Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 10/1 leq. 15
  • Botho bo Fetoloa ke ’Nete ea Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Botho bo Fetoloa ke ’Nete ea Bibele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 10/1 leq. 15

Botho bo Fetoloa ke ’Nete ea Bibele

Seithuti sa sekolo se tlase sa Japane se ne se atisa ho halefa. Ha e le hantle, hona ha fihla ntlheng eo ho eona se neng se senya thepa ea ntlo lapeng. Empa joale sa fumana ’me sa bala buka “Ho Mamela Mosuoe e Moholo” ’me sa lumela hore e mong oa Lipaki tsa Jehova a ka ithuta Bibele le sona.

Tsebo ea ’nete ea Mangolo ea phakisa ea fetola botho ba mocha. A fetoha ea mamelang batsoali ba hae ’me a se ke a hlola a halefa.

Ha mocha a ntse a ithuta ho ea pele, a ananela bohlokoa ba ho thusa ba bang hore ba fumane tsebo ea ’nete. Eaba o rapela Jehova Molimo hore a mo fe sebete sa ho atamela le ho thusa moshemane ea neng a le likhathatso haholo sehlopheng sa hae. Ka tsatsi le leng seithuti se senyenyane sa Bibele sa kenella pakeng tsa ntoa e neng e loanoa ke mokhathatsi le seithuti se seng seo ba balang le sona ’me a otloa haholo ke moshemane eo a neng a rata ho mo thusa moeeng. Kaha seithuti sa Bibele ha sea ka sa iphetetsa, mocha ea likhathatso a ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha a sa tšoane le bashemane ba bang?’

Matsatsi a seng makae hamorao, ba babeli ba buisana, ’me qetellong ha qalisoa thuto ea Bibele le mocha ea manganga. Kajeno, bacha bana ba babeli ke baboleli ba ’muso, ’me ’mè oa moshemane oa pele a nka Bokreste ba ’nete. E, botho bo ka fetoloa ke ’nete ea Bibele.

“Ka baka leo, baratuoa, erekaha le lebeletse tse joalo, itiiseng hore le tle le fihleloe ke eena le e-na le khotso, le se na letheba le sekoli. ’Me le lemohe hobane mamello ea Morena oa rōna, ke poloko; joale ka ha Pauluse, ngoan’abo rōna ea ratoang, a le ngoletse le eena, ka bohlale boo a bo neiloeng.”—Ba-Kol. 3:9, 10.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela