Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 2/1 maq. 22-23
  • Jehova o Hlohonolofatsa ba Etsang ka Matla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Hlohonolofatsa ba Etsang ka Matla
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ikitlaetseng ka Matla”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • O ne a Batla ho Thusa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Naamane le Ngoanana oa Moiseraele
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • O ne a le Manganga Empa Qetellong o Ile a Mamela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 2/1 maq. 22-23

Jehova o Hlohonolofatsa ba Etsang ka Matla

“Etsang ka matla ho kena ka monyako o patisaneng; hobane . . . ba bangata ba tla rata ho kena, ’me ba tla sitoa.”—Luka 13:24.

TŠEKAMELO ea batho ba sa phethahalang ke ho latela tsela e bobebe. Hangata batho ba batla ho hongata bophelong empa ha ho mohla ba finyellang litakatso tsa bona ka baka la ho se rate ho etsa boiteko bo hlokahalang. Ba bang ba khotsofalletse feela hore ba ’ne ba lore le hore mohlomong ba itekele lehlohonolo tlholisanong ea “lottery,” ba tšepile hore ba tla fumana mokhoa oa ho phethahatsa litoro tsa bona. Basebetsi ba bangata ba buella meputso e phahameng le beke e khutšoanyane ea mosebetsi. Chelete e ngata ho se boiteko bo bongata ke eona taba bakeng sa batho ba bangata kajeno. Empa batho ba bang ba hlokomela hore ho teng ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholo ho feta matlotlo a bonahalang. Ke efe?

Ke efe ntho eo e ka bang ea bohlokoa haholo ho mang kapa mang ho rōna ho feta ho amoheloa ke Molimo ho isang polokong? Na re ka lebella ho fumana hoo ntle ho ho etsa ka matla? Le hoja Molimo o entse sohle se hlokahallang ho pholosa batho, na hona ho bolela hore batho ba tla fumana poloko ka mokhoa o itlisang, ntle ho boiteko leha e le bofe ba bona? (Tite 3:4-7) Jesu Kreste o fane ka karabelo ha a arabela potso, “Hleka ba tlang ho bolokeha ha ba bakae na?” A re: Etsang ka matla ho kena ka monyako o patisaneng; hobane kea le bolella, ba bangata ba tla rata ho kena, ’me ba tla sitoa.”—Luka 13:23, 24.

Na u ikemiselitse ka tsela eo ho etsa ka matla ho phela taolong e ncha ea ho loka ea Molimo? Batho ba bangata ba ka thabela bophelo lefatšeng le lokolohileng ho kuleng le lefung. Empa ha batho bona bana ba khothalletsoa ho ithuta Bibele, ba atisa ho itšitisa ka mabaka a fokolang. ’Me ho se ithaopele ha bona ho iteka kannete ho tseba ka Molimo, haeba ho phehelloa, ho ka ’na ha ba thibela ho kena kamohelong ea bomolimo. Bohle ba ratang ho amoheloa ke Jehova Molimo ba lokela ho ithaopela ‘ho etsa ka matla’ ho tsoeleng pele e le bahlanka ba oona, ba fihla tsebong ea ’Mōpi hamolemo le ho phela tumellanong le ho mo tseba ha bona. Oona, koana, o tla ba thusa ka moea oa oona, ha feela ba batla hore o ba etelle pele.

Ha e le hantle, maemong a mangata bophelong, menyetla e ka fosoa haeba motho a sa etse ka matla. Liproverbia 26:15 e re nea mohlala o fetisisang oa sena, e re: “Sekhoba se isa letsoho ho ngoatha lefisong; empa se tsoafa ho le busetsa molomong.” Ka lijo tsa moea, boemo hangata bo tšoana haholo le bo bontšoang ke maele. Batho ba bangata ba nang le Bibele malapeng ba lapile moeeng hobane feela ha ba etse boiteko ba ho e nka moo e lutseng teng ’me ba e bale.

Ntle ho ho sekamela botsoeng, motho o tlameha ho loantša monahano o seng motle haeba a tla etsa ka matla. Ka mohlala, haeba a ikutloa hore ho etela batho malapeng a bona ho abelana le bona molaetsa oa Bibele ho thata haholo, hona ho tla mo thibela feela le hore a ka qalisa. Hangata, leha ho le joalo, haeba a ne a ka leka, o ne a tla fumana hore a ka finyella mosebetsi ka thuso ea moea oa Molimo.

