Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 9/15 maq. 15-20
  • Re ka ea ho Mang ha e se ho Jesu Kreste?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re ka ea ho Mang ha e se ho Jesu Kreste?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “TŠIEA LE MOTHEO OA ’NETE”
  • HO ANANELA JEHOVA
  • “HASE BA LEFATŠE”
  • HO SHEBA PELE
  • TSELA EA BOHLALE
  • “Ba Ntse ba Latela Konyana”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • “Lekhoba” le Tšepahalang le Bile le le Masene
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • “Ha e le Hantle ke Mang eo e Leng Lekhoba le Tšepahalang le le Masene?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lekhoba le Tšepahalang le le Masene ke Mang?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 9/15 maq. 15-20

Re ka ea ho Mang ha e se ho Jesu Kreste?

“Morena, re ka ea ho mang? ke uena ea nang le mantsoe a bophelo bo sa feleng. ’Me re lumetse, ra ba ra tseba hobane ke uena Kreste, Mokhethoa oa Molimo!”—Joh. 6:68, 69.

1, 2. (a) Ka baka la se boletsoeng ke Jesu Kreste, ke hobane’ng ha ho se ho qea-qea ka hore na Bakreste ba lokela ho ea ho mang? (b) Jesu o ne a ile a re’ng pelenyana ka ho fumana bophelo, hona ka lihlopha life tse peli?

NAKONG ena e hlokang hore ho etsoe liqeto tsa bohlokoa, Bakreste ba ’nete ba ineetseng ka ho feletseng likelellong tsa bona ha ba qea-qee hore na ba ka ea ho mang. Tsela ba e bontšitsoe ka ho hlakileng. Ha a buisana le ba neng ba tšoarelletse le eena melekong ea hae, Jesu o itse: “Ke ’na tsela, le ’nete, le bophelo; ha ho motho ea ka tlang ho Ntate, ha e se ka ’na.” (Joh. 14:6) Ka lekhetlo lona leo, a boela a re: “Ke ’na sefate sa ’nete sa morara, ’me molemi ke Ntate. . . . Ea lulang ho ’na, le ’na ke lula ho eena, eo o bea haholo; hobane ka ntle ho ’na le ka sitoa ho etsa letho.”—Johanne 15:1, 5.

2 Mantsoe ao a Jesu a ile a ipakahatsa e le ’nete hakaakang bophelong ba baapostola le barutuoa ba bang ba pele! ’Me a ipakile e le ’nete ho tla fihlela mehleng ea rōna. Le hoja a ne a tobisitsoe ho ba moleng oa ho fumana sebaka ’musong oa Molimo oa leholimo, a bolela ’nete eo ho eona balateli bohle ba ’nete ba Kreste kajeno ba ka fumanang molemo. Qalehong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a re: “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:16) ’Me mantsoe ana a sebetsa ka matla a lekanang ho linku tsohle tseo Jesu a buileng ka tsona ho Johanne 10:16: “Ke sa na le linku tse ling, tsee e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka khona ke li tlise, ’me li tla utloa lentsoe la ka, ’me mohlape o tla ba mong, molisa le eena a be mong.”

3. (a) E ’ngoe ea litsela tseo Jesu a bileng le balateli ba hae ka eona hoba a nyolohele leholimong ke efe? (b) O bile le bona hape ka tsela efe?

3 Ka Jesu Kreste, Jehova Molimo o entse tokisetso e ngata ho etella pele bahlanka ba hae ba ineetseng leseling le ntseng le tsoela pele la ’nete, ho talimiloe bophelong bo sa feleng. Nakoana pele a nyolohela leholimong, Jesu o ile a matlafatsa tumelo ea barutuoa ba hae ba ka bang 500 ba neng ba bokane Galilea ka mantsoe ana: “Bonang, ’na, ke na le lona ka mehla eohle, ho isa bofelong ba lefatše.” (Matt. 28:20; 1 Ba-Kor. 15:6) O bile le bona joang? Ka moea oa hae o halalelang; empa hape le ka tsela e ’ngoe hape. Ha a ne a bolela ka boteng ba hae le bofelo ba tsamaiso ea lintho, Jesu o ile a tiisetsa balateli ba hae hore o ne a tla khetha “mohlanka ea khabane, ea bohlale” ea neng a tla hlokomela likhahleho tsa hae le ho fepa balateli ba hae ho theosa le mehla ea Bokreste ka lijo ka nako e tšoanelang. Se ipaka se tšepahala, sehlopha sena sa “mohlanka” se ne se tla khethoa ke Jesu, holim’a mesebetsi eohle ea hae ha a e-tla la bobeli. E, le ka ‘mohlanka enoa ea khabane, ea bohlale’ Jesu o bile le balateli ba hae.—Matt. 24:45-47.

“TŠIEA LE MOTHEO OA ’NETE”

4. (a) Kaha Jesu o tšepahetse tšepisong ea hae, ho ka thoe’ng ka phutheho ea hae? (b) Ke boprofeta bofe bo khothatsang bo phethahatsoang ho balateli ba ’nete ba Jesu kajeno?

4 Kaha Jesu o bile le balateli ba hae ba tlotsitsoeng, phutheho ea Bokreste, joalokaha moapostola Pauluse a boletse, e bile kannete “tšiea le motheo oa ’nete.” (1 Tim. 3:15) E fane ka bopaki ba hore e na le moea oa Molimo ka ho bea tholoana ea oona. (Ba-Gal. 5:22, 23) Lintlheng tsena le ho tse ling tse ngata, lipaki tsa Bakreste tsa Jehova li ema li fapane ka mokhoa o khanyang ho mekhatlo e meng eohle e mengata e etsang Bojakane, Iseraele oa moea ka lebitso. Kaha Jesu Kreste o na le bana, mantsoe a khothatsang a fumanoang ho Esaia 65:13, 14 a phethahatsoa ho tsona. “Ka baka leo, ho itsoe ke Morena Jehova: Bonang, bahlanka ba ka ba tla ja, empa lona le tla lapa; bonang, bahlanka ba ka ba tla noa, empa lōna le tla nyoroa; bonang, bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lōna le tla soaba. Bonang, bahlanka ba ka ba tla bina ka baka la thabo ea lipelo tsa bona, empa lōna le tla llisoa ke bohloko ba pelo, le bokolle ke moea o soabileng.”

5, 6. (a) Sehlopha sa “mohlanka” se hlile sa bolela tumelo ea sona linneteng life tse peli tse khōlō? (b) Ke hobane’ng ha bao ba ho Babylona e Moholo ba sitoa ho ananela thuto ea topollo? (c) Ke ka tsela efe thuto ea Liithuti tsa Bibele ka ho tla ha Jesu la bobeli e neng e khethollehile?

5 Bonneteng, phapang eo e qalile ho totobala qalehong ea pale ea kajeno ea batho ba Jehova. Baemeli bana ba “mohlanka ea khabane, ea bohlale” tlas’a tsamaiso ea Jesu Kreste ba ile ba bonahatsa tumelo ea bona e matla Bibeleng, ho kopanyelletsa le tlaleho ea Genese ea pōpo, e le Lentsoe le bululetsoeng la Jehova Molimo, joalokaha ho bile joalo ka Jesu Kreste. (Matt. 4:4-10; 19:4-6) Ho hlileng ha phahamisoa ka mokhoa o khethehileng ke thuto ea bohlokoa ea topollo e fanoeng ka lefu la sehlabelo la Jesu Kreste, Mora oa Molimo. (1 Tim. 2:5, 6) Ha ho lea mong ho Babylona e Moholo ea ka ananelang thuto ena ka baka la ho tšoarella ha bona lithutong tseo e seng tsa mangolo tse kang Boraro-bo-bong ho se shoe ha moea, tlhokofatso e sa feleng, kapa ka baka la ho latola hore Jesu ha a phela pele e e-ba motho e le Logos le hore o tsoetsoe ke moroetsana.—Matt. 1:23; Joh. 1:1.

6 Ho amanang haufi le kananelo e hlakileng ea thuto ea topollo ke kutloisiso e nepahetseng ea morero le mokhoa oa ho tla la bobeli le “boteng” ba Kreste. ‘Liithuti tsena tse tiileng tsa Bibele’ kamoo Lipaki li neng li tsejoa kateng ka nako eo, ke tsona feela tse ileng tsa lemoha ka ho hlakileng phapang pakeng tsa motho Jesu Kreste ea faneng ka theko ea topollo le boleng bo khanyang bo tsoselitsoeng moeeng bo tla boela bo khutla hape bo sa bonahale ho tla busa e le Morena ’musong oa Molimo.—Matt. 24:3; 1 Pet. 3:18.

7. Ke mangolo afe le mabaka tse bontšang hore ho teng qetello e habeli bakeng sa ba fumanang molemo topollong ea Kreste?

7 Qalehong ea pale ea tsona ea kajeno Liithuti tseo tsa Bibele tsa bona hore ho tla ba teng qetello e habeli bakeng sa ba fumanang molemo topollong ea Kreste, ea leholimo le ea lefatše. Tlas’a tsamaiso ea Jesu Kreste li tsebile ho etsa hore mangolo a bolelang ka moputso oa leholimo bakeng sa balateli ba Kreste le ao a buang ka mahlohonolo a lefatšeng a paradeise a lumellane. Ha ho sehlopha le se seng hape se ipolelang hore ke sa Bokreste se hlaketsoeng ke taba ena, empa e bile e hlakileng hakaakang ho ba rutiloeng ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale” ka lilemo tse fetileng tse 100! Bibele ka ho hlakileng e bolela hore peō ea Abrahama e tla hlohonolofatsa—bo-mang? E seng eona ka boeona empa malapa ’ohle a batho. (Gen. 22:17, 18; Ba-Gal. 3:16, 29) Bana ba 144 000 ba emeng le Konyana Thabeng ea Sione ba tla busa le Kreste e le marena le baprista holim’a bo-mang? E seng holim’a bona ka bobona empa holim’a batho ka kakaretso ba tla beng ba phela lefatšeng la paradeise.—Tšen. 14:1; 20:4, 6; 21:4.

HO ANANELA JEHOVA

8. Liithuti tsa pele tsa Bibele li ile tsa ithuta ho ananela eng ka lebitso la Jehova le litšoaneleho tse khōlō?

8 Kaha Jesu Kreste o ne a sebelisa sehlopha sena sa “mohlanka,” kutloisiso ea bona ea Lentsoe la Molimo e ’nile ea hlaka ka ho tsoelang pele ’me e le ka ho nepahetseng haholoanyane. Sa ananela hore “Jehova” e ne e le lebitso le nang le seo le se bolelang la Molimo oa ’nete le hore le ne le sebetsa feela ho ’Mōpi, Ea Holimolimo. (Pes. 83:18; 100:3) Ho hang ho thata bakeng sa mang kapa mang ea itšoarelletseng Tumelong ea Athanasia ka Boraro-bo-bong ho ananela ’nete eo. Ho ileng ha boela ha ananeloa ke bana e bile litšoaneleho tse khethehileng tsa bohlokoa tsa Jehova Molimo: bohlale, matla, toka le lerato. Litumelo tsa Bojakane tse rutang pelekatori, tlhokofatso e sa feleng le hore Molimo o leka ho sokolla lefatše, li qoba ho hlokomela Molimo oa litšoaneleho tse phahameng hakaalo.—Ba-Roma 11:33; Gen. 18:14; Deut. 32:4; 1 Joh. 4:8.

9. Ho ithutiloe eng ka hore na ke hobane’ng ha Molimo o lumelletse bokhopo? (Jobo, likhaolo 1 le 2; Ezek. 23:49)

9 Ka leseli la Lentsoe la Molimo le ntse le khanya haholoanyane, tumellanong le motheo o boletsoeng ho Liproverbia 4:18, batho ba Jehova ba bona ka mokhoa o hlakileng haholoanyane hore na ke hobane’ng ha Jehova Molimo a lumelletse bokhopo le mahlomola ka mefuta eohle. Ha ho ba bang hape ba ipolelang hore ke Bakreste ba tsebileng ho hlalosa sena. Ke hobane’ng ha Jehova Molimo a lumelletse maemo aa? Ka baka la khang ea ho lokela, ho tšoaneleha ha borena ba Jehova ba Bokahohleng e hlahisitsoeng ke borabele ba Satane; hape le pelaelo e amanang le eo ea hore na motho a ka boloka botšepahi ho sa tsotellehe sohle se ka etsoang ke Diabolose.

“HASE BA LEFATŠE”

10, 11. (a) Johanne 17:16 e pakiloe e le ’nete joang ho batho ba Molimo? (b) Ho se nke ha bona lehlakore ho etsa hore mantsoe afe a Jesu a sebetse ka ho khethehileng ho bona?

10 Bopaki bo eketsehileng ba hore Jesu Kreste o bile le sehlopha sa hae sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale” ka nako ena eohle bo bonoa ka ho utloisiseng ha bona phapang e khōlō e teng pakeng tsa phutheho ea Jehova le phutheho ea Satane Diabolose. Batho ba Jehova ha ba teng tumelong e kopanetsoeng! Ha ba na botsoalle ba letho le bolumeli ba bohata kapa karolo leha e le efe e ’ngoe le lefatše la Satane. (2 Ba-Kor. 4:4; 6:14-16) Ho bona, ’me e le ho bona feela ho sebetsa mantsoe a Jesu a fumanoang ho Johanne 17:16, a reng: “Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše.” Ka baka lena ho se nke lehlakore ha bona likhohlanong le lipolotiking tsa lefatše ho fela ho ntšitse Lipaki tsa Jehova e le tse khethehileng. Ho bile joalo haholo ho qaleng ha Ntoa ea II ea Lefatše. Le hoja boemo ba bona ba ho se nke lehlakore bo ile ba etsa hore baena ba rōna ba bangata ba hlomohe ke mahloriso a matla, litlamo ’me ka linako tse ling ke lefu ’me hona ho ntse ho tsoela pele, leha ho le joalo, nako le nako ho ba sebeletsa molemo, ho fella ka ho pholosoa ha bophelo ba bona, joaloka Ireland Leboea, Lebanone, Rhodesia le linaheng tse ling tse harasoaneng ke qhoebeshano.

11 Boemo bona ba ho se nke lehlakore bo bile ba sebeletsa ho hatisa Lipaki e le Bakreste ba ’nete. Joang? Ka hore har’a tsona ’me e le har’a tsona feela ke moo ho ka fumanoang bonnete ba mantsoe a Jesu joalokaha a ngotsoe ho Johanne 13:34, 35, a reng: “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna. Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” Ka baka la ho ba le lerato lena ba leleka likhatello tsohle tsa hore ba ka ameha qhoebeshanong e har’a merabe, lichaba, meloko kapa mekha ea lipolotiki.

12. Ke motheo ofe o nolofalelitseng Bakreste hore ba nyalanye mangolo ao ho bonahalang eka a itoantša mabapi le ho ikokobeletsa Sesare?

12 E se ba lefatše, batho ba Jehova ba ema ba tsepame motheong o ileng oa boleloa ke baapostola ho babusi ba Bajode, ba re: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.” (Lik. 5:29) Ka nako eona eo ba utloa keletso e fumanoang ho Ba-Roma khaolo ea 13 ka ho ikokobeletsa ba boholong. Ba tsebile ho nyalanya metheo ena eo ho bonahalang eka e-ea itoantša joang? Ka ho sebelisa motheo oa boikokobetso bo nang le moeli. E, Bakreste bana ba utloa ba boholong, le haeba ke batsoali, joaloka tabeng ea bana ba tlase lilemong; banna, tabeng ea basali; benghali kapa baholo ba mebuso, ha feela ho ikokobeletsa bona ho sa tlōle melao leha e le efe ea Molimo. ’Me ka lebaka la ho utloa, e seng feela ka baka la tšabo empa ka baka la letsoalo, joalokaha ba laeloa ho re ba etse joalo ho Ba-Roma 13:5, ho etsahetse hore ba hlonephuoe lefatšeng ka bophara e le baahi ba nang le khotso, le ba utloang molao, le ba falimehetseng ho lefa makhetho a bona. Bonneteng, boiteko bo tiileng, bo matla le bo phehellang bo etsoa tekanyong e ’ngoe le e ’ngoe ho kenya metheo ea boitšoaro bo khabane ka likelellong le lipelong tsa bohle ba kopanelang le Bakreste bana. Boiteko bo joalo bo etsoang ke lipaki tse tšepahalang tsa Jehova ke bo khethollehileng har’a lihlopha tse ipolelang hore ke tsa Bokreste. Ho buang ke tšoaneleho, e seng bongata ba palo.

13. Ke boemo bofe ba Mangolo bo nkiloeng ke ba nang le sehlopha sa “mohlanka” ka tšebeliso ea mali?

13 Ho boetseng ho tšoaeang Bakreste bana e se ba lefatše hape ke boemo ba bona tšebelisong ea mali. Kajeno ke batho bana feela ba jereng lebitso la Jehova bao ka ho hlakileng ba utloisisang le ho hlonepha taelo ea Mangolo ea ho ‘tela mali,’ taelo e amang ho halalela ha bophelo. Ho tlang pele ho bona ke boiketlo ba bona moeeng. (Gen. 9:4-6; Lik. 15:28, 29) Boemo ba bona ka mali bo ba entse hore ba se ratehe ho ba bangata, hobane ba tšoarella ho bona le haeba bophelo ba bona ba hona joale bo le kotsing. Leha ho le joalo, hangata boemo ba bona bo ’nile ba ba boloka liphellong tse sa lebelloang tse hlahisoang hangata ke litšelo tsa mali. Lentsoe la Molimo le bolela ka ho hlakileng le ka mokhoa o ipheta-phetang hakaakang taba empa leha ho le joalo, ke bafe, ntle ho batho ba Jehova, bao ka pelo eohle ba lumellanang le oona? Ha ba eo ho hang!

HO SHEBA PELE

14. Ke tebello efe e ’nileng ea lebelloa ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale”?

14 Joaloka molula-qhooa ea khabane, sehlopha sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale” se ’nile ’me se sa ntsane se lebelletse ho bona hore na Jehova o tšoere eng bakeng sa nako e tlang. Boemong ba sona bo phahameng se lemohile bopaki bo bokellaneng ba ho atamela ha mahlomola a maholo a tla tšoaea bofelo ba tsamaiso ena ea lintho phethahatsong ea mantsoe a Jesu a boprofeta a fumanoang ho Mattheu likhaolo 24 le 25, Mareka 13 le Luka 21. Re ka tiisa hore taolong e ncha ea ka morao ho mahlomola batho ba boloketsoe mahlohonolo a maholo. Lefatše la sebele la paradeise, le tlatsitsoeng ka batho bao Jesu Kreste a ba lopolotseng! Ke tebello e khōlō hakaakang! Ruri barati bohle ba ’nete le ho loka ba laba-labela ho atamela ha puso e sa sitisoeng ea ’muso oa Molimo ’me ba ntse ba o rapella joalokaha Jesu a re rutile ho rapela.—Matt. 6:10; Tšen. 20:6; 21:4.

15. (a) ’Nete ea hore sehlopha sa “mohlanka” ha sea phethahala e ’nile ea ba hloka hore ba etse joang? (b) Hona ho ile ha hloka eng ho ba kopanelang le “mohlanka”?

15 Ka baka la tšepo ena, “mohlanka ea khabane, ea bohlale” o falimehiselitse batho bohle ba Molimo pontšong ea mehla e supang bohaufi ba puso ea ’muso oa Molimo. Ntlheng ena, leha ho le joalo, ho ke ho hlokomeloe hore ‘mohlanka enoa ea khabane, ea bohlale’ ha ho mohla a kileng a bululeloa, ea e-ba ea phethahetseng. Lintho tseo tse ileng tsa ngoloa ke litho tse itseng tsa sehlopha sa “mohlanka” tse ileng tsa bōpa karolo ea Bokreste ea Lentsoe la Molimo e ne e le tse bululetsoeng le tse se nang phoso, empa hoo hase ’nete ka mengolo e meng ea kamorao ho moo. Lintho tse ileng tsa hatisoa li ne li sa phethahala mehleng ea Charles Taze Russell, mookameli oa pele oa Watch Tower Bible and Tract Society; leha e le hore li ne li phethahetse mehleng ea J. F. Rutherford, mookameli ea hlahlamang. Leseli le ntseng le eketsa ho khanya la Lentsoe la Molimo hammoho le linnete tsa pale nako le nako li ’nile tsa etsa hore ho hlokahale hore ho etsoe litokiso tsa mofuta o itseng ho tla fihlela mehleng ea rōna. Empa le ka mohla re se lebale hore sepheo sa “mohlanka” enoa e ne e le se hloekileng le se se nang boithati ka linako tsohle; se bile le morero o motle ka linako tsohle. Ho feta moo, mantsoe a fumanoang ho Ba-Roma 8:28 a lokela le hona mona: “Lintho tsohle li sebelisana hammoho molemo oa ba ratang Molimo, e leng ba bitsitsoeng ka morero oa oona.” Ha e le hantle, litokiso leha e le life tse ’nileng tsa etsoa kutloisisong li fane ka monyetla ho ba sebeletsoang ke “mohlanka” enoa ho bontša botšepehi le lerato, lerato la mofuta oo Jesu a itseng le tla tšoaea balateli ba hae. (Joh. 13:34, 35; bapisa 1 Petrose 4:8.) Ho ba hlileng ba ratang molao oa Molimo kannete ha ho khopiso.—Pes. 119:165.

TSELA EA BOHLALE

16. Ka baka la se tsoelang pele, re fihla qetong efe e ke keng ea baleheloa?

16 Tlhahlobo ena e tsoelang pele ea pale ea “mohlanka ea khabane, ea bohlale” oa Jehova, ha e bapisoa le pale ea Bojakane, e re tlisa qetong efe? Ena, hore Jesu o tšepahetse tšepisong ea hae. O bile le phutheho ea hae ea Bokreste joalokaha e emeloa ke “mohlanka” eo ho tloha nakong ea ha a nyolohela leholimong ho tla fihlela kajeno. Moea oa Jehova o fela o lutse ka bongata ho “mohlanka” eo le ba kopanelang le eena, ha ba ntse ba mamela melao ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le ho etsa barutuoa. (Matt. 10:7; 24:14; 28:19, 20) Ho lula ho Jesu Kreste ho bolela ho lula ho bao a khahloang ke ho ba sebelisa. Ka ntle ho phutheho ea ’nete ea Bokreste, ke phutheho efe e emeng sebakeng e teng? Ke feela phutheho ea Satane e nang le “sebata” sa hae sa bopolotiki le ’muso oa hae oa lefatše oa bolumeli ba bohata oa Babylona.—Tšen. 13:1, 14, 15; 17:3-6.

17, 18. (a) Ke hobane’ng ha e bile booatla hore ba bang ba furalle Jesu ka baka la seo a neng a se buile ka ho ja nama ea hae le ho noa mali a hae? (b) Ka hona tsela e bohlale bakeng sa rōna kajeno ke efe?

17 Ha Jesu a ne a bolella barutuoa ba hae hore ntle le hore ba je nama ea hae ’me ba noe mali a hae ba ne ba ke ke ba e-ba le bophelo ka ho bona, ntle ho pelaelo ba ile ba ikutloa ka maketse kaofela. Ba bangata ho bona ba khopeha ’me ba khaotsa ho tsamaea le Jesu. Ka baka la polelo eo e le ’ngoe e utloisisoang ka thata ea Jesu, ba khopeha hoo ba ileng ba mo tlohela. Empa e bile booatla bo bokaakang! Ka ho ea ka tsela eo ba ile ba hlokomoloha linnete tsohle tse babatsehang tseo Jesu a neng a li boletse ho tla fihlela ka nako eo. Hona ho thoe’ng ka mehlolo eohle e tsotehang e neng e entsoe ke Jesu ho paka hore ke Messia ea hlileng a boleloa, Mora oa Molimo?—Bapisa Luka 7:20-23.

18 Ke ka nepo Jesu a neng a ka botsa baapostola ba hae, a re: “Na le lōna le rata ho ikela na?” Petrose a ba le karabelo e nepahetseng: “Morena, re ka ea ho mang, ke uena ea nang le mantsoe a bophelo bo sa feleng. ’Me re lumetse, ra ba ra tseba hobane ke uena Kreste, Mokhethoa oa Molimo!” (Joh. 6:67-69) Ka hona kajeno, ha ho talingoa sohle se tsoelang pele tsela ea bohlale ruri ke ho ’na ho kopaneloa le “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” “Mohlanka” eo, ka lehlakoreng le leng o etsa hore re utloisise “mantsoe a bophelo bo sa feleng” ’me, ka lehlakoreng le leng, o re thusa ha re ntse re sebelisa “mantsoe” ao bophelong ba rōna boiketlong ba rōna ba hona joale le ba ka ho sa feleng. Na re ke ke ra leboha Jehova Molimo le Jesu Kreste ka ho ba le “mohlanka” eo har’a rōna?

19. Ke ka litsela life tse sa tšoaneng re ka bontšang hore re leboha Jehova Molimo bakeng sa litšebeletso tsa “mohlanka ea khabane, ea bohlale”?

19 Re ka bontša teboho ea rōna joang? Ka litsela tse ngata. Re ka e bontša ka ho sebelisana le “mohlanka ea khabane” ho boleleng le ho etseng barutuoa. Hape re ka bontša ka hore ka cheseho re iphepe ka lijo tsa moea tseo “mohlanka” enoa a fanang ka tsona ka sebopeho sa libuka le limakasine, haesita le ka ho ba teng libokeng tsa phutheho. Ho ke keng ha hlokomolohuoa ke tokelo ea rōna ea ho rapela bakeng sa moea oa Jehova ho tsamaisa le ho matlafatsa sehlopha sa “mohlanka” enoa bakeng sa mosebetsi oo A nang le oona hore mohlanka a o etse. ’Me ho ea ka matla ao re nang le oona hape ke tokelo ea rōna ho tlatsetsa ka tsela e bonahalang ho thusa ho lefella litšenyehelo tseo “mohlanka” a kenang ho tsona mesebetsing ea lefatše ka bophara. E, ka litsela tsohle tse joalo re ka bontša hore re ananela tsela eo ka eona Jehova Molimo a sebelisang le ho hlohonolofatsa “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” kahoo re boetse re bontša hore re na le tumelo e phelang le e sebetsang e ipakang ka mesebetsi.—Jak. 2:17, 26.

[Lebokose le leqepheng la 19]

LITHUTHO TSA SEHLOOHO TSA BIBELE—Tse Phahamisoang ke Lipaki tsa Jehova

● Ho tumisoa ha lebitso la Jehova le borena

● “Boteng” ba Kreste matleng a ’Muso ‘mehleng ea bofelo’

● Topollo ea Jesu e bula tsela e eang tsohong le bophelo bo sa feleng

● Phapang ea Ntate, Mora le moea o halalelang; e seng Boraro-bo-bong

● Pōpo e seng ntho-li-ikentse.

● Moea oa motho oa shoa

● Ho ikarola lipolotiking tsa lefatše le pefong

● Ho hlonepha molao oa Molimo ka mali le boitšoaro

● Bojakane ke karolo e khōlō ea “Babylona e Moholo”

● Ho hlaolela lerato le botho ba Bokreste

● Tlameho ea Mokreste ea ho bolela le ho etsa barutuoa

● Kolobetso ka ho qoelisoa ka ho feletseng metsing tšoantšetso ea Boineelo

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela