoe lefatšeng lena. (Luka 23:43) Tsosoloso ena e tla tla ka ’muso oa Molimo, sehlooho sa boboleli ba Jesu le ’muso oo a ileng a ruta balateli ba hae hore ba o rapelle.—Matt. 4:17; 6:10.

Se tlang ho tlisoa ke ’Muso ona oa Molimo se feta kutloisiso. O tla khutlisa bophelo bo phethahetseng ba ’mele le bophelo bo sa feleng. E, lefu le ke ke la hlola le e-ba teng ’me hona ho bolela hore le sona sebe se tla felisoa, kaha lefu ke tholoana ea sebe. (Ba-Roma 6:23; Tšen 21:4) Ho tla beng ho ile hape ke liphello tse kotsi tsa sebe tse lahletseng motho maimeng a ’mele le a kelello. Ke phomolo e kaakang! Tšepo ena ha e ise masoabing, kaha e theiloe pallong ea Molimo, ’me o ke ke oa the tsa! (Tite 1:1, 2) Ke hobane’ng he, ha Bakreste ba bang ba tepella hoo ho bonahalang bokamoso bo se na tšepo?

TŠEPO E TLAMEHA HO BOLOKOA ’ME E MATLAFATSOE

Ha tšepo e qala ho lahleha mohlomong ho ke ke ha hlokomeleha habonolo. Mohlomong ho phethahala ha tšepo ho bonahala ho lieha ’me hona ho kulisa pelo. (Liprov. 13:12) Kapa, maemo bophelong ba motho a ka ’na a etsa hore motho a tšoarehe haholo ka ho inahana boeena ho fapana le kamano ea hae le Molimo. Mohlomong motho a ka ’na a nyahamisoa ke ho kula, ho tšoaroa hampe kapa ka baka la mehopolo e sa haheng. Mohlomong o fetoha ea mona ka mokhoa o itseng ka baka la katleho ea lintho tse bonahalang kapa ea moea ea ba bang. Butle-butle a haptjoa ke lintho tsena, a ka ’na a khaotsa ho jarisa Jehova phahlo ea hae. (Pes. 55:22) Kapele Mokreste o se a iphumana a nahana ka tsela e seng ntle, hoo e leng hore bonnete ba tšepo ea ’Muso boa nyamela pelong ea hae le kelellong. E, tšepo e ka lahleha eaba joale batho ka bomong ba khaotsa ho mamella peisong ea bophelo.

Tsela eo tšepo e leng ka eona e e etsa ntho e ’ngoe eo ka bonolo feela e ka felang haeba e sa beoa leihlong la kelello ka linako tsohle. Ka baka leo, re tlameha ho loana ka matla ho boloka tšepo ea rōna e le matla. Hona ke kahobane re tšepile ntho e ’ngoe e sa bonahaleng. (Bapisa Ba-Roma 8:24, 25) Empa hona ha ho bolele hore tšepo e-ea fokola.

Tšepo e na le matla ao e tšoantšoang le ankora e ka tšoarang sekepe e se sirelelitse hoo e leng hore se ka ralla har’a lifefo tse tšabehang. Ha e le hantle, tšepo e bitsoa “ankora ea moea.” (Ba-Heb. 6:19) Ha Pauluse a ne a ngola mantsoe ana, o ne a bua ka pallo ea Molimo ea ho hlohonolofatsa Abrahama. Pallo ena ke motheo oa tšepo ’musong oa Molimo, hobane Jehova o ile a tiisetsa mopatriareka eo ea tšepahalang hore: “Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa lelokong la hao.” (Gen. 22:18) Jehova a phaella ka ho hlapanyetsa kano ea hae pallong ena e le hore “rōna, ba phallelang tšepo eo re e beetsoeng pele, re be le tšeliso e fetisang ka ho tiea ka baka la ntho tse peli tseo Molimo o nong o ke ke oa etsa leshano ho tsona.” (Ba-Heb. 6:18) Ho hopola pallo ena e hlapanyelitsoeng ea Molimo ho matlafatsa tšepo ea Mokreste le ho e etsa “ankora ea moea” ka sebele. E-ea tsitsisa, e matlafatse, e be e fane ka matla a ho mamella.

Tšepo ea rōna e matlafatsoa tsatsi le leng le le leng ha re bolela tšepo e ka ho rōna. Ha re ntse re bua ka eona haholoanyane, re e fetola letlotlo haholoanyane ’me le eona e tla tiea haholoanyane. Ka tsela ea papiso, lipolelo tse boletsoeng ke moroetsana oa Moshulame mabapi le moratuoa oa hae oa molisana ntle ho pelaelo li ile tsa matlafatsa lerato la hae bakeng sa hae. (Sef. sa Sal. 5:10-16) Ka lerato le joalo, ho ka thoe: “Lerato le matla joale ka lefu, poulelo e thata joale ka nqalo ea bafu; malakabe a Iona ke malakabe a mollo, ke khabo ea Jehova. Metsi a mangata a ke ke a tima lerato, leha e le linōka li ke ke tsa le qoelisa.”—Sef. sa Sal. 8:6, 7.

Ho joalo ke ’nete mabapi le lipolelo tse mofuthu ka tšepo ea Bokreste. Ka baka leo, Pauluse o ile a eletsa baena ba hae ba Baheberu ho ‘tiisa kano ea tumelo ea bona, ba se na ho sisinyeha.’ (Ba-Heb. 10:23) Polelo ena ea pontšeng ea tšepo, ho bua hona ka eona ho tla matlafatsa tšepo ea rōna, ho e fetola ea ’nete haholo ho rōna. Pono e hlakileng joalo ea kelello e netefatsa liketane tse etsang hore tšepo e be ankora e matla ea moea.

KATAMELO E MOLEMO

Ho tsosolosa tšepo, ho hlokahala thuso e sebetsang. Ba tseba hore tšepo ke matla a khannang hakaalo bakeng sa mamello, baholo ba neng ba etile ba boletsoeng pelenyana ba tlosa tlhokomelo ea malapa a nyahameng ho oona ’me ba bua ka bonnete ba ’muso oa Molimo. Tšepo ke ntho e ’ngoe ea sebopeho sa moea. Ka baka leo, kelello le pelo li tlameha ho tlatsoa ka lintho tsa moea tsa Lentsoe la Molimo, lipallo tse tiileng tsa Molimo le lipolelo tsa Jesu. Ho tlameha hore ho bolokoe puisano e matla le Jehova Molimo, ’me hona ka sebele ho tla isa thabong. Na seo hase sona seo Pauluse a se bontšang e le tholoana e molemo ea thapelo? “Le se ke la belaella letho;” ho boletse moapostola, a re, “empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo le ka kōpo e nang le teboho. ’Me khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa lōna le mehopolo ea lōna ho Jesu Kreste.”—Ba-Fil. 4:6, 7.

Ho mamella tlas’a mahloriso, re tlameha ‘ho thabela tšepong’ le ‘ho tiea thapelong.’ (Ba-Roma 12:12) ’Me re tla thaba, le hona nakong ea meleko, haeba re hlokomela hore Jehova Molimo ha a leke ho tšoaea liphoso ’me ‘ha a lebale mosebetsi oa rōna le lerato leo re le bontšang bakeng sa lebitso la hae.’—Ba-Heb. 6:10.

Ho boetseng ho susumelletsang tšepo ke mantsoe a Pauluse, ha a re: “Empa re rata hoba e mong le e mong a ka ’na a hlahisa cheseho eona eo ho isa qetellong, tšepo ea lōna e tle e phethehe; le tle le se ke la fetoha ba botsoa, le mpe le be balateli ba ba ruileng lipallo ka tumelo le ka sebete.” (Ba-Heb. 6:11, 12) E se eka tiiso ena e matlafatsang ea hore Molimo o eme le rōna e ka re thusa ho etsa tšepo ea ’Muso matla a rōna bakeng sa mamello.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela