Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 8/1 maq. 3-5
  • Ebede-meleke Monna ea Sebete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ebede-meleke Monna ea Sebete
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Putsa Bohle ba mo Sebeletsang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Sebeletsa “Morena oa Lichaba” ʼme u Pholohe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Ebede-meleke ke Mohlala o Motle Bakeng sa ho Bontša Sebete le Mosa
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • U Tla Khetha Metsoalle ea Mofuta Ofe?
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 8/1 maq. 3-5

Ebede-meleke Monna ea Sebete

EBEDE-MELEKE e ne e se Moiseraele empa leqhalaha la Moethiopia. O ne a sebeletsa lekhotleng la Tsedekia, morena oa ho qetela oa Mojudea ea ileng a busa Jerusalema. Le hoja a ne a likiloe ke basebeletsi ba silafetseng le ba se nang bomolimo, Ebede-Meleke a ikhetholla e le monna ea sebete le ea nang le qenehelo ea hlonephang se nepahetseng ka mokhoa a phahameng.

Nako eo ka eona litšoaneleho tse ntle tsa Ebede-Meleke li hlileng tsa totobala motse oa Jerusalema o ne o futuhetsoe ke Bakalde. Moprofeta oa Jehova Jeremia o ne a sa ka a khaotsa ho bolela hore motse o ahlotsoe le ho khothalletsa batho ho ipholosa ka ho ineela ho ba ba futuhetseng. Molaetsa oa hae o neng o tsoa ho Ea Holimo-limo o ne o re: “Ea salang motseng ona o tla shoa ke lerumo, kapa ke tlala, kapa ke lefu la seoa; empa ea tsoelang ho ba-Kalde o tla phela, ’me bophelo ba hae o tla ikhapela bona, a tle a phele.” Hona ha halefisa mahosana a itseng a neng a sebetsa e le baeletsi ba Morena Tsedekia. Ba ne ba sekametse ho pholoseng motse leha ho ka ba joang kapa joang, ba sa ineele. Ba hana ho hlokomela mantsoe a Jeremia e le a bululetsoeng ke Molimo, ba nka moprofeta e le tšitiso ea ho sireletsa Jerusalema ka mokhoa o atlehiIeng.—Jer. 38:1-3.

Mahosana ana, ka baka leo, a ea ho Morena Tsedekia ’me a tsekisa Jeremia ka ho fokolisa moea oa banna ba loanang le oa sechaba ka kakaretso se saletseng. A kōpa hore moprofeta a bolaoe e le moeki ea sa thahaselleng khotso kapa boiketlo ba sechaba. (Jer. 38:4) E le morena ea fokolang kamoo a neng a le kateng, Tsedekia a ineela kōpong ea bona, a re: “Bonang, o matsohong a lōna, hobane morena a ke ke a ba le matla ho lōna.” (Jer. 38:5) Tsedekia o ne a latetse keletso ea bona mokhoeng oa ho loantša Bakalde, ’me kahoo a ikutloa a tlamehile ho ineela ho bona ho tloseng monna eo ba neng ba mo nka e le ea tepeletsang ho ntšetsoeng pele ha sepheo sa bona sa ntoa. Le hoja a ne a hlile a sa laela ka ho toba hore Jeremia a bolaoe, Tsedekia a saenela lengolo la tumello ea ho bolaoa ha moprofeta ka ho nea mahosana matla a ho laola bophelo ba hae ka ho feletseng.

Mahosana ana, leha ho le joalo, mohlomong a ile a utloa ho tšoha ka mokhoa o itseng ho ileng ha a thibela hore a hle a amehe ka ho toba ho tšolleng mali. Leha ho le joalo, ba rera ho bolaea moprofeta e seng ka mabifi. Ba mo theolela ka sekoting sa seretse, hore a shoele moo.—Jer. 38:6.

Ha a le litlamong ka Lebaleng la Teronko, Jeremia ka taelo ea borena, o ne a fuoa bohobe e le sejo sa hae sa tsatsi le leng le le leng. (Jer. 37:21) Empa ha joale a le ka seretseng molao oo oa borena o ne o se o sa sebetse. Ka lijo li fela joale Jerusalema, ho hang ho ne ho se tšepo ea hore Jeremia a ka fumana lijo ho mang kapa mang. O ne a emetse nako ea ho shoa.

Eare ha Ebede-meleke a utloa seo mahosana a se entseng moprofeta, a nka bohato ka potlako. Ha ka a emela hore a fumane sebaka sa ho bua le Morena Tsedekia lekunutung. Ho leqhalaha la Moethiopia, tšireletseho ea botho e ne e se eona taba e khōlō ho eena. Bophelo ba motho ea se nang molato bo ne bo le kotsing, ’me joale Ebede-meleke a bea boiketlo ba hae ka boithatelo sebakeng sa bobeli. A atamela morena pontšeng sebakeng se lepala-pala se kenang monyakong oa Benjamine. Monyako ona mohlomong o ne o le ka lehlakoreng le ka leboea la motse, lehlakore leo boima bo boholo ba Bakalde ba futuhileng bo neng bo hlaha ka lona.—Jer. 38:7.

Ka sebete, leqhalaha la Moethiopia la buella bophelo ba Jeremia. O ne a sa tšoha ho tsoa ketso ea mahosana, le hoja a ne a tseba hore eo a ipiletsang ho eena o ne a ineetse ho seo ba se hlokang. Ka mantsoe a seng makae, Ebede-meleke a bolela linnete: “Mong a ka, morena, batho bao ba entse hampe ha ba entse moprofeta Jeremia joalo, ba mo lahletse lemeneng; o se a ea shoa ke tlala moo a leng teng, hobane ho se ho se le bohobe motseng.”—Jer. 38:9.

Ka mohlolo, Tsedekia a etsolla qeto ea hae mabapi le Jeremia, a lumella Ebede-Meleke hore a tsoele pele ka ho pholosa moprofeta. Morena a re: “Inkele batho ba mashome a mararo mona, u nyolle moprofeta Jeremia lemeneng, a e-so ho shoe.” (Jer. 38:10) Ha ho bonahale eka ho ne ho hlile ho hlokahala banna ba 30 ho nyolla Jeremia ka lemeneng. Empa, ha ho talingoa lehloeo le matla bakeng sa moprofeta le molaetsa oa hae, ho ne ho le bonolo hore ba neng ba batla ha Jeremia a shoa ba ne ba ka ’na ba khathatsa. Le hoja banna ba seng bakae ba ne ba ka hlōloa, banna ba 30 ba ne ba tla lekana ho hlōla mathata leha e le afe a neng a ka hlaha mabapi le pholoso e neng e reriloe.

Ebede-meleke ka potlako a latela taelo ea Tsedekia. Mokhoa oo a ileng a e latela ka oona le oona o paka ho ea pele qenehelo ea hae le kameho bakeng sa moprofeta. Kaha lemena le ne le tebile ’me Jeremia a tebile ka seretseng, ho ne ho tla hlokahala matla a maholo ho mo hula. Kahoo, marapo a se nang letho a ne a tla sehla moprofeta. Hape, mohlomong ho ka ’na ha etsahala hore ebe ha Jeremia a ne a akheloa ka lemeneng ka lekhetlo la pele, ho ile ha etsoa hampe. Kahoo, mohlomong o ne a tsoile maqeba ka mahafing. Ebede-meleke ka ho totobetseng o ile a nahanela ka hloko boemo bona. A batla likatana le litsiba tsa masela ’me, ka marapo, a li theolela ho Jeremia, hore a li kenye ka tlas’a mahafi a moprofeta ’me a bee marapo ka holimo. Kahoo, likatana le litsiba tsa etsa mosamo o sireletsang ho sehla ha marapo a neng a sebelisoa ho nyolla Jeremia ka lemeneng.—Jer. 38:11-13.

Ke hobane’ng ha Ebede-meleke a bile sebete hakaale? Le hoja e ne e le osele ea neng a phela har’a batho ba neng ba tliselitse lebitso la Jehova Molimo thohako e khōlō, o ile a tšepa ea Holimo-limo haholo. E, ho tšepa Jehova e bile motheo Lore Ebede-meleke ka sebete a phallele moprofeta ea hloiloeng. Bakeng sa hona, leqhalaha la Moethiopia ha lea ka la lahleheloa ke moputso oa lona. Ka Jeremia a neeloa tiiso ea Jehova hore: “Bona, ke ea etsahatsa mantsoe a ka bakeng sa motse ona ka bobe, e seng ka molemo, a tla etsahala pontšeng ea hao, tsatsing le itseng. Empa ke tla u namolela . . . u ke se ke ua neeloa matsohong a batho bao u ba tšabang. Hobane ke tla u namolela, u ke ke ua ua ke lerumo, ’me bophelo ba hao e tla ba khapo ea hao, hobane u hlile u itšepetse ’na.” (Jer. 39:16-18) Ho latela mantsoe ana, Ebede-meleke o ne a tla bona ha ho timetsoa Jerusalema kamoo Jeremia a neng a boletse e sa le pele. Leha ho le joalo, ho ne ho sa hlokahale hore a ho tšohe. Joalokaha Ebede-meleke a ne a ile a talima bophelo ba Jeremia e le ba bohlokoa, Jehova Molimo le eena o ne a tla nka bophelo ba Ebede-meleke e le ba bohlokoa ’me o ne a tla mo pholosa a phela.

Ebede-meleke o re beetse mohlala o motle hakaakang ho se ineele tšabong ea batho empa hore ka sebete a emele moprofeta oa Jehova! Ea Holimo-limo haa ka a lebala ketso e lokileng ea Ebede-meleke. Leha e le hore a ka lebala tšebeletso ea rōna e tšepahalang, ho kopanyelletsa ho phallela ha rōna baena ba rōna ha ba hloka haholo. Bibele e-ea re bolella: “Molimo ha o khopo! o ke ke oa lebala mesebetsi ea lōna, le kamoo lerato la lōna le sebelitseng kateng ka baka la lebitso la oona, ha le babaletse bahalaleli, le joale le sa ba baballa.” (Ba-Heb. 6:10) Kahoo, e se eka re ka loanela ho ba batho ba sebete joaloka Ebede-meleke.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela