Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 9/15 leq. 20
  • Lentsoe la Molimo le Kopanya Lelapa Hape

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lentsoe la Molimo le Kopanya Lelapa Hape
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 9/15 leq. 20

Lentsoe la Molimo le Kopanya Lelapa Hape

Tlaleho e tsoang Dominican Republic e bolela ka molaoli oa sesole eo lelapa la hae le neng le le lintšing tsa ho qhalana. A rōmeloa France, empa, ka baka la mathata a tsa lichelete, monna a fumana ho hlokahala hore a rōmele lelapa la hae Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika. Kapele, leha ho le joalo, monna a tšoareha haholo ke basali ba bang. O re:

“Kamorao ho nakoana ka hlokomela hore ha ke etse hantle ’me letsoalo la ka la qala ho ntšoenya. Eaba le ’na ke ea Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika. Moo ka rapela Molimo hore o nthuse.

“Ka utloela ka liboka tse tšoareloang sebakeng se haufi le lapeng ha ka. Eaba ke nka mosali oa ka le bana ba banyenyane ho ea sebakeng sena. E ne e le Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova. Ra qalisetsoa thuto ka potlako ’me ka tsoela pele ka pele. Eare ha ke qala ho ithuta ka Bibeleng ka bophelo ba lelapa, ka sebelisa lintho tseo. Lelapa la rōna le arohaneng, la phakisa la kopana. Ra ba bahoeletsi ba ’muso, ’me hona joale re khutletse hae Dominican Republic, re thabile re khotsofetse.”

Ka nako e ’ngoe, monna enoa e ne e le ’m’ampoli a bile a sa ikokobetsa hakaalo. Hona joale, leha ho le joalo, ke Mokreste ea sebeletsang ka boikokobetso ho e ’ngoe ea liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova Santo Domingo.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela