Ba Bolela ka Ntlo le Ntlo
KHALE koana ka 1956, baboleli ba babeli ba nako e tletseng ba Lipaki tsa Jehova ba ile ba abeloa ho ea sebetsa motsaneng o monyenyane oa Princeton, Kentucky, moo ho neng ho se Lipaki tse phelang teng. Ea e-ba ho utloahalang hore, ho koahela sebaka ka mokhoa o molemo, ba hle ba lule hona Princeton. Ba ne ba se na koloi, ’me ho ne ho le boima ho tsamaea ho tloha motseng o hole oo ba neng ba lula ho oona le Lipaki tse ling. Ba ne ba tla lokisetsa bolulo joang?
Eaba ba ea ka ntlo le ntlo, joalokaha ba ne ba tloaetse, ba bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo. Ha ba fumana batho ba neng ba bontša thahasello, ba hlalose hore ba hloka moo ba lulang, e le hore ka mokhoa oo ba ka sebeletsa motse hamolemo haholo mosebetsing oa bona oa thuto ea Bibele. Ka bomalimabe, leha ho ie joalo, ho se ba ka ba neang kamore eo ba ka lulang ho eona.
Katie Williams, e mong oa baboleli ba nako e tletseng ba ’Muso o sa tsoa hlalosa kopanong ea potoloho hore, “