Ho Nyarela ka Litabeng
Ke ’Mele oa Mang?
● Ho tla fihlela haufinyane, ha mokuli a ne a hana pheko e laeloang ke lingaka moo bophelo bo neng bo ka ’na ba ameha, tloaelo e ne e le ho kōpa lekhotla hore le kenelle, ho qobelloa pheko eitseng ho mokuli “Empa monahano o mocha o hlahisa pelaelo” ka tloaelo ena, ho ea ka “Medical World News.” Leselinyana le ile la hlokomela hore linyeoe tse peli tsa ka lekhotleng tsa U.S. haufinyane tse neng li ama pheko e neng e hlahisitse khang ea kankere li ile tsa supa hore “tokelo ea mokuli ea ho etsa liqeto ka ’mele oa hae e ne e le ea mothèo hoo ’muso o tlamehang ho ba le lebaka le utloahalang ka mokhoa o fetisisang ho kena-kenana le eona.”
Moahloli nyeoeng e ’ngoe (“Rutherford” le “US”), a hlokomela qaka eo ho ikhethela ka bolokolohi ha mokuli ho ka ’nang ha e hlahisetsa lingaka tse seli, o itse: “Ho thata ho mang kapa mang ea hlileng a inkang a e-na le tsebo ho shebella ba bang ha ba sebelisa bolokolohi ba bona ka litsela tseo ho eena li bonahalang li sa ela.”
Leha ho le joalo, moahloli a ngola hore “ho iphapanyetsa sona sebopeho sa bohlokoa sa bolokolohi ba litokelo tse tsekoang . . . le ’nete ea hore khetho, ho sa tsotellehe ho nepahala ha eona, ke eona tokelo feela eo motho eo ho kena-kenanoang le ’mele oa hae a nang le eona, ke ho bontša kutloisiso e fokolang ea boleng ba sechaba sa rōna se lokolohileng.”