Ka lehlakoreng le leng, ka linako tse ling ke bonolo ba khothalletso bo etsang hore batho ba belaele hore na e tšoaneleha hakae. Ho ka ’na ha etsahala hore ebe ha ba e hlalohanye. Naamane ke motho e mong ea batlileng a oela lerabeng lena. O ne a ile Iseraeleng, a tšepile ho ea phekoloa lepera. E le motho ea phahameng, a lebella hore a nahaneloe ka mokhoa o khethehileng ke moprofeta Elisha. Empa Elisha ha a ka a etsa feela le hore a mo bone ka mahlo, a mpa a laela mohlanka oa hae hore a bolelle Naamane hore a hlape ka makhetlo a supileng ka Nōkeng ea Jordane. Naamane a ho nka e le ho mo theola hore a hlape Jordane e seretse. O ne a lebelletse pheko ea mohlolo. Hoja feela a se ke a mamela keletso ea bahlanka ba hae, Naamane a ka be a khutletse Damaseka le lepera la hae. Empa a lumellana le litaelo tsa Elisha tse bonolo ’me a phekoleha.—2 Mar. 5:9-14.

Joale, hape, e ka ’na ea e-ba tšabo ea ho soabisa motho e mong kapa ea ho fumana karabelo e seng monate ho ba boholong ho thibelang motho hore a ka nka karolo e mafolo-folo. Nehemia oa lekholong la bohlano la lilemo B.C.E. ke mohlala o motle oa ea sa kang a lumella tšabo ena hore e mo eme pele. Le hoja a ne a le boemong ba botšepuoa ba ho ba moqhatsetsi ka lebaleng la Morena Ataxerxese, Nehemia ha a ka a lumella menahano ea hore mohlomong morena o tla hana kapa a se ke a khahloa e mo khutsise. Ha monyetla o hlaha, Nehemia a rapela Jehova ’me ka hlonepho a tsebisa ka kōpo ea hae. Hase feela hore morena o ile a amohela seo a se kōpang, empa hape a nea Nehemia mangolo a mo lumellang ka leeto la ho khutlela Jerusalema le a ho sebelisa lifate tse tsoang morung oa borena ho tsosolosa marako le menyako ea Jerusalema.—Neh. 2:1-8.

Rōna ho thoe’ng ka rōna? Bakreste ba bang ba ka ’na ba e-ba monyebe ho kōpa nako mosebetsing hore ba be teng likopanong le balumeli hammoho le bona. Le hoja mohlomong ba ne ba ka neoa nako ea phomolo hoja ba kōpa, ho tšaba ha bona hore ba tla haneloa ho ba etsa hore ba fosoe ke taeo e ntle ea moea. Basali ba bang ba Bakreste ka linako tse ling ba thabela karolo feela ea liboka tsa phutheho hobane ba nahana hore banna ba bona ba sa lumelang ba ke ke ba ba lumella ho ea ho tsona kaofela. Leha ho le joalo, ho ka ’na ha etsahala hore mohlomong ha ho mohla bana ba kōpileng banna ba bona. Leha ho le joalo, ba bang ba maemong oona ao ba ka bolela liphihlelo tse ngata tse hahang hobane ba ile ba kōpa. Ka sebele, litabeng tse sa tšoaneng, haeba re sa kōpe, re ke ke ra fumana.—Bapisa Mattheu 7:7-11.

E, haeba re batla ho hlohonolofatsoa ke Jehova, ho hlokahala hore re etse ka matla. Ho finyella sena, hanela tšekamelo leha e le efe ea botsoa, se ke ua itumella hore u nyahamisoe ke boholo ba mosebetsi kapa ho bonahala ha oona o le bonolo, ’me u se ke ua tlohela ho kopa ka baka la ho tšaba ho arabeloa ka mokhoa o seng monate. Ha ho fihloa tabeng ea tšebetso e amanang le borapeli ba ’nete, u ka atleha ka thuso ea moea oa Molimo.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela