Ho Chesehela Ntlo ea Jehova
“Cheseho ea ntlo ea hao e ntjele.”—Pes. 69:9.
1. Ke molaetsa ofe o matla o boletsoeng selemo ka 29 C.E.?
KE SELEMO selemong sa 29 C.E. Lefeelleng la Judea ho hlaha motho oa mohlolo a apere liaparo tsa boea ba kamele le lebanta la letlalo. Ke Johanne ea Kolobetsang. Utloa molaetsa oa hae o matla!—“Bakang, hobane ’muso oa maholimo o atametse.” Har’a ba tlang kolobetsong ke Basaduse le Bafarisi ba bangata. Johanne ha a lubakanye mantsoe ha a bea baikaketsi bana ba bolumeli sebakeng sa bona. O ba bitsa “malinyane a marabe.” ’Me o hlakisa hore Morena ea tlang o tla kolobetsa ka moea o halalelang le ka mollo, hore batho ba kang koro ba tla bokelleloa poloko, empa ba kang ’moko o se nang thuso ba bokelloe kahlolo e tukang ea timetso ea ka ho sa feleng.—Matt. 3:2-12.
2. Morena a tsebahatsoa joang?
2 Joale e ba hoetla, ’me ea khethetsoeng borena oa hlaha. Johanne o kolobetsa enoa ea phethahetseng, eo joale moea oa Molimo o theohelang ho eena o tšoana le leeba. Lentsoe la Jehova ka boeena le utloahala le e-tsoa leholimong, le re: “Enoa ke Mora oa ka ea ratoang, eo ke khahlisoang ke eena.”—Matt. 3:13-17.
3. (a) Ke mantsoe afe a phephetso a lummeng selemo ka 30 C.E.? (b) Motlotsuoa oa Molimo o ne a se a bontšitse ho chesehela ntlo ea Ntat’ae joang?
3 Ke selemo hape, selemong sa 30 C.E. Ho se ho ketekiloe Paseka. ’Me hang hape, Galilea, mantsoe ao a phephetsang a boetse a luma!—“Bakang, hobane ’muso oa maholimo o atametse.” (Matt. 4:17) Ke mang ea bolelang ’muso ona? Ha se mang kapa mang ha e se eena Morena ea tlotsitsoeng ka boeena, eo joale a atametseng. Morao koana Jerusalema, nakong ea Paseka, o ne a bontšitse ho rata ha hae ho loka ka ho leleka ka tempeleng ea Jehova bahoebi bao ba neng ba leka ho hoeba ka borapeli ba Molimo. Ke nakong eo moo barutuoa ba monna enoa, Jesu, ba ileng ba hopola hore mopesaleme o ne a ngotse tjena ka eena, “cheseho ea ntlo ea [Jehova] e ntjele.”—Pes. 69:9; Joh. 2:13-17.
HO CHESEHA THAPELONG LE TŠEBETSONG
4. Jesu o bontšitse kameho ea hae e tebileng joang bakeng sa ho tumisoa ha lebitso la Ntat’ae?
4 Jesu ka mehla o ne a chesehela lebitso la Jehova le botumo. O rutile barutuoa ba hae ho rapella lebitso leo hore le halaletsoe kapa le khethoe. (Luka 11:2) ’Me thapelong ho Jehova, pele a arohanngoa le barutuoa ba hae, o itse: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao, ’me ke tla ’ne ke ba tsebise lona, hore lerato leo u nthatileng ka lona le be ho bona, le ’na ke be ho bona.” (Joh. 17:26) Jesu o ne a amehile ka ho tebileng ka hore a bone lebitso la Ntat’ae le hloekisoa thohako eohle—le tumisoa.
5. (a) Tšebeletso ea Jesu e ne e supa ho eng? (b) Hape o ne a tlile ka morero ofe o molemo?
5 Mohlanka enoa oa pula-maliboho a tla ka molaetsa o sisinyang lefatše. (Bapisa Ba-Heberu 2:10; 12:2, Revised Standard Version.) Hoa hae e ne e le boboleli bo matla ba ’Muso oo hape a ileng a ruta barutuoa ba hae hore ba o rapelle, “’muso oa hao o tle.” Ka lekhetlo lona leo, thabeng Galilea, a eletsa bamameli ba hae hore ba se ke ba bea lipelo tsa bona linthong tse bonahalang empa, ho e-na le hoo, ‘ba ’ne ba batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona.’ (Matt. 6:10, 19-21, 24-34) Jesu o ne a tletse ho sebeletsa batho, bao e leng morena oa bona oa kamoso. Hape, o ne a tletse ho tla “neela bophelo ba hae ho ba topollo ea ba bangata”. (Matt. 20:28) Bohle ba neng ba tla lumela sehlabelo sa hae sa topollo ba ne ba tla fumana bophelo bo sa feleng sebakeng sa ’muso oa hae.—Joh. 17:3.
6. Jesu o ile a bolela hokae le joang, hona ka boikutlo bofe bo beang mohlala?
6 Tsena e ne e le “litaba tse molemo” tse khanyang hakaakang! Jesu a tšoareha ho li boleleng naheng ea Palestina ka bophara le bolelele ba eona. Thabeng, malapeng a batho, matlung a thapelo, tempeleng, ka thoko ho leoatle le libakeng tse ling tsa pontšeng, o ne a bolela.a Hape a etsa mehlolo ea ho phekola, kahoo a bontša kamoo, ’musong oa hae, a neng a tla phekola batho bohle lefatšeng lena. Kahoo o ne a tla ba khutlisetsa bophelong bo phethahetseng paradeiseng ea lefatše lohle. Tlaleho e re:
“Jesu a tsamaea a chalakela metse eohle le metsana, a ruta masynagogeng a teng, a bolela Evangeli ea ’muso, a folisa maloetse ’ohle le mefokolo eohle. Ha a bona matšoele, a a utloela bohloko, hobane ba ne ba khathetse, ba saretsoe, joale ka linku tse se nang molisa. Ebile moo a reng ho barutuoa ba hae: Kotulo e kholo ruri, empa basebetsi ha ba bakae. Rapelang ke hona Morena oa kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Matt. 9:35-38)
Lithapelo tse joalo bakeng sa “basebetsi” li arabetsoe joang?
‘BASEBETSI BA EKETSEHILENG KOTULONG’
7. (a) Barutuoa ba leshome le metso e ’meli ba ne ba tla phethahatsa mosebetsi oa bona joang? (b) Ba ne ba tla fumana batho ba nang le tšoanelo hokae?
7 Jesu ka boeena a qalisa ho khahlametsa tlhokahalo ka ho laea le ho roma barutuoa bao ba leshome le metso e ’meli. ’Me ba ne ba lokela ho phetha mosebetsi oa bona joang? Ka eona cheseho eo e neng e bontšitsoe ke Morena oa bona! A re ho bona: “Ha le kena motseng, kapa motsaneng ofe le ofe, le botse hore na ke ofe oa teng ea nang le tšoanelo.” Hona ho tla hloka hore ba ee matlong a batho, moo batho ba “nang le tšoanelo” ba neng ba tla utloa ‘litaba tse molemo.’ Ka tsela ena, barutuoa bao ba ne ba tla fumana le moo ba robalang. Empa metse e meng e ne e sa tl’o ba amohela. Kahoo, Jesu a re: “Bohle ba sa le amoheleng, etlare ha le e-tsoa motseng oo, le hlohlore lerōle la lieta tsa lōna, e be bopaki ho bona.”—Matt. 10:11-15; Luka 9:1-6.
8. (a) Ke eng se supang ho ea pele hore ho ile ha eteloa matlung? (b) Nakong eo, le hona joale, ke joang boikutlo ba mosa ba mong a ntlo bo ka fellang ka tlhohonolofatso ea hae?
8 Ba amohetseng ba leshome le metso e ’meli ka mosa ba ipea moleng oa ho amohela mahlohonolo a tsoang ho Jehova ka Mora oa hae, joalokaha Jesu a boleletse barutuoa bao, a re:
“Ea le amohelang oa nkamohela; ’me ea nkamohelang o amohela ea nthomileng. . . . E mong le e mong ea nosang e mong oa ba banyenyane bana mohope feela oa metsi a batang, kahoba a e-na le lebitso la morutuoa oa ka, ka ’nete, ke re ho lōna: A ke ke a timelloa ke moputso oa hae.” (Matt. 10:40-42)
Morao koo, joalokaha ho atisa ho etsahala mehleng ea kajeno, boikutlo ba mong a ntlo ba bonolo le ba ho nahanela bo ka mo bulela tsela ea hore a fumane mahlohonolo a moea ka tebello ea bophelo bo sa feleng.—Bapisa Mattheu 25:34-40.
9. Ba 70 ba ile ba etsa mosebetsi oa ho kotula hokae, hona ka morero ofe o habeli?
9 Leha ho le joalo, ho ne ho ntse ho hlokahala hore ho rutoe basebetsi ba bangata bakeng sa kotulo. Kahoo, “Ka mora’ taba tseo, Morena a boela a bea ba bang ba mashome a supileng, ’me a ba roma ka bobeli, hore ba mo etelle pele metseng eohle, le nqalong tsohle moo eena a neng a tla ea teng.” Hore na ba ile ba ea masynagogeng kapa mapatlelong, tlaleho ha e bolele. Empa ba laeloa hore ba ee matlong a batho. Jesu a re ho bona: “Leha e le ntlo efe le efe, eo le kenang ho eona, le qale ka ho re: Khotso e be tlung ena. Ha mora oa khotso a le teng moo, khotso ea lōna e tla lula ho eena; ha ho se joalo, e tla khutlela ho lōna.” Barutuoa ba ne ba tlameha ho amohela ka teboho kamohelo ea beng ba matlo ba mamelang ‘litaba tse molemo.’ Empa haeba mong a ntlo, kapa le oona motse kaofela ha oona, a sa mamele molaetsa, bonyane barutuoa ba ne ba lokela ho lemosa batho, ba re: “’Muso oa maholimo o atametse ho lōna.” Kahoo ba hloma mohlala oo Lipaki tsa Jehova li batlang ho o latela kajeno. Ba etella pele mosebetsi o habeli oa ho ruta malapa ao a amohelang ka thabo le oa ho lemosa ba hanang ‘litaba tse molemo’ ka likahlolo tse tlang tsa Molimo.—Luka 10:1-16.
10. Lipaki tsa Jehova kajeno li ka fumana thabo e kang ea ba 70 joang?
10 Tlaleho e re bolella hore “ba mashome a supileng ba khutla ba thabile” hobane bademona ba ne ba kokobelitsoe tlas’a bona ka ho sebelisa lebitso la Jesu. Empa Kreste a bontša hore barutuoa ba hae, ho e-na le hoo, ba lokela ho thabela tebello ea bona ea leholimo le leseli la bona la moea. (Luka 10:17-24) Ka mokhoa o tšoanang le kajeno, Bakreste ba itšebelisang ho ruteng le ho boleleng malapeng a batho ba na le lebaka la thabo e kholo ka baka la kamano ea bona le Molimo, tsebo ea bona ka merero ea hae le tlhohonolofatso ea Jehova boitekong ba bona ho bolela ‘litaba tse molemo’ ho ba bang.
“THABO KA MOEA O HALALELANG”
11. Phutheho e ncha ea Bokreste e ile ea itšoara joang ka mahloriso?
11 Pono e fetela Pentakonteng ea 33 C.E. le kamorao ho moo. Boikarabelo ba ho bolela ‘litaba tse molemo’ joale bo itšetlehile ho hang phuthehong e theiloeng bocha ea Bokreste. Ka potlako, ea kopana le mahloriso. Empa ana a mpa sebeletsa ho leotsa kananelo ea ho rongoa ha eona ho phahamiseng borena ba Jehova le ho boleleng ’muso oa hae ka Kreste. Ka sebete Petrose le Johanne ba bolela: “Ha e le rōna, ha ho kamoo re ka lesang ho bolela tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” Hammoho le balumeli ba bang, ba rorisa Jehova ’me ba mo kōpa e le “Morena . . . Molimo o entseng leholimo, le lefatše, le leoatle, le tsohle tse ho ’ona.”—Lik. 4:18-24.
12. Ke boemo bofe bo beang mohlala bo ileng ba nkoa ke baapostola har’a mahloriso, hona ka phello efe?
12 Ha leqhubu le tsoetseng pele la mahloriso le otla balateli bao ba Kreste, ba fana ka bopaki bo sebete ka pel’a Sanhedrine ea bolumeli, ba re:
“E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho. Molimo oa bo-ntat’a rōna o tsositse Jesu, eo le ’molaileng ka ho mo fanyeha sefateng. Molimo o mo phahamiselitse letsohong le letona la oona, hore e be eena Morena le ’Moloki ea neang Iseraele pako le tšoarelo ea libe. Rona, re lipaki tsa hae litabeng tseo, rōna le Moea o halalelang oo Molimo o o neileng ba o utloang.” (Lik. 5:29-32)
Ha feela baapostola bao ba ne ba lutse ba sa thekesele ho tšehetseng ha bona Morena ’Musi ea Phahameng Jehova le Moemeli e Moholo oa hae, Jesu Kreste, ba ne ba tla ba le moea o halalelang e le mothusi oa bona mosebetsing oa bona oa ho bolela le ho ruta.
13. Ke joang Bakreste ho tla fihlela kajeno ba ka bolokang “thabo, ka moea o halalelang”?
13 Nakong eo e mahlonoko, sebaka se ne se le sieo bakeng sa ho ngangisana ka lijo le lintho tse ling tse fokolang. Ba ne ba tlameha ho iketsa khokanyan’a phiri hore ba loantše sera se ka ntle. Ka ho etsa joalo, ba fihlela seo hamorao moapostola Pauluse a ileng a ngola ka sona, a re: “’Muso oa Molimo . . . ke ho loka, le khotso, le thabo, ka Moea o Halalelang.” (Ba-Roma 14:17) Ho tla fihlela kajeno, Bakreste bao ka sebete ba bolelang borena ba Jehova le ’muso, ha ba ntse ba phahamisa metheo e nepahetseng kopanong le baena ba bona, ba tiisetsoa thuso ea moea o halalelang le thabo mosebetsing oa bona.—Bapisa Mattheu 25:21.
‘HO SE PHETSE’
14. Le hoja ba laetsoe ‘ho se hlole ba bua,’ barutuoa bao ba ile ba phehella thōmo ea bona ea bomolimo joang?
14 ‘Litaba tse molemo’ li ne li nama joaloka mollo oa hlaha. Thabo le cheseho ea baapostola e ne e sa tapisoe ke letho. Eare ha ho mameloa keletso e bohlale ea ’muelli oa molao Gamaliele ea ‘ho ba tlohela,’ “ba tloha khotla ba thabile kahobane ba entsoe ba tšoaneloang ke ho hlabisoa lihlong ka baka la lebitso la Jesu.” ’Me ba ile ba itšoara joang taelong ea Sanhedrine ea ‘ho se boele ba ruta ka lebitso la Jesu’? Tlaleho e re bolella hore “ha ba ka ba phetsa ka matsatsi ’ohle ho ruta le ho bolela tempeleng le ka matlung hore Jesu ke Kreste.”—Lik. 5:38-42.
15. Le hoja litšobotsi tse Iing tsa mosebetsi oa rōna li fapane, ke mosebetsi ofe o moholo oo re ka o ntšetsang pele, ho latela mohlala oa baapostola?
15 Joaloka baapostola bao, moo re lokolohileng re batla “ka matlung” bakeng sa ba tšoaneloang ke ho amohela ‘litaba tse molemo.’ Ha re ba fumana, re ka ba etela hape ’me ra ba thusa ka thuto ea Bibele e sa lefelloeng lapeng. Koana, litšobotsi tse ling tsa mosebetsi oa rōna ke lisele kajeno, ka hore ha re ee litempeleng kapa masynagogeng ho ea bolela. Hape, hona joale re thusoa ke maqephe a hatisitsoeng, makoloi le mekhoa e meng ea ho tsamaea ho thusa mosebetsing oa rōna. Kahoo ho etela matlo ke tsela e ratehang ea ho aba molaetsa o ngotsoeng le ho khutlela ho ea ruta Lentsoe la Molimo ho ba arabelang ‘litaba tse molemo.’
‘HO SE PATE’
16. (a) Pauluse o ne a paka hokae le ho ruta? (b) Ke eng se bontšang hore Pauluse o ne a etela malapeng ka ho tšoanang le mosebetsi oa rōna oa ntlo le ntlo kajeno?
16 Moapostola Pauluse a boela a bea mohlala o motle ho boleleng pontšeng. Masynagogeng, mapatlelong, mabopong a nōka—kae le kae moo a neng a ka fumana Bajode le ba bang bao a ka buang le bona—Pauluse o ne a paka. Ka lilemo tse peli, lebaleng la sekolo Efese, o ne a bea lipuo bakeng sa “barutuoa” ba bacha. (Lik. 16:13; 18:4; 19:9) Hamorao, ho ba neng ba fetohile baholo ka phuthehong ea Efese, Pauluse o itse: “Ha e sa le ke fihla Asia, . . . le tseba mokhoa oo ke ’nileng ka etsa ka oona . . . kamoo ke sa kang ka pata taba, leha e le ’ngoe, ea tse le tšoanelang, ke sa kang ka phetsa ho le bolella le ho le ruta tsona pontšeng le ka matlung a lona.” Ho bo-mang? Ho bao feela e bileng baholo qetellong? Che, hobane Pauluse o eketsa ka hore o pakile ho ‘ba-Jode le ba-Gerike ho sokolohela ho Molimo, le ho lumela ho Jesu Kreste, Morena oa rōna.” Kahoo, batho ba bacha bao ho neng ho hlokahala hore ba tsebe lithuto tse qalang tsa pako le tumelo ba akarelletsoa har’a ba neng ba rutoa “pontšeng le ka matlung” ho tloha qalehong ea tšebeletso ea boromuoa ea Pauluse Efese.—Lik. 20:18-21; 18:19; 19:1-7; bapisa Ba-Heberu 6:1.
17. (a) Motheo oa liphetolelo tse ngata tsa Bibele ho ngola kat oikous ea Segerike e le “ka ntlo le ntlo” ke ofe? (b) ‘Bopaki bo phethahetseng’ ba Pauluse bo ne bo supa hore bopaki ba Bokreste bo tla akarelletsa eng?
17 Mantsoe ana “ka matlung” a fetoletsoe a e-tsoa lentsoeng la Segerike Kat oikous. Le hoja a ka ’na a ngoloa ka mekhoa e meng, liphetolelo tse ngata tse tsebisahalang tsa Bibele li sebelisa polelo ena—“ka ntlo-le-ntlo.”b Hona ke kahobane motso oa Segerike kata o ka kutloisiso ea “ho aba.” (Bapisa tšebeliso e tšoanang ea kata ho Luka 8:1—“a ea le metse le metsana”; le ho Liketso 15:21—“metseng eohle.”) Kahoo ho ka boleloa hore ‘bopaki bo phethehileng’ ba Pauluse bo ne bo abuoa ntlo kamor’a e ’ngoe. Seithuti sa Bibele Dr. A. T. Robertson o hlalosa ka mokhoa o latelang ho Liketso 20:20:
“Ka (ho ea ka) matlo. Ho lokela ho hlokomeloe hore ’moleli enoa ea fetang bohle o ne a bolela ka ntlo le ntlo ’me maeto a hae e ne e se feela ho chaka ho ea ithabisa.”
Joalokaha Pauluse ‘a beile bopaki bo phethahetseng,’ Bakreste kajeno ba batla beng ba matlo ba sekametseng moeeng, ba ba etela hape malapeng ao ’me ba ithuta le batho ba thahasellang. Hamorao, kamoo ho hlokahalang, maeto a bolisa a etsoa ke balebeli ba tšepahalang.c
18. Ke hobane’ng ha Pauluse le metsoalle ea hae ba ne ba ke ke ba tlohela ho bolela le ho ruta ka matlung?
18 Mabaka a ne a feletse hore na ke hobane’ng ha Pauluse le Bakreste ba bang ba mehleng ea hae ba ne ba sa lokela ho ‘pata’ boboleling le ho ruteng ha bona ka ntlo le ntlo. Tseo e ne e le linako tse thata. Tsamaiso ea Sejode e ne e le haufi le bofelo ba eona. Babusisi ba Roma ba ne ba khothalletsa borapeli ba litšoantšo. Ho batho ba neng ba ‘ineetse tšabong ea melimo,’ ho ne ho hlokahala ka ho potlakileng ho batla “Molimo o entseng lefatše le tsohle tse ho lona,” Eo joale a neng a “bolella batho bohle, naheng tsohle hore ba bake.”—Lik. 17:22-31.
19. (a) Ke hobane’ng ha ho hlokahala ho bolela ka ntlo le ntlo, hammoho le mosebetsi o mong oa bopaki, ho potlakile haholo kajeno? (b) Ho tsoela pele ha rōna re cheseha tumelong ho tla fella ka eng?
19 Bohlokoa ba ‘bopaki bo phethahetseng’—ka ntlo le ntlo, ka bopaki bo sa rereloang, mapatlelong, ka ho etsa maeto a ho boela, ka ho tsamaisa lithuto tsa ka mehla tsa Bibele ka malapeng—bo potlakile kajeno. Ke ’nete, joaloka mehleng ea moapostola Pauluse, ‘litaba tse molemo’ li boleletsoe “babōpuoa bohle ba tlas’a leholimo.” Empa ho sa hlokahala boiteko bo tsoetseng pele bo matla pele ‘mahlomola a maholo’ a qhoma. Joalokaha moapostola Pauluse a boleletse Bakreste bao ba Kolosse, ke habohlokoa hore rōna kaofela ‘re tiee tumelong, re theiloe teng, re sa sisinyehe, ’me re sa lahle tšepo ea Evangeli eo re e utloileng.’—Ba-Kol. 1:23; Matt. 24:21.
20. Ke joang boboleli ba ntlo le ntlo ka moea ’ohle bo ka sebeletsang e le tšireletso kajeno?
20 Joaloka bophahamong bo boholo ba ’muso oa Roma, le kajeno, khatello ea lefatše e tobisitsoe ho etseng Bakreste hore ba ineele menateng, ho hoo ho thoeng ke “boikhathollo” le boitšoarong bo bobe ba batho ba banyefoli, “ba sa tsebeng Molimo, le ho ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna,” bona ba tla tloha “ba otloa ka tšenyeho e sa feleng.” (2 Ba-Thess. 1:6-9) Tšireletso ea rōna e ituletse ho sebetseng joaloka Pauluse le Bakreste ba bang bohle ba chesehang ba mehleng ea hae, ka ‘ho eketsa ka mehla ho sebeletsa Morena,’ ka ho sebetsa ka “pelo e ratang joale ka hoja le etsetsa Morena, e seng batho.” (1 Ba-Kor. 15:58; Ba-Kol. 3:23) Khotsofalo e khōlō le thabo li ka fumanoa ka ho sebetsa ho lateloa mohlala oa moapostola Pauluse le ba bang ba phutheho ea lekholong la pele la lilemo, pontšeng “le ka matlung” le ka ho bea ‘bopaki bo phethahetseng’ hore ba bang ba tle ba ithute ka “ho sokolohela ho Molimo, le ho lumela ho Jesu Kreste, Morena oa rōna.” (Lik. 20:20, 21) Ha re sebeletsa joalo, e se eka ka mehla ho ka boleloa tjena ka rōna, joalokaha ho bile joalo ka Monghali oa rōna: “Cheseho ea ntlo ea [Jehova] e ntjele.”—Joh. 2:17.
[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]
a Matt. 5:1; 9:10, 28, 35; 12:9; 13:54; 15:29; 21:23; Mar. 1:21, 38, 39; 2:13; 3:19, 20; Luka 4:15, 16; 5:1-3; 7:36; 8:1; 13:22; 19:1-6, 47; Joh. 4:7-15; 7:14; 18:20.
b New World Translation, Authorized Version, Douay Version ea K’hatholike, American Standard Version, New American Standard Bible, English Revised Version, Revised Standard Version of 1952, The Holy Bible from Ancient Eastern Manuscripts (Peshitta) ea George M. Lamsa. A New Translation of the Bible (Moffatt), Version Moderna ea Spanishe, New Testament in an Improved Version (Newcomb), The New Testament (Spencer), The Englishman’s Greek New Testament (lentsoe ka lentsoe), The New Testament phetolelo ea “Confraternity” ea K’hatholike, The Westminster Version of the Sacred Scriptures, The Riverside New Testament (Ballantine), New International Version, The New New Testament (lentsoe ka lentsoe).
c Bakeng sa puisano e qaqileng haholo ea taba, ka kōpo bona sehlooho “From House to House” ho The Watchtower, August 15, 1961, leq. 503.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Joaloka baapostola ba Jesu, Bakreste ba kajeno ba batla “ka ntlo le ntlo” bakeng sa ba tšoaneloang ke ho amohela ‘litaba tse molemo”