Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 2/1 leq. 24
  • Tumelo e Fetolang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tumelo e Fetolang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 2/1 leq. 24

Tumelo e Fetolang

Finland, monna e mong e mochanyana ka nako e ’ngoe o ne a e-na le mokhoa o tebileng oa lithethefatsi. Ha le lilemo li 14, o ne a ikopantse le sehlopha sa ba sebelisang lithethefatsi ’me a fetohile lesholu hore a ’ne a ntšetse tloaelo ea hae pele. Ka lebaka la sena o ne a qetelletse chankaneng. Qetellong, a qala ho phela le ngoanana oa sehlopha sona seo. Ka 1977 mosali a etsa boiteko ba ho tlohela mokhoa oa lithethefatsi, ’me, kamor’a ho bala “Molula-Qhooa” le “Tsoha!” ka bobeli ba ba teng kopanong ea Bokreste. Bohloeki ba moea bo ileng ba hlokomeloa ’mōkeng oo ba ba khahla haholo. Ho bona malapa a thabileng ha ba ama, matsoalo a bona a hlajoa, ’me ba hlokomela hore ba etsa phoso. Ha qalisoa thuto ea Bibele le bona ’me ba qala ho ba teng libokeng tsa Bokreste. Ka Loetse 1977, mosali a khaola litlamo tsa hae le Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, ’me ka bobeli ba ngolisa lenyalo la bona ka molao. Kamorao ho moo, ba qala ho kopanela tšebeletsong ea tšimo, ba abelana molaetsa oa ’Muso le ba bang. Monna o hopola hore, pelenyana, o ile a khothatsoa kopanong ea setereke ea 1977 ha motsoalle ea neng a sebelisitse lithethefatsi nakong e fetileng a mo phathatsa lehetleng ’me a re: ‘Na u ntse u sebelisa “amphitamines?” Le ’na nkile ka li sebelisa. Empa, u se ke ua tšoenyeha. U tla lokoloha ho tsona, joaloka ’na, ka thuso ea Jehova.’ Ho kolobetsoa ha banyalani bana ba banyenyane kopanong ea lichaba ea Helsinki ka la 15 Phupu, 1978, e bile mohlala o phelang oa tumelo e hlōlang—tumelo e nang le matla a fetolang.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela