Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 10/1 maq. 16-22
  • Tšepo ea Tse Bōpiloeng—E Emetse ho Phethahala

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšepo ea Tse Bōpiloeng—E Emetse ho Phethahala
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO FANOA KA TŠEPO E TSOANG HO MOLIMO
  • LIBOPUOA TSE BATHO ‘TLAS’A BOSAOANA’ KA TŠEPO EA TOPOLLO
  • Litebello Tsa Paradeise ke Tsa Sebele ho sa Tsotellehe ho se Utloe ha Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lefu, Sera sa ho Qetela, le Etsoa Lefeela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Re ka Ithuta ho Banyalani ba Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Kamoo Taba ea Edene e Leng Bohlokoa ho Uena
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 10/1 maq. 16-22

Tšepo ea Tse Bōpiloeng—E Emetse ho Phethahala

“Tšepo e ntse e le teng ea hore le tsona tse bōpiloeng li tla holloa bohlankeng ba tšenyeho, li tle li be tokollong ea khanya ea bana ba Molimo.”—Ba-Roma 8:20, 21.

1, 2. Re fapane joang le batho ba lefatšeng ba nang le tšepo e se nang motheo bakeng sa libopuoa tse batho?

TŠEPO bakeng sa batho ho bonahala e se na motheo! Ke batho ba bangata ba nahanang joalo.

2 Leha ho le joalo ho teng ba nang le tšepo feela ba se na motheo oa ho lebella hore e phethahale. Leha ho le joalo, re ba tšepileng re e-na le motheo o tiileng oa ho lebella ho phethahala ho khanyang ha tšepo ea rōna. Ho sena re tšoana le monna oa mehleng ea boholo-holo.

3. Ntlheng ena, re tšoana le mang, ’me tšepo e theiloeng hantle ea hlooho eo ea lelapa ea boholo-holo e ile ea phethahatsoa joang?

3 Monna eo e ne e le oa Bochabela ea bitsoang Abrahama, eo pele a neng a phela ho seo hajoale se bitsoang Iraq. A lumela tšepo e khethehileng e ileng ea beoa ka pel’a hae, a fallela sebakeng se neng se bitsoa Beer-sheba, ho ea ka leboea ho Hloahloa ea Sinai. Tabeng ea Abrahama, tšepo ea sechaba se itseng ea tlamana le ho tsoaloa ha moshemane ke mosali oa hae Sara. Lilemo tsa bophelo tse mashome a robong a metso e robong tsa phaellana holim’a hae, mosali oa hae eena tsa e-ba 89. Feela tjee, botsofali bo boholo bo ne bo ka tima tšepo ea bona ea ho ba le moshemane. Empa Abrahama o ne a tšepisitsoe ke Motho eo ho seng mohla a hlōlehang tšepisong ea hae, e leng, Molimo oa hae, Jehova. Abrahama, joale a etsa joang? A tšoarella tšepong eo a e neiloeng ke Molimo. Tlaleho ea Bibele ea pale e re: “Abrahama o lumetse ka tšepo, leha ho no ho se sebaka sa ho tšepa, hore o tla fetoha ntat’a lichaba tse ngata, ka seo a se boleletsoeng [ke Molimo], ha thoe: Leloko la hao e tla ba le lekalo.” (Ba-Roma 4:18) Tšepo ea Abrahama ha e ka ea e-ba masoabi, hobane, ka mohlolo, o bile le mora oa hae Isaaka ka mosali oa hae Sara. Ka ho tsoaloa hona, ha hlaha lichaba!

4. (a) Libopuoa tsohle tse batho li tlamahantsoe ka’ng, e seng feela mabapi le batho ba phelang hona joale empa ho isa morao hakae? (b) Ke lipotso life tse hlahang mabapi le monna oa pele ha a alositse a le mong lehaeng la hae la lefatšeng?

4 Kajeno pōpo eohle ea batho e tlamiloe ka tšepo e fanoeng ke Molimo! Ha e bue feela ka baahi ba phelang hona joale ba lefatše, empa ho batho bohle ho ea fihla morao ho bana ba tsoileng ho motho oa pele ka ho toba lefatšeng, Adama. Ho tlotlisoeng ha ’Mōpi oa hae, monna enoa oa pele o ne a entsoe hore a phele e le ea phethahetseng ka ho feletseng ’meleng le mohopolong. O ile a beoa lelapeng le phethahetseng la lefatšeng, tšimo ea Edene, ka litokisetso tsohle bakeng sa ho boloka bophelo bo phethahetseng ba botho thabong. ’Mōpi oa hae, Ntate oa hae oa leholimo, ea e-ba molekane oa hae, a bua le eena ka mehla a tsoa sebakeng se sa bonahaleng. Ntle ho mona, a potolohiloe ke liphoofolo tsohle tsa naha, linonyana le lihlapi tšimong ea Edene, Adama o ne a e-na le ho hongata ho thibela hore a ka hlora. Empa ke hobane’ng ha Ntate oa leholimo oa Adama a ile a ’mea Paradeiseng ee e thabisang? Hore e be molebeli a le mong oa meru kapa serapa? O ne a reretsoe ho phela le ho thabela molemo ona ’ohle matsohong a Monei-Bophelo oa hae halelele hakae?

5. Likarabelo lipotsong tseo li ne li itšetlehile ka motho ofe, ’me ke keletso efe e nakong eo Adama ea phethahetseng a neng a ka e hopola?

5 Adama a neoa hore a utloisise hore hona hohle ho itšetlehile ho eena! Ka monahano oa hae o feletseng, Adama o ne a ke ke a lebala keletso e fanoeng ho eena ke Ntate oa hae oa leholimo: “Ha e le lifate tsohle tsa tšimo, u tla li ja; empa ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, u se ke ua se ja, hobane mohla u se jang, u tla shoa.”—Gen. 2:16, 17.

6. Taelo eo ea bomolimo e ne e ka bulela batho eng, ’me bana ba Adama ba ne ba ka ba teng joang?

6 Taelo eo ea bomolimo ea phetlela Adama monyetla oa ho phela ka ho sa feleng, haeba eo e ne e le thato ea Molimo bakeng sa hae. Joalokaha tlaleho e bontša hamorao, Adama o fetse a phela lilemo tse 930, empa a ka ba a ’nile a phela ka ho sa feleng. A ikarabella ka hore ebe rea shoa kajeno. Joalokaha bohle re lokela ho hlokomela, motho eo oa pele lefatšeng o bile le bana: ho seng joalo re ka be re sa phele. Empa e ne e se ka tsela e se nang botho ea ho ikatisa eo liteko tsa bahlalefi kajeno li e bitsang mokhoa oa ho ikatisa ntle ho likamano tsa botona le botšehali joalokaha ho le joalo ka limela tse ling. Ho e-na le hoo, joaloka tabeng ea linonyana le liphoofolo, Molimo oa mo bōpela ea tšoanang le eena e motšehali, mosali, a nka lehopo lehlakoreng la Adama ho qalisa pōpo ea hae. E bile ka ho nyalisa monna oa pele mosali oa pele lefatšeng, Molimo o ileng oa bea ka pel’a bona tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. A ba hlohonolofatsa ’me a ba bolella hore ba hlahise mofuta oa bona e le hore ba ka tlala lefatše lohle, leo paradeise e neng e tla atolosetsoa ho lona.—Gen. 2:18-24; 1:26-28.

7. Ke boemo bofe ba litaba tsa batho boo Adama le Eva ba sa kang ba lebella hore bo sebetse, ’me ke hobane’ng ha molato oa tsela ea litaba tsa batho o ke ke oa beoa holim’a noha?

7 Pono ea batho bohle ka nako eo e ne e tletse tšepo haholo. Ha ho mohla Adama le Eva ba ileng ba lebella ho bona bana ba bona ‘ba feheloa hammoho le ho ba bohlokong hammoho’ ka baka la boemo ba ’mele, boitšoaro kapa tulisano boo re iphumanang har’a bona kajeno. Ho ja ka ho hloka kutlo tholoana ea sefate sa ho tseba botle le bobe mohlomong ho ile ha bonahala e le ntho e nyenyane ka bohona, empa ke hona ho ileng ha ikarabella bakeng sa boemo bo teng hona joale. Ka ho ja ka boetsalibe, ho qala Eva, joale ho latela Adama ba senya tšepo eo ba e neiloeng ke Molimo, ba sa ntsane ba se na bana. Hoja Molimo oa se ke oa kenella ka mokhoa o itseng, rōna kajeno re ka be re se na tšepo ho hang. Ke ’nete, noha Edeneng e ile ea kenella litabeng, empa re ke ke ra jarisa sehahabi seo molato kaofela. Ho e-na le hoo, Bibele e re supisa moea o sa bonahaleng oo e bileng mohlohlelletsi oa noha. E ne e le mang? Lengeloi la leholimo, le neng le ikemiselitse ho furallisa Adama le Eva hore ba etse Jehova Molimo tšepo ea bona.

8. Eva o ile a thetsoa hore a etse joang, ’me ke hobane’ng ha rōna kajeno re sa iphumane re le tšimong ea pele ea Edene?

8 Moreri eo oa mano oa mofetoheli ea ileng a bua ka noha a thetsa Eva hore a leke ho iketsa ea tšoanang le Molimo. Ha a le joalo, o ne a tla iketsetsa tšepo eo e leng ea hae eo a ikhethetseng eona. Ho tla fihlela ka nako eo monna oa hae, Adama, e ne e bile moprofeta oa Molimo ho eena. Adama o ne a sebelitse joaloka ’muelli oa Molimo ho bolella Eva taelo ea Molimo ea hore ho se ke ha jeoa tholoana e hanetsoeng. Empa kamor’a ho iketsa molimotsana ka ho ja tholoana e hanetsoeng, a iketsa moprofeta oa mosali oa noha ka ho sebelisa lentsoe la hae le monate ho eka Adama hore a kopanele le eena ho tlōleng molao. Qetellong, ka mabaka a hlomphollang Molimo, Adama a ‘mamela lentsoe la mosali oa hae,’ moprofeta oa bohata oa mosali. (Gen. 3:17) Kahoo, Jehova Molimo a liha kahlolo e lokileng ea lefu holim’a moprofeta oa hae ea sa tšepahaleng, Adama. Eva, mosali oa Adama, a oela tlas’a kahlolo eo. Ho se ho itšoanela leha ba shoele, ba lelekeloa ka ntle ho tsimo ea Edene, ho ea phela matsatsi a ba saletseng lefatšeng le sa lengoang. Rōna bohle, re e-s’o tsoaloe ke Adama le Eva, ra lelekeloa ka ntle le bona.

9. Na tšepo leha e le efe e fapaneng le e neng e boletsoe molaong oa Molimo ho Adama e ne e le teng bakeng sa batho ba babeli ba baetsalibe ba ka boomo, ’me taba ea tloheloa joang mabapi le rōna bana ba bona?

9 Ha ho pono e fapaneng le e neng e boletsoe molaong oa Molimo ho Adama e ileng ea beeloa batlōli bao ba molao ba ka boomo ba pele, Adama le Eva. Ka nepo, ha ho tšepo eo ba ileng ba e beeloa, hobane ba ne ba lahlile tšepo ea pele eo Molimo o neng o ba file eona. Empa na bohle re ile ra sala ho se tšepo ea letho bakeng sa rōna, bana ba bona ba sa ikarabelleng? Ka thabo ha ho joalo ho rōna!

HO FANOA KA TŠEPO E TSOANG HO MOLIMO

10. Ke mang ea ahlotsoeng pele Edene, eo a bitsoa’ng, ’me enoa o ne a tla tsoella joang khohlanong e hlileng ea boleloa?

10 Mantsoe a tšepo ha a ka a tobisoa ho Adama le Eva, ba mpile baa utloa ha a boleloa feela. Mantsoe a Molimo a neng a e-na le motheo oa tšepo bakeng sa rōna a ile a tobisoa ho moea oa lerabele oo ka masene o neng o sebelisitse noha ho thetsa Eva hore a fetohe moprofeta oa mosali ea atlehileng oa oona. Eo a reoa lebitso la Satane Diabolose. Ka baka la ho qala tsela ea ho thetsa le ea bolotsana bakeng sa morero oa ho khelosa, leha e ne e le ka noha Edene, a boela a bitsoa “noha ea khale.” (Tšen. 12:9; 20:2) Sebopuoa sena sa moea se ikentseng molimo, sa pele ho qala leshano ka Molimo le ho mosali, ke sona sa pele se fumaneng kahlolo e tsoang ho Molimo Edeneng. Molimo oa bolela thohako ea oona ho eena ’me joale oa hla oa bolela ntoa e tla ba teng eo ho eona “noha ea khale” le ba nkileng lehlakore la eona khohlanong ba neng ba tla hlōloa ho eona.

11. Mantsoe a polelo ea kahlolo holim’a “noha ea khale” a ile a lumella tšepo leha e le efe mabapi le peō ea Adama le Eva joang?

11 Ho “Noha ea khale” Molimo oa re: “Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peō ea hao le peō ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e lōma serethe.” (Gen. 3:14, 15) Hona ha bolela ho felisoa ha “noha ea khale” le peō ea eona. Empa na kahlolo ee ea Molimo e ile ea fana ka mabaka leha e le afe a tšepo bakeng sa bana ba kamoso ba Adama le Eva? Che, e seng ka ho toba, empa feela ka tšupiso kapa mabaka a amehang.

12. Mantsoe a Molimo ho Satane a kenya “mosali” oa mofuta ofe tabeng, ’me ke hobane’ng ha Maria ’m’a Jesu Kreste a sa ka a finyella ho ba “mosali” eo?

12 Ke moo he, mosali o kenngoa tabeng. E ne e tla ba ofe? Ke ea neng a tla bontša ho hloea, a bontše bora ho “noha ea khale” le peō ea eona. Eva, ea neng a ikentse moprofeta oa bohata oa mosali oa “noha ea khale,” o ne a ke ke a tšoaneleha. O ne a susumellelitsoe ho lumela hore Jehova Molimo o leshano. Le eena Maria, ’mè oa Jesu Kreste, o ne a ke ke a ipaka a lokela. Ho ne ho tla feta lilemo tse likete tse ’nè pele ngoanana enoa oa Mojode a tsoaloa e le setloholo sa Abrahama, a le tlas’a Molao oa Bajode. Mora oa hae oa letsibolo, Jesu, a phela lefatšeng ka lilemo tse 331⁄2 feela. Eare ha ’mè oa hae oa lefatšeng a bona se entsoeng ka baka la “noha ea khale” ho mora eo eo a mo neiloeng ka mohlolo Calvary, Maria o ne a phetse karolo e molemo ea bophelo ba hae. Kahoo eena ka boeena o ne a ka hloea “noha ea khale” ka lilengoana tse seng kae feela tsa bophelo.

13. Ke mang kapa ke eng e neng e ka ipaka ho ba “mosali” ea boletsoeng, ’me a thabela ho beoa boemong bofe ho noha ea tšoantšetso le peō ea eona?

13 Ka ho utloahalang, “mosali” oa boprofeta ba Molimo e ne e tla ba ea neng a phela ’me a mametse ha Molimo o bua le “noha ea khale” Edeneng. “Mosali” oa tšoantšetso o ne a tla phela ho ea pele le kamor’a lefu la Eva, e, ho tla fihlela nakong ea Molimo ea hore “mosali” enoa a hlahise “peō” e tšepisitsoeng, ho ipakileng ho etsahetse lilemo tse fetang 3 000 kamor’a lefu la Eva. Kahoo, “mosali” enoa oa tšoantšetso e ne e ka ba ofe ha e se “mosali” oa Molimo, ke hore, phutheho ea hae ea leholimo ea libopuoa tse halalelang tsa moea tse ileng tsa hana ho kopanela le “noha ea khale” bofetoheling ba eona? Tsa hlompha lenyalo la Molimo ho phutheho ea hae ea bokahohleng e tšepahalang ’me tsa se ke tsa ikarola ho oona ho kopanela le phutheho e neng e tla nyalana le “noha ea khale.” Tsa thaba haholo ha Molimo o bea bora pakeng tsa tsona le “peo” e hlophisitsoeng ea “noha ea khale.”

14. (a) Kahoo tebello ea se neng se beiloe ka pel’a “mosali” oa Molimo e ne e le efe le phihlelo efe ea moraonyana ea basali? (b) Na re tsoaletsoe kamanong ea ho ba bana ba Molimo, empa ke tšepo efe e beiloeng ka pel’a batho?

14 Edeneng, he, Molimo oa bea tebello e kang ea ’mè ka pel’a phutheho ea hae e kang mosali ea leholimo. Ho tloha ka nako eo ho ea pele e ne e ka tšepa ho ba ’mè oa “peō” eo Monna oa eona, Jehova Molimo, e neng e tla ba Ntate. Ho “mosali” oa hae ho phethahala ha tšepo ena e ne e le ntho e lokelang ke hore e emeloe ka lilemo tse 4 000. E ne e ikemiselitse ho feta tlas’a bohloko leha e le bofe bo neng bo ka ameha ho sena, joaloka tabeng ea mosali oa tšoantsetšo ea bonoang ponong e hlalosoang ke moapostola oa Mokreste Johanne ho Tšenolo 12:1-5. Botsoali ke takatso e tšoanelehang ea mosali e mong le e mong ea hōlileng. Joale ke hobane’ng ha ho ne ho ke ke ha beoa botsoali ka pel’a phutheho ea Molimo ea leholimong ea “mosali.” Ka ho loketseng, tšepo ea botsoali ea beoa ho “mosali” oa Molimo pele Molimo ka mohau o lumella Eva, mosali oa Adama eo joale e seng e le moetsalibe, e be motsoali kantle ho Edene. Empa e ne e se ka tsela ea tlhohonolofatso ha Molimo o re ho Eva oa moetsalibe: “Ke tla u atisetsa bohloko ba hao haholo-holo kemarong ea hao; u tla beleha bana ka bohloko.” (Gen. 3:16 khahlanong le 1:28) Ka ho fetisetsa boitsebiso ka boprofeta ba Molimo ka “peo” ea “mosali” ho bana ba bona, Adama o ne a sa sebetse joaloka moprofeta oa Molimo; leha e le eena mosali oa hae, Eva, e ne e se moprofeta oa Molimo. Le haeba Adama le Eva ba ile ba lumela tšepiso ea Molimo e ho Genese 3:15 kapa che, Molimo o ne o reretse peō ea bona hore e thee tšepo ea eona tšepisong eo. Le hoja Adama a ile a bōpuoa e le “Adama, oa Molimo,” rōna, peō ea hae e sa phethahalang, le ea baetsalibe, ha rea tsoalloa ho beng bara ba Jehova Molimo. (Luka 3:38) Ka baka leo, ha re na bopaki ba tlhaho ba moea o halalelang oa Molimo o pakelana le oa rōna oa botho hore re bana ba Molimo. Leha ho le joalo, na tšepo e teng ea hore re khutlele lelapeng la Molimo la bara? E, e teng!

15. ’Nete ea hore kajeno ho teng batho ba fetang limillione tse 4 000 ba ntseng ba phela lefatšeng e supa eng mabapi le taba ea batho?

15 Hoja taba e ne e le e se nang tšepo bakeng sa rōna, ke hobane’ng ha Molimo o ile oa lumella hore re tsoaloe ke Adama le Eva re le bangata hakana—meloko e fetang 100 hole ea peō ea bona ho tla fihlela joale? Kajeno, kamor’a lintoa tsohle le likoluoa tse ling ntle ho ho kula le lefu la tlhaho re phela re le palo e fetang limillione tse 4 200, ’me ho boleloa hore ka selemo sa 2000 C.E. ho tla be ho le teng batho ba limillione tse 6 000 lefatšeng. Na hona hohle e bile lefeela? Ka ho totobetseng ha ho joalo!

16. (a) Ka baka la ho hloka ho ithusa ha motho, ho phethahala ha tšepo ea tse bōpiloeng ho itšetlehile ka matla a mang hore a etse? (b) Ke ho tsoaloa le bophelo ba mang lefatšeng tse ileng tsa tšoaea phetoho paleng ea batho?

16 Koana, motho a ke ke a ikinola. Leha ho le joalo taba ea moloko oa motho hase e hlokang tšepo, ho sa tsotellehe ho se tšepise ha lintho ho bonahalang. Hona ha hoa tsoaloa ke ntho leha e le efe e ka etsoang ke motho, empa ho hang e theiloe ho seo Molimo o seng o se entse ’me o sa ntsaneng o tla se etsa ho latela tšepiso ea oona e sa senyeheng. Kaha Molimo o ile oa lumella meloko e ka bang 70 hore e tsoalloe Adama le Eva, ho ile ha lumella Mora oa oona ea tsoang leholimong hore a tsoaloe e le motho Jesu Kreste. Lefatšeng Mora enoa oa Molimo o ile a phethahatsa thato ea Molimo bakeng sa molemo oa batho kaofela. Hona ha tšoaea phetoho paleng ea rōna batho!

LIBOPUOA TSE BATHO ‘TLAS’A BOSAOANA’ KA TŠEPO EA TOPOLLO

17. Ho Ba-Roma 8:19-24, moapostola Pauluse o ile a ngola eng ka taba ea ho beoa ha batho boitekong ba lefeela ba bona le ka ho emela ha tse bōpiloeng eng ka ho feheloa?

17 Kamor’a lilemo tse 23 Jesu Kreste a phethile tsela ea hae ea lefatšeng ’me a nyolohetse leholimong, moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ngolla phutheho e Roma, Italia, ’me a re: “Hobane tse bōpiloeng kaofela li lebeletse ponahalo ea bana ba Molimo ka hlolohelo e kholo. Hobane tse bōpiloeng li ne li beoe tlas’a ’muso oa bosaoana, e seng ka ho rata ha tsona, empa e le ka baka la ea li beileng ka tlas’a oona; tšepo e ntse e le teng ea hore le tsona tse bōpiloeng li tla holloa bohlankeng ba tšenyeho, li tle li be tokollong ea khanya ea bana ba Molimo. Hobane rea tseba hore tse bōpiloeng tsohle li ntse li feheloa, li bile li tsietsing hammoho, ho fihlela joale. ’Me hase tsona li ’notši, empa le rōna re nang le lithakangoaha tsa Moea, e, le rōna re feheloa ka hare ho rōna, re lebeletse ho beoa bana, e leng topollo ea ’mele ea rōna. Hobane re bolokehile ka tebello [tšepo].”—Ba-Roma 8:19-24, bapisa le NW.

18. (a) Ke mang ea beileng libopuoa tsohle tse batho tlas’a bosaoana, hona joang? (b) Litsamaiso tsa batho li re fihlisitse kae kajeno, ’me na se haufi le ho etsahala se tšoana le ‘se lebelletsoeng’ ke tse bōpiloeng tse feheloang?

18 Ea beileng libopuoa tse batho tlas’a bosaoana kapa tsieleho ke Molimo. Ha rea kenngoa teng ka boithatelo ba rōna, joalokaha re sa ka ra ithatela hore re tsoaloe. Ke Molimo o ratileng hore re be teng, ho sa tsotellehe ho ahlolela ha hae Adama le Eva lefu. (Gen. 3:16-24; 5:1-4) Leha ho le joalo, ha rea tsoaloa ka ‘khanya ea tokoloho’ eo Adama le Eva ba neng ba e-na le eona pele tšimong ea Edene e le “bana ba Molimo.” Re tsoaletsoe ‘bohlankeng ba tšenyeho,’ tlas’a thohako ea peō eohle ea Adama e isang lefung. (Ba-Roma 5:12) Kahoo, re ne re ke ke ra itopolla. Boiteko bohle ba rōna ba ho itopolla bo ne bo ahloletsoe lefeela, tlhōleho. Boiteko bohle bo entsoeng ke mebuso ea motho bo re fihlisitse kae? Litokisetso tsohle tsa tulisano, moruo, lichelete, bongaka le mahlale tsa batho ba neng ba tšepile li re fihlisitse hokae ho tla fihlela kajeno? Kaofela ha rōna re ntse re feta tlas’a litšila tsa kelello, ’mele le boitšoaro. Hape, hona joale ho bonahala hore ntoa ea libetsa tse chefu tse betsoang le maoatleng le tse theohang holimo sebakeng e tla bolela qetello e sa reriseng bakeng sa rōna kaofela. Na hona ho ka hlalosoa e le ‘tebello e chesehang’ ea popo e bobolang?

19. Ke ka morero ofe Molimo o ileng oa bea motho ea oeleng bosaoaneng kapa mokhathaleng, empa o ho entse motheong oa tšepo efe?

19 Leha ho le joalo, ’Mōpi oa motho ka boeena ha a tlas’a lefeela kapa tsieleho. Batho ba silafetseng ba ke ke ba tsietsa morero oa ’Mōpi. Kahoo, eena ka boeena ke tšepo bakeng sa rōna. Kahoo ha rate hore re itšepe, empa re tšepe eena. Rōna kaofela o re beile tlas’a ho hlōleha ha botho, e le hore re se be le motheo oa ho itšepa. E le eena Mohloli feela oa tšepo, o beile batho tlas’a lefeela, empa e seng ntle ho motheo oa tšepo. Ho e-na le hoo, Ba-Roma 8:20, 21 e re: “tšepo e ntse e le teng ea hore le tsona tse bōpiloeng li tla holloa bohlankeng ba tšenyeho, li tle li be tokollong ea khanya ea bana ba Molimo.”

20. (a) Na seo se bitsoang “lefatše le lokolohileng” se thabela ‘tokollo e khanyang ea bana ba Molimo’? (b) ‘Tebello ea tse bōpiloeng’ e emetse ho bonahatsoa ha eng?

20 Kajeno babusi ba khopolo e ’ngoe ea bopolotiki ba bolela sebaka sa bona e le “lefatše le lokolohileng” ha se bapisoa le batho ba tlas’a lipuso tse fapaneng le eo. Empa, ho sa tsotellehe se boleloang ke lihlopha tse hohlanang tsa bopolotiki, ha ho le e ’ngoe ea tsona e nang le ‘tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo’ Molimo le Ntate oa Morena Jesu Kreste ke eena feela ea nang le tšepo bakeng sa lelapa la motho matsohong a hae hore ba khutlisetsoe kamanong eo Adama le Eva ba neng ba e-na le eona ha a ba bōpa Edeneng. Empa tsosoloso ena e tlameha ho emela bohato ba kamoso ba Molimo. Hore na bona ke bofe re ithuta mantsoeng a moapostola: “Tse bōpiloeng kaofela li lebeletse ponahalo ea bana ba Molimo ka hlolohelo e kholo.” (Ba-Roma 8:19) Moapostola Pauluse, ea ileng a ngola mantsoe ana a ho Ba-Roma 8:15-17, o ne a ipalella har’a ‘bana bao ba Molimo.’

21. E moholo ho ‘bana bao ba Molimo’ ke ofe, ’me leqeba la “serethe” sa hae le phekotsoe joang, ka morero ofe ho ea ka Ba-Heberu 2:14, 15?

21 ‘Bana bana ba Molimo’ ka ho khetheha, ke peō ea “mosali” oa Molimo, joalokaha e boletsoe boprofeteng ba Molimo ba Edene, ho Genese 3:15. Ea ka sehloohong oa “peō” eo ea phutheho ea leholimo ea Molimo ke Jesu Kreste, eo Molimo o ileng oa lumella “noha ea khale” e mo lōme serethe lefung la hae sefateng sa tlhokofatso ka selemo sa 33 C.E. Empa Molimo oa phekola leqeba leo la serethe ka ho tsosa Mora oa oona ea tšepahalang ka letsatsi la boraro a shoele. Ka ho tsosoa e le Mora oa moea oa leholimo oa Molimo, e seng Mora oa motho, o ne a ka amoheloa hape ke “mosali” oa Molimo oa leholimo. Enoa, joalokaha Ba-Heberu 2:14, 15 e bolela, “a felise ka lefu la hae ea nang le ’muso oa lefu, ke ho re, Diabolose, ’me a lokolle bohle ba neng ba le bohlankeng ka matsatsi ’ohle a ho phela ha bona ke ho tšaba lefu.”

22. Litho tse sebakeng sa bobeli ke life tsa “peō” ea “mosali” oa Molimo?

22 Litho tse nkang sebaka sa bobeli tsa “peō” ea “mosali” oa Molimo ea entsoeng ka litho tse ngata ke barutuoa ba Jesu Kreste, ba tsoaloang ka moea oa Molimo hore e be “bana ba Molimo” ba moea le majalefa hammoho le moholoane oa bona, Jesu Kreste, leholimong.

23. Ho ea ka 1 Petrose 1:3, 4, Molimo o tsoaletse litho tsa “peō” tšepong efe, ’me na tšepo eo e sa ntsane e sebetsa nakong ee e seng e ile?

23 Moapostola Petrose o bua ka tšepo ea bona ea leholimo e le e “phelang” ha a ba ngolla: “Ho bokoe Molimo, Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste, kahobane ka boholo ba mohau oa oona o boetse o re tsoaletse tšepong e phelisang ka ho tsoha ha Jesu Kreste bafung, re tle re fuoe lefa le sa boleng, le se nang sekoli, le sa omelleng, le boloketsoeng lona leholimong.” (1 Pet. 1:3, 4) Tšepo ena ea bona e ntse e ‘phela’ le kajeno. Ha e-ea bolaoa ke tieho e bonahalang eka e teng ho phethahaleng ha eona bakeng sa masala a bona a ntseng a le lefatšeng. Ba lebelletse ho bona tšepo ena e phethahala haufinyane ka nako e beiloeng ea Molimo oa bona le Ntate, Jehova. Moapostola Pauluse o re hopotsa ka Genese 3:15, ha a ngolla phutheho ea ba tsoetsoeng ka moea ba Roma ’me a re: “Molimo oa khotso ke oona o tla phakisa o robokele Satane ka tlas’a maoto a lōna.”—Ba-Roma 16:20.

24. Ho bonahatsoa ha “bana ba Molimo” ba joalo ho lebelletsoe ka cheseho ke bo-mang, ’me ho bonahatsoa hona ho etsahala kamor’a ketsahalo efe?

24 Ho “bonahala” ha ‘bana bana ba Molimo’ le Mor’a e moholo oa Molimo, Jesu Kreste, haufinyane ke sona ‘se lebelletsoeng ka cheseho ke libopuoa tse batho.’ Empa haufinyane re lebelletse ‘mahlomola a maholo’ ao Ntate oa leholimo, Jehova Molimo, a tla a lokolla holim’a bahanyetsi le bahlorisi ba bakelang bara ba hae ba moea le metsoalle ea bona e tšepahalang mahlomola.—Tšen. 7:14, 15; 2 Ba-Thess. 1:6-10.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela