Lentsoe la Molimo Lea Phela
Molimo O Sebelisa Baikokobetsi
HAHABO Amose ke Tekoa, motse o lutseng ka thoko ho Jerusalema ka lik’hilomithara tse 16. Ka bochabela ke lefeella la Juda, ka maralla a lona a machitja le a nyopileng, a arotsoe ke likhohlo le mangope. Nakong ea lipula, sebaka se mela botala bo foko-fokolang. Mona Amose o sebetsa e le morui oa linku. Hape o sebetsa e le mokotuli oa sykomora nakong ea ha e butsoitse, a e pepeta ho potlakisa hore e butsoe le ho eketsa boholo ba eona le monate.—Amose 1:1; 7:14, 15.
Ha a ntse a alositse, Amose o fumana pitso ea ho sebeletsa e le moprofeta oa Jehova. A susumetsoa ke moea oa Molimo, o leba nqa leboea ho kena sebakeng sa ’muso oa meloko e 10 ea Iseraele. Ka sebete, Amose o tsebisa molaetsa oa kahlolo bakeng sa ntlo ea borena ea Jeroboame, mora oa Joase, ’me hape o bolela e sa le pele ho isoa botlamuoeng ha Iseraele.—Amose 6:7; 7:9, 11.
Ha a le Bethele, setsi sa borapeli ba namane, ho profeta ha Amose ho tšoenya moprista oa borapeli ba litšoantšo Amatsia haholo. A batla ho tšoasa moprofeta oa Jehova, o re ho eena: “Ralipono, tloha, u balehele lefatšeng la Juda; u jele bohobe teng, u profete teng. Empa ha e le Bethele, u se hlole u profeta teng, hobane ke nqalo e khethehileng ea morena; hape, ke eona ntlo ea borena.”—Amose 7:12, 13.
A betefalitsoe ke moea oa Molimo, Amose a ema a tiile. “’Na, ha ke moprofeta, leha e le mor’a moprofeta,” ha a arabela, “empa ke molisa, ke phela ka ho ikhella litholoana tsa sykomora. Empa Jehova o ntšoere ke alositse mohlape, ’me Jehova a re ho ’na: E-ea, u profete holim’a sechaba sa ka sa Iseraele.” Joale o bolela ho Amatsia kahlolo e tla mo oela ka baka la ho hanyetsa molaetsa oa Molimo: “Mosali oa hao o tla betoa [a silafatsoa ke masole a lebotho le hapang] har’a motse, bara ba hao le barali ba hao ba lihuoe ke lerumo; naha ea hao e tla aroloa ka khoele [ke ba tla lula naheng], uena u tla shoa lefatšeng le litšila [ka ntle ho naha ea Iseraele].”—Amose 7:14-17.
Ho khethoa ha Amose e le moprofeta oa Jehova lekholong la borobong la lilemo B.C.E. ho bontša ka matla hore ea Matla ’ohle ha a itšetleha ka ba bohlale ba lefatše hore a phethe mosebetsi oa hae. Le hona joale ho sebeletsa morero oa Molimo hantle ho sebelisa baikokobetsi ba ithaopelang ho ikokobeletsa moea oa hae. ’Me e bile ba hlokang tšabo hakaakang ha ba bolela lebitso la hae le ’muso! Kahoo ho soabisoa ba bohlale. Jehova Molimo kahoo a ipaka hore bohlale ba bona ha bo hlokahale. Mahlale ao ba ikhohomosang ka oona a bontšoa hore hase a bohlokoa.—1 Ba-Kor. 1:26-31.