Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 12/15 leq. 29
  • Jesu—Na E ne e le Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu—Na E ne e le Molimo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 12/15 leq. 29

Jesu—Na e ne e le Molimo?

Lekholong la bone la lilemo C.E. basebeletsi ba Kereke ea Roma e K’hatholike ba qapa thuto ea Boraro-bo-bong, e bolelang hore Jesu o ne a lekana le Ntat’ae le hore ke karolo ea melimo e meraro ho o le mong. Leha ho le joalo, liithuti tse ngata tse hlokolosi tsa Bibele li fumane hore Mangolo ha a hlile ha a tšehetse thuto ena e rutoang hohle.

Moqolo oa 2 oa The New International Dictionary of New Testament Theology (1976) o nahana ka taba ena. E lumela hore ho teng ‘tse seng kae tsa litemana tsa Testamente e Ncha tse hlahisang lipelaelo ka hore na e be Mora oa Molimo e boetse ke Molimo na.’ Empa kakaretso ea taba e fumanoang ka ho “Testamente e Ncha” ke efe, kapa ka Mangolong a Bakreste a Segerike? Buka ena e hlalosang mantsoe e re:

“Jesu Kreste ha a ikhapele ka bolotsana sebaka sa Molimo. Bomong ba hae le Ntate ha bo bolele hore ke ntho e le ’ngoe. Le hoja Mora oa Molimo ha a ne a phela pele e e-ba motho oa nama a ne a le ka sebopeho sa Molimo, o ile a hana moleko ho lekana le Molimo. (Ba-Fil. 2:6). Ha e le motho oa nama lefatšeng o ne a utloa Molimo, le ho isa lefung sefapanong (Ba-Fil. 2:8). Ke ’muelli, e seng mosimolli, oa topollo (2 Ba-Kor. 5:19; Ba-Kol. 1:20; Ba-Heb. 9:15), konyana ea Molimo e jereng libe tsa lefatše (Jn. 1:36) Hoba a phethe mosebetsi oa hae lefatšeng ruri o tsoselitsoe ka letsohong le letona la Molimo (Ba-Ef. 1:20; 1 Pet. 3:22) le ho apesoa tlotla ea Kyrios, Morena oa leholimo (Ba-Fil. 2:9 f). Empa o ntse a sa etsoa ea lekanang le Molimo. Le hoja a hokahane ka ho feletseng le Molimo, o lula a le tlas’a hae. (cf. 1 Ba-Kor. 15:28). Hona ke ’nete hape le ka setulo sa hae e le moprista e moholo ka ho sa feleng sehalalelong sa leholimo ho ea ka Ba-Heb. (Ba-Heb. 9:24; 10:12 f.; cf. Pes. 110:1). O re emela ka pel’a Molimo (cf. hape Ba-Roma 8:34) Haeba ho Tšen. 1:13 ff. ponahalo ea mora oa motho oa leholimo e hlalosoa ka litšobotsi tsa setšoantso sa ‘Moholo oa Matsatsi’ (Molimo) sa Dan. 7, hona ha ho bolele hore Kreste o lekana le Molimo. Ho Tšen. kamehla ho etsoa khethollo pakeng tsa Molimo le ‘Konyana’.”

Ruri pono ea kakaretso ea Mangolo e supa ’nete ea hore Jesu e ne e se Molimo kamoo ho bolelang thuto ea Boraro-bo-bong.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela