Lipotso Tse Tsoang ho Babali
● Na Bakreste ba lokela ho tlaleha le ho lefa lekhetho la moputso ka ‘mesebitsanyana e ka thoko’ kapa lithipi?
Karabelo ea motheo kajeno e ntse e tšoana le ha Jesu a ne a arabela potso ea lekhetho: “Ntšetsang Cesare tseo e leng tsa Cesare, le ntšetse Molimo tseo e leng tsa Molimo.” (Matt. 22:17-21) Haeba molao oa naha e le hore motho ea sebetsang a lefe lekhetho la moputso ka seo a se fumanang, Bakreste ba le lefa.
Libakeng tse ngata ’muso o amohela ho beng ba mesebetsi tlhaloso ea seo motho a se fumanang, ’me makhetho a hlokahalang a ntšuoa moputsong oa motho. Tabeng e joalo, ho qetelana litaba le ’muso hangata ho otlolohile. Haeba haa sebetsa le ho tlaleha moputso oa hae ka selemo Mokreste a bona hore o tlameha ho lefa chelete e ’ngoe ho phaella ho e neng e se e hutsoe, o lokela ho etsa joalo. Kapa haeba, mohlomong ka lebaka la lichelete tse itseng tse tlosoang ka molao, ho ile ha huloa haholo, a ka kōpa hore a khutlisetsoe eo a e ntšitseng ka ho fetisisa.
Leha ho le joalo, mabakeng a mang motho o hlokoa hore a tlalehe moputso oa hae ’me joale a tlameha ho lefa lekhetho lohle, jolakaha mohlomong a itšebetsa kapa a e-na le khoebo eo e leng ea hae. Kapa mohlomong lekhetho le nkiloe ke monghali moo a sebetsang, empa e seng mosebetsing o mong oa nakoana kapa o ka thoko oo a o entseng oo a lokelang ho ikarabella hore a lefe lekhetho. Hase batho bohle ba lefang makhetho a joalo, ha ho ahloloa ka sehlooho sa litaba ho New York Times ea la 15 Pherekhong, 1978, se balehang tjena: “Mosebetsi o sa Tlalehoeng o ka ’na oa Hloka U.S. Libillione ka Makhetho ’me oa Sitisa Merero.”
Hore na ke lintho life tse nkoang e le meputso tseo ho hlokoang lekhetho ho tsona ka molao li ngata haholo ’me ha li tšoane ho ea ka libaka. Linaheng tse ling ha hoa lebelloa lekhetho la moputso meputsong e tlase e lekanyelitsoeng ho fihlela boemong bo itseng.a Empa haeba e le ‘chelete eo motho a e fumanang ka thōko’ ’me motho a ntse a e-na le mosebetsi oo a o sebetsang, hangata molao o laela hore o tlalehoe ’me ho lefshoe lekhetho la moputso ka kakaretso eo kaofela. Hape, libakeng tse ling, le tsona lithipi, tse kang tse fumanoang ke motho ea fepang ntlong ea lijo, li talingoa ke ’muso e le moputso o ka ntšetsoang lekhetho.
Hona ho bea mosebetsi kapa mohiruoa ka mong oa Mokreste hokae? Ho mo sia le boikarabelo ba botho ba hore a itloaetse melao ea lekhetho ea naha, le hore a tšepahale ’me a lefe lekhetho la moputso le hlokoang ho eena. Moapostola Pauluse o ile a ngola hore: “Motho ka mong a ikokobetse ka tlas’a borena, . . . Etsa hantle, ’me u tla bokoa ke [marena]. . . . Empa ekare ha u etsa hampe, tšaba; hobane morena ha a tšoara sabole feela; hobane ke mohlanka oa Molimo, le mophetetsi ea beiloeng ho otla ea etsang bobe. Ke hona le tšoanetseng ho ipea ka tlas’a borena, e seng ka baka la ho tšaba kotlo feela, empa e be le ka baka la letsoalo. . . . Neang batho bohle se ba tšoanelang; ea tšoaneloang ke lekhetho, le mo nee lekhetho.”—Ba-Roma 13:1, 3-5, 7.
Basebetsi ba Bokreste ba ka bona bohlale ba sena. Ka mohlala, ka ho etsa joalo ba qoba qoso. Hape, ho kenella taba ea letsoalo la bona le hloekileng, ka sebele ntho ea bohlokoa. Sehlooho sa leselinyana la litaba se qotsitsoeng ka holimo se tlalehile hore mosebeletsi oa ’muso o boletse tjena ka boholo ba lekhetho la moputso le sa tlalehoeng: “Hore na ke le lekae, ke Molimo feela o tsebang.” Mohlomong mosebeletsi eo o ne a mpa a itšebelisetsa puo e tloaelehileng feela. Empa Bakreste ba ’nete ba ka tiisa hore Molimo, o bonang bohle, o fela o tseba ha mosebetsi ka boomo a qhekella, joalokaha ha a sa ngole libukeng e le hore a qobe ho lefa lekhetho la moputso. Ho ba le letsoalo le letle, basebetsi ba Bakreste ba tsekella ho tšepahala lintlheng tsohle, ho kopanyelletsa le ho lefa makhetho a bona.—Ba-Heb. 13:18.
Hape, seo Pauluse a ileng a se bolela ka ho fumana thoriso se ipakahatsa e le ’nete. Balateli ba Jesu hangata ba ’nile ba rorisoa ke bahlanka ba ’muso ka baka la botšepehi ba bona, tabeng ea ho lefa makhetho. Hona ho ka bonoa tabeng ea naha ea Afrika e ileng ea hlorisa Lipaki tsa Jehova ka ho se kopanele ho ba litho tsa mokha o busang oa bopolotiki. Eare ha ’muso o patela batho ’nete ea qoso ea bona ka hore Lipaki ha li lefe makhetho a tsona, batho ba nahanang ba lefatše ba tsebile hamolemo hobane ba ne ba hlokometse tlaleho ea Lipaki. Mabapi le tlhoriso ena, Dr. K. Jubber o sa tsoa ngola a re: “Ho mameleng seo ba se lumelang Bokresteng, Lipaki tsa Jehova li lefa makhetho a tsona, li mamela molao, ba sebetsa ka letsoalo le khutsitseng, . . . Watch Tower Society ha e khothalletse litho tsa eona ho qoba ho lefa makhetho: ho e-na le hoo, ho bonahala Mokhatlo o khothalletsa hore ho sebelisanoe le sena.”—Social Compass, XXIV/1 1977, maq. 128, 130.
E, keletso eo Jesu a faneng ka eona tabeng ea lekhetho ke eo Bakreste ba lokelang ho loanela ho e latela. Hona ha ho bolele hore ba bang ba lokela ho itšunya-tšunya litabeng tsa motho ka ho belaela hore mohlomong ha a tšepahale tabeng ena; re lumela hore Bakreste ka letsoalo le khutsitseng ba tla sebelisana le se hlokoang ke Sesare. Ka botšepehi le takatso ea letsoalo le letle, ba nea Sesare lekhetho la moputso leo a le batlang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Molao o ka ’na oa hloka hore ho tlalehoe moputso, ’me, mohlomong, ho lefuoe makhetho a mang, a kang lekhetho la Tšireletso Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika.