Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 1/15 leq. 27
  • Ba Joaloka Lingaka Tse Hlōloang ke Mosebetsi oa Tsona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Joaloka Lingaka Tse Hlōloang ke Mosebetsi oa Tsona
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 1/15 leq. 27

Ba Joaloka Lingaka Tse Hlōloang ke Mosebetsi oa Tsona

MEHLENG ea moprofeta Jeremia boitšoaro ba baahi ba naha ea Jerusalema le Juda bo ne bo senyehile haholo. Baprista le baprofeta ba bohata ba ne ba phaella bothateng bona. Lentsoe la Jehova leo a le buileng ka Jeremia le itse: “Hobane ba hlile ba ineela takatso ea ho rua kaofela, e monyenyane le e moholo; moprofeta le moprista e mong le e mong ba etsa bohata. Ba oka leqeba la morali oa sechaba sa ka ka bobebe, ka ho re: Khotso! khotso! kanthe ha ho khotso.”—Jer. 6:13, 14.

Tšenyeho e ne e le ho e mong le e mong—e monyenyane le e moholo. Batho ba ne ba amehile haholo ka lithahasello tsa bona, ba ne ba sa tsotelle ka tsa ba bang. Ba ne ba etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e ka ba ruisa. Ba neng ba lokela ho ruta batho ba ne ba sa tšepahale ka bobona. Joaloka lingaka tse hlōlehang ho hlahloba mokuli hantle ’me li mo nea meriana e fosahetseng, baprista le baprofeta ba bohata ba ne ba hlokomoloha tšenyeho e neng e tsoela pele har’a Baiseraele. Ba ne ba bolela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lokile kapa ho na le khotso, ha bonneteng, sechaba se ne se kula boitšoarong. Ka baka leo ba ne ba leka ‘ho oka leqeba la Baiseraele habobebe.’

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela