Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 10/15 maq. 5-9
  • Se Hlokoang ke Bacha ho Batsoali ba Bona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Se Hlokoang ke Bacha ho Batsoali ba Bona
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “HO UTLOISISOA”
  • HO TŠOAROA JOALOKA MOTHO EA KHETHOLLEHILENG
  • HO BA LE TATAISO E NYALLANANG
  • THUSO EA HO HLOMA SEPHEO BOPHELONG
  • HO IKUTLOA A HLOKEHA
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ke Hobane’ng ha ke Beheloa Melao e Mengata Hakaale?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Thusa Mocha oa Hao ho Atleha
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Na ho na le Lerabele ka Tlung?
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 10/15 maq. 5-9

Se Hlokoang ke Bacha ho Batsoali ba Bona

MOTHO e mong le e mong e moholo e kile ea e-ba mocha. Motsoali e mong le e mong oa mocha e kile ea e-ba mocha ka boeena. Kahoo batsoali ba lokela ho utloisisa mathata le likhatello tsa bacha. Empa ka makhetlo a mangata haholo batsoali ha ba hopole mathata ao ba bileng le oona ha e le bacha ʼme ba sitoa ho sebetsana le bana ba bona ba tlase lilemong ka kutloisiso. Ntate-moholo o hopola phihlelo ea hae, a re:

“Ha ke sa le ngoana ke ne ke fumana hore taeo ea ka lapeng hangata ke e khahlapetsang le e sa lokelang. Ke sa hopola ha ke ne ke nahana hore mohla ke hōlang ʼme ke e-ba le bana ke tla ba laea ka lerato, ke ba mamele ʼme ke beelane mabaka le bona.

“Ha ke fihla lilemong tseo bophelong ba ka, ka fumana hore likhatello tsa ho hōlisa lelapa li khōlō. Ho sebetsa lihora tse telele ho ne ho nthibela hore ke bone bana ba ka haholo. Ha ke e-na le bona ke ne ke hloka mamello ke teneha kapele.

“Lilemo tseo bana ba hōlang ka tsona li feta ka potlako e khōlō. Hona joale ke ntate moholo, ka boikutlo bo fapaneng ho hang ho boo ke neng ke e-na le bona ha ke le motsoali. Ke fumana nako ea ho bapala le ho thabela litloholo tsa ka, hangata ke batla ho li qobeletsa ha li le khathatsong, ke ikutloa hore batsoali ba bona ba ba khahlapetsa haholo ʼme ha ba na kutloisiso. Hangata ke nahane, Hoja feela rōna re le batsoali re ne re ka bontša sebete le kutloisiso joaloka batsoali ba batsoali.”

Hangata batsoali ba lebala hore bacha ka tloaelo ba inka e le motho ka mong ea nang le litlhokahalo tsa motho ka mong. Ha ba utloisise, ʼme mathata a hlahe. Mohlanka ea ithutetseng ka mathata a bacha o tlaleha hore o kile a botsa bacha ba bangata potso ena: “Ke ntho efe e le ʼngoe eo le e batlang ho feta tsohle ho batsoali ba lōna?” Hoo e ka bang ntle ho khethollo ba re:

“HO UTLOISISOA”

Ngoanana ea lilemo li 15 o ile a bolela takatso ena, a re: “Ke na le batsoali ba batle, empa ke lakatsa eka ba ka utloisisa hore ha ke sa le ngoananyana e monyenyane. Ba ntšoara joalokaha eka ke sehlopheng sa boraro. Hoja feela ba mpa ba nkutloisisa le ho ntšepa.” O ne a batla hore melao e meng e fetoloe ho hlokomeloa lilemo tsa hae.

Takatso ea ho fumana tokoloho e eketsehileng ke karolo e tšoanelehang ea ho hōlela boholong—ʼnete eo batsoali ba bangata ba e-song ho lokele ho e amohela. Ho tloha bongoaneng ngoana oa bona o ne a itšetlehile a bile a tšepile bona ʼme ba ho thabela. Joale mocha oa bona o fetoha ho tloha moeeng oa ho itšetleha ho feletseng ho ea ho oa ho itšepa boeena haholoanyane. Ho fetoha boikutlong hona ha ho hobe. Lilemong tse tlase haholo, bacha ba bang ba qala ho ba le maikutlo a batho ba baholo litabeng. Mohlala oa Bibele ke Morena Josiase. “A sa ntsane a le mocha [a ka ba lilemo li 15], a qala ho batla Molimo oa Davida ntat’ae.” Ha a le lilemo tse ka bang 25 a nka bohato bo matla khahlanong le borapeli ba bohata, boo ntat’ae a neng a bo entse. Mocha enoa o ne a lokolohile ho itšebeletsa ka boeena. Na boikutlo ba hae le liketso li ne li le mpe feela hobane o ne a sa le mocha? Che. (2 Likron. 34:1-8) Hape, litšusumetso tsa mohlankana Davida, ha a botsa ka ho loantša Goliatha, li ne li le ntle empa li sa utloisisoe ke moholoane oa hae.—1 Sam. 17:26-28.

Leha ho le joalo, kaha mocha e e-so ho be motho e moholo, hase litakatso tsohle tsa hae tseo e leng tse hōlileng tsebong. O hloka nako ea ho bapala. O hloka ho utloisisoa ke batsoali ba hae hore o na le matla a ho etsa lintho ha batsoali ba hae ba batla ho phomola. Bacha ba hloka botsoalle. Haeba batsoali ba sa lokisetse botsoalle bo loketseng, bacha ba tla ipatlela ba bona ʼme ba fumane hore mohlomong ke ba mofuta oo batsoali ba bona ba ke keng ba bo ananela.

Bacha ba bangata ba thabela liphathi. Ka baka la boitšoaro bo bang ho tse ling liphathing tse joalo, mohlomong batsoali ba ke ke ba thabela ha bacha ba bona ba kopanela ho tsona. Empa, ho ba hanela ho ea liphathing ho hang ho ka nyahamisa ʼme bacha ba etsoa hore ba tepelle. (Ba-Kol 3:21) Haeba batsoali ba lokisetsa hore ho ke ho bokanoe hammoho, ba na le tokelo ea ho laola lenane la baeti le ho tsamaisa liketso tse tla etsoa ʼme kahoo ba qobe mathata a mangata. Ha bacha ba kopanela tokisetsong, e ka atleha haholo.

Ha mocha a etsa phoso ʼme a kena bothateng, he, har’a linako tsohle, o hloka hore a utloisisoe. Ho hotle ha batsoali ba nahana ka bocha ba bona ʼme ba hopole liphoso tseo ba li entseng ka baka la ho hloka tsebo ha bacha. Haeba ho le joalo, ba tla qoba ka mokhoa o bonolo haholoanyane moleko oa ho nka bohato bo tlōtseng, ho nyatsa ka mokhoa o tlōlisang. Haeba ba batla hore mocha oa bona a tle ho bona ha a kena khathatsong, ba tlameha ho haha tšepo ka tsela eo ba sebetsang ka eona litlōlong tse nyenyane.

Ha phoso e le ea ho se nahane, batsoali ba lokela ho bontša mosa le ho nahanela ho hoholo. Ho etsoe boiteko bo bong le bo bong ho hlalosa hore na se bileng phoso ke sefe le hore na ho ka qojoa ho ʼna ho etsoa liphoso joang. Empa mocha a se ke a bolelloa hore o mobe.

Empa batsoali ba tšoanela ho etsa joang haeba bacha ba bona ba ameha mathateng a tebileng a khalemelo sekolong, kapa ba kena khathatsong eitseng le mapolesa, kapa lithethefatsi kapa boitšoaro bo bobe? Batsoali ba ka ʼna ba e-ba le tšepo ea hore tlhakiso e tlileng pelenyana e ka ʼna ea thibela sena. Empa ha re re hoa etsahala? Haeba mocha a fela a tla hloka thuso le tataiso e masene, ke hona joale.

Bothata bo kang bona ke teko e khōlō ho batsoali. Ba atisa hore ba re: “Ebe re fositse ha re fihla hokae?” Hangata ba sokela kapa ba nyefole ngoana ea itaolang, e leng ho sekamelang ho halefiseng le ho thatafatseng ngoana tseleng ea hae. Jehova o ne a utloisisa le ho tšoarela ha batho ba hae ba kheloha se nepahetseng. O ne a ikhathatsa ho buisana le bona le ho ithaopela ho ba thusa, le hoja sebe sa bona e ne e le se feteletseng. Jehova a re: “Le tle, re lokise litaba. . . . Leha libe tsa lōna li ka ba khubelu joale ka krimsone, li tla soeufala joale ka lehloa.”—Esa. 1:18.

Bokamoso ba mocha enoa bo tla itšetleha ka hore na o tšoaroa joang nakong ena e thata. U se ke ua bua kapa ua etsa lintho tse tla mo thatafaletsa hore a khutlele ho uena, joalokaha “ngoana ea lehlasoa” a ile a khutlela ho ntat’ae. Le ka mohla batsoali ba se ke ba tela bana ba bona ha feela ngoana a sa le tlas’a taolo ea bona. Mamellang. Bontšang mosa. Etsisang Jehova litšoanelehong tsena.—Jak. 2:13; 2 Pet. 3:9, 15; Luka 15:11-24.

HO TŠOAROA JOALOKA MOTHO EA KHETHOLLEHILENG

Se hlokoang haholo ke mocha ke hore a tšoaroe joalokaha e le motho ea khethollehileng. Charles R. Foster bukeng ea hae Psychology for Life Today o re:

“Hoa hlokomeleha hore motho o hloka ho fetang ho ja le ho robala feela. O hloka hore a hlokomeloe e le motho, ʼme o batla ho ikutloa hore o atlehile.”

“Ka sebele motho e mong le e mong o ikutloa hamolemo le hore o sebetsa hamolemo haeba a tseba ho atleha nthong e ʼngoe le haeba a tseba ho ikutloa hore sebaka sa hae lefatšeng ke sa bohlokoa. Liithuti tse ngata tsa boitšoaro ba tulisano li ikutloa hore motho e mong le e mong o na le matla a mang a ke keng a cheoa—hore e mong le e mong o na le ntho e ʼngoe eo a ka e etsang hantle, kapa hamolemo, haeba feela re ka senola hore na ke efe.”

Mocha e mong le e mong o batla hore a nahanoe e le ea fapaneng le ba bang. Batsoali ba ithuta hore bana ba babeli ha ba tšoane. Tlhakiso le taeo e sebetsang hantle ho ngoana e mong mohlomong e ke ke ea sebetsa hantle hakaalo ho e mong. Hona ke ʼnete ka ho khethehileng haholo ha e-eba bacha.

Ka baka leo, ha ho hotle ho bapisa ngoana e mong ka e mong. Haeba mosebetsi oa motho o bapisoa le mosebetsi o motle haholo oa motho e mong, ho hlaha lehloeo, e seng khothatso. (Bapisa 2 Ba-Korinthe 10:12.) Mocha o batla hore a amoheloe ka seo a leng sona, le seo a tsebang ho se etsa e le motho ka mong. O labalabela hore batsoali ba hae ba mo rate ka seo a leng sona, le hore a sebetsoe ka mosa oa botho. Ka lehlakoreng le leng, ha a batle hore a bupetsoe, kapa hore kamehla a tšoaroe joaloka ngoana.

HO BA LE TATAISO E NYALLANANG

Ho hong ho hlokoang ke mocha ke hore a be le tataiso e tiileng le e nyallanang le tsamaiso. Ha a bua tabeng ena Mookameli oa sesole sa metsing sa U.S. James F. Calvert ntate oa bana ba bararo, o sa tsoa re, joalokaha ho tlalehiloe ho The Detroit News:

“Bana ba kajeno ba ithuta ho hongata thelevisheneng ho feta kamoo ba tla ke ba ithute ho rōna. Ka karolelano ngoana ea lilemo li 15 o nka metsotso e 20 tsatsi le leng le le leng a bala ʼme lihora tse peli a shebelletse thelevishene.”

Kamor’a hore a hlalose ka ho hlōleha ha batsoali ho kenya ‘kelello ea tšoanelo le ho itlotlisa ka lelapa,’ a tsoela pele hore: “Ha taeo e le sieo ha ho kamoo ho ka bang teng hlonepho ea motheo.” Calvert a tšoantša taeo ea botho le khaketlana ea lehe. A re: “Ha e tiile hantle, ke ntho e matla le e bohehang hantle. Ha e choatlehile kapa e peperane, e aroha kapele.

“Mohlomong bacha ba ke ke ba hoa hore ba batla taeo, empa ba e batla ka tsieleho. Matla a thata-thata a tsoang ho batsoali a hōlisa boikutlo ba tšireletseho ho bana.”

Mocha o batla tšireletso ea taeo e nyalanang. Mohlomong a ke ke a lumela habonolo hore o batla lithibelo tse ling kapa melao empa o tla potlakela hore ho hlokahala hore batsoali ba hae ba bee melao e lumellanang. O batla ho tseba hore na o tšoanela ho etsa joang kapa a se ke a etsa joang. Oa nyahama ha melao eo e fetoloa tsatsi le leng le le leng ka baka la boikutlo boo motsoali a “ikutloang” ka bona ka nako eo, Jesu o itse: “Puo ea lōna e be e, e; che, che.”—Matt. 5:37.

Melao le lithibelo li ka ʼna tsa tšoantšoa le meeli. Ho hlokahala hore mocha a etsetsoe meeli e hlalositsoeng hantle le e tsebahalang; joale o batla ho tšepa le ho ikutloa a lokolohile ka meeling eo. Ntate o ile a tšoantša ʼnete ena phihlelong ea lelapa la hae ha le hira ntlo, a re:

“E ne e le sebakeng se moru. E ʼngoe ea lipotso tsa pele tseo re ileng ra li botsa ka sebaka e ne e le meeli. Re ne re batla ho tseba, Re lumelletsoe ho etsa joang ka thepa ee? E ne e le habohlokoa hore re tsebe sena e le hore re ka thabela ho lula moo. U ka inahanela bohloko le ho nyahama hoo ho neng ho tla ho baka haeba mong a sebaka a ne a ka fetola litaelo tsa hae beke e ʼngoe le e ʼngoe kapa neng neng hona moo. Metheo e joalo e sebetsa le lithibelong tse beeloang bacha. Melao e lokela hore e be e utloahalang le e nyalanang. Ebe joale ho fanoa ka hore ba tšepe le hore ba be le bolokolohi meeling eo.”

Ha ho hlokahale hore melao e be e sa fetoloeng leha ho hlokahala. Ketsahalo e ’ngoe ea bohlokoa ka ho khethehileng kapa nako e ka ʼna ea e-ba lebaka le lekaneng ho nahanela kopo e khethehileng.

THUSO EA HO HLOMA SEPHEO BOPHELONG

Bohlokoa ba tataiso bo akarelletsa thuso ea ho hloma sepheo bophelong, ho khetha mosebetsi o tla etsoa le ho fumana thuto ea lefatše e hlokahalang. Motho e mong le e mong o lokela ho ikutloa hore o-oa tšoaneleha le hore seo a se etsang sea tšoaneleha. A tsebe ho itlhonepha le hore a be motlotlo ka boeena hore ke motho.

Batsoali ba bontša kameho ea bona ka ho thusa mocha oa bona hore a khethe mosebetsi o mo loketseng. “Litalenta” tsa hae, lineo kapa seo a se ratang li nahaneloe. (Bapisa Ba-Roma 12:6.) O lokela ho thusoa hore a hlome sepheo seo a ka se finyellang. Hase motho e mong le e mong ea ka finyellang boemo bo phahameng ba botumo. Sepheo se ka finyelloa ka mokhoa o molemo ha ho beoa sepheo se holimonyana ha ho finyelletsoe se seng se tlase.

Ho na le boikarabelo bo boima ha ho fanoa ka thuto e tlang ho lokisetsa mocha hore a thulane le mathata a bophelo ba motho e moholo. Bacha ba lokela ho hlakisoa ʼme ba holise matla a tšebetso e le hore ba ka iphelisa. (1 Tim. 5:8; Liprov. 31:10, 19, 20) Le hoja Jesu a ne a tla fetoha Kreste, ntat’ae ea mo hōlisitseng Josefa o ile a mo ruta mosebetsi hoo a neng a tsejoa e le “mor’a ’metli” le “ʼmetli.” (Matt. 13:55; Mar. 6:3) Moapostola Pauluse o ne a iphelisa le ba nang le eena ka ho sebetsa, a etsa mosebetsi oa hae oa litente.—Lik. 18:1-4; 20:33, 34.

Ha a thusoa hore a lokele mathata a bophelo ba motho e moholo le hore a amohele boikarabelo ba motho e moholo, bacha ba lokela hore ba tšehetsoe ke batsoali ba bona, le hore ba ba khothatse hore ba ba thibele hore e be “mengala.” Hangata ba hloka hore ba thusoe ka mosebetsi oo ba o filoeng hore ba o etse hae oa sekolo. Ka linako tse ling ba ka ʼna ba ikutloa hore ba tlohele. Linakong tse kang tsena, batsoali e ka ‘na ea e-ba mohloli oa khothatso ka ho utloisisa mokhathala le ka hore ka bonolo ba buisane taba le bona. Haeba motsoali ka linako tse itseng a thusa ka mosebetsi o thata oa sekolo o etsoang lapeng, a ka utloisisa hamolemo hore na mocha o nyahamisoa ke eng hore a etse mosebetsi oo oa sekolo ʼme a be boemong ba hore a ka fana ka litlhahiso tse sebetsang. Ka linako tse ling ho ba le motsoali ea utloisisang a nka nako ho bua ka bothata e ka ba khothatso e lekaneng ho thusa mocha hore a fete tlokotsi.

HO IKUTLOA A HLOKEHA

Mohlomong takatso e khōlō ke ho ikutloa a hlokeha. Ka baka lena bacha nako le nako ba kōpa batsoali hore na ebe ke bana ba hapelletsoeng ka lapeng e se ba lelapa, kapa hore na batsoali ba bona ba ne ba ba lokiselitse hore ba be teng kapa ba ba batla. Ba batla ho tiisetsoa lerato la batsoali ba bona. Bohle re laba-labela tšireletseho ea ho tseba hore rea amoheleha. Haeba batsoali ba hlokomela se hlokoang ke bacha ba bona, ʼme ba fana ka tsona ka kutloisiso, thabo e tla eketsoa tikolohong ea lelapa.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela