Ho Nyarela ka Litabeng
Na ba Basoeu ba Batle ho Feta ba Batšo?
● Libuka tsa Cyril Burt, mothei oa Lenyesemane oa kelello ea thuto, ka lilemo li ne li talingoa e le ‘bopaki’ ba hore ho se tšoane bohlaleng ha meloko ho bakoa ke lefutso. Tse fumanoang bocha tse hatisitsoeng ho makasine ea “Science” li bontša ntle “ho pelaelo leha e le efe” hore mongolo oa se joalo o ileng oa bokelloa ke Burt o ne o e-na le “leshano.” Libukeng tsa hae tse neng li rorisoa haholo, Burt o ne a bolela hore ba basoeu ba batle ho feta ba batšo, le hore bana ba malapa a phahameng ba phahametse ba mekhoro ka kelello, hore Manyesemane a bohlale ho feta Mairishi le Bajode, le hore banna ba bohlale ho feta basali.
Nakong e fetileng ho ne ho nahanoa hore tse ling tsa liphoso tsa hae li hlahisitsoe “ke ho se tsotelle ho e-na le bolotsana bo etsoang ka boomo,” empa se batlisisitsoeng se senola hore mahlakore ’ohle a lipalo a lokisitsoeng ke Burt a hatisitsoe lilemo tse 30 pelenyana ’me a nkiloe litekanyong tse sa tšoaneng tsa bohlale ’me li abetsoe batho ba lihlopha tse sa tšoaneng.
Litlaleho li akaretsa se fumanoeng bocha ka litlhahlobo tsa haufinyane tsa bohlale: ‘Tlhahlobo ea tekanyetso ea bohlale e lekanyetsa feela ntlha e khethehileng ea matla a kelello. Litlhahlobo tse sa tšoaneng li hlahloba matla a sa lekaneng a kelello. Sehlopheng sefe le sefe sa batho ho teng ba tla ba le tsebo e fetisisang ntlheng e ’ngoe empa ba fokole ho e ’ngoe.” Ha ho moloko oo ka lefutso o leng bohlale ho feta o mong hobane “[Molimo] o entse mefuta eohle ea batho ka mali a le mang.”—Lik. 17:26.
Papali ea chelete le Kereke
● Kereke ea Roma e K’hatholike e ile ea eletsa litho tsa eona joang ka ho voutela hore papali ea chelete e etsoe ka molao? “Bakhethi ba Bak’hatholike ba neng ba lebelletse hore kereke e ba tataise ba ne ba fumana hore ka kakaretso baruti ha ba ba nee ntlha—hangata e le hobane ho kena ha kereke ka boeona papaling ea chelete ho bokella liranta tse baloang ka likete-kete selemo le selemo.” Ke kamoo ho ileng ha bolela “National Catholic Reporter,” e ileng ea phaella ka hore: “Ka kakaretso kereke ha e nyatse papali ea chelete; baeta-pele ba kereke ba sekametse ho nyatseng papali ea chelete e ‘etsoang ho tlōlisa.’ Ho hang ho leka-lekana hoa fokola ha kereke e tsoela pooaneng: New Jersey, karolo ea Newark e ile ea hanyetsa seboka sa 1974 le 1976 se ileng sa qetella se lumelletse papali ea chelete ea casino Motseng oa Atlantic: Karolong ea Camden, e akarelletsang Motse oa Atlantic, mobishopo o ile a bolela hore taba ke eo mokhethi e mong le e mong a ka iketsetsang qeto ka eona.”
Ho thoe’ng ka lipapali tsa “bingo” tse laoloang ke kereke? Haeba tsena e le boithabiso feela ho ea kamoo kereke e bolelang, ke hobane’ng he, ha li batla “malepa” a maholo, ao a mang ho boleloang hore a lekana $1 500 (U.S.)? Moprista oa New York William Bradley o ile a lumela hore: “Ha rea tšoanela ho ba teng ho ‘bingo’—ntle ho hore re tlameha ho lefa melato, re tšehetse likolo.”
Le haeba baholo ba ithaopela ho bolela hore ‘bingo’ ke papali ea chelete kapa che, tlaleho ea 1976 e tsoang ho Commission of Review of the National Policy ka Papali ea chelete e bolela hore “‘bingo’ e etsoang e le phallelo . . . e etsoa, leha ho le joalo, joaloka mosebetsi oa khoebo oa [papali ea chelete] . . . ’me moifo o khothalletsa hore, bakeng sa taolo, ho se be le khethollo e etsoang.”
Batho ba tšabang Molimo ba hlokomela hore mefuta eohle ea papali ea chelete e hahiloe meharong le hore ‘ba batlang ho hongata ka meharo’ le “balotsana” “ha ba na kabelo ’musong oa Molimo.”—1 Ba-Kor. 6.10, phetolelo ea “Williams.”