Ntoa ea Lelapa e Fetoha Khotso
MANUELE, mosali oa hae le mora oa bona e monyenyane le morali ba lula Spain. Kajeno lena lelapa la bona le thabile. Empa lintho li ne li se joalo pele.
Ha Manuele a nyalana le mofumahali oa hae ba ne ba sa tsebane hantle. Kamorao ho nako e khutšoanyane ba nyalane ba qala ho tsekisana le ho loana. Manuele enoa e ne e le motho ea tletseng poulelo ’me hape a e-noa haholo. Hangata o ne a e-tla lapeng a tahiloe a bile a le moeeng oa ntoa. E, boemo bo ile ba mpefala haholo hoo qetellong ba ne ba loana letsatsi le leng le leng la boraro kapa la bone! Lilemo tse itseng hamorao, Manuele a qala ho ratana le mosali e mong. Mosali oa hae o ne a khathatsehile haholo hoo a neng a nahana ka ho ipolaea kapa ho jesa monna oa hae.
Tšusumetso e ncha ea fetola lintho lelapeng la bona. Mosali oa Manuele a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, empa Manuele o ne a sa batle letho la taba tseo. Leha ho le joalo, likhoeli tse latelang hamorao o ne a le ka phaposing e ’ngoe nakong eo thuto e neng e tsamaisoa le mosali oa hae, ’me a utloa mantsoe a reng: “Ea leng khabane ho tse nyenyane, le ho tse kholo o tla ba khabane, ’me ea sa lokang ho tse nyenyane, a ke ke a loka le ho tse kholo.” (Luka 16:10) Mantsoe ana a ile a mo ama. Moo a sebetsang teng o ne a utsoitse lijo, hobane ho ea ka kutloisiso ea bolumeli ba hae motho ea hlokang a ka utsoetsa ea ruileng. Ka baka leo, kapele-pele a ithuta Bibele.
Ka likhoeli tse tharo a ithuta, Manuele a khaotsa ho noa haholo, ho tsuba le likamano tse mpe. ’Me ntoa ea bona ka lelapeng ea khaotsa. Mantsoe a keletso ea Bibele ho banna a ile a mo ama haholo a bolelang hore monna o lokela ho ‘rata mosali oa hae joale ka ’mele oa hae.’ (Ba-Ef. 5:25, 28) Butle-butle, Manuele ea e-ba monna ea molemo.
Phetoho ena ea khotso le thabo lelapeng boemong ba hore ho be le ntoa ea ama ntat’a Manuele. A ikutloa a khanneloa hore a ithute Bibele le ho sebelisa mantsoe a eona bophelong ba hae. Kajeno lena, Manuele, mosali oa hae le ntat’ae ke lipaki tse ineetseng tsa Jehova Molimo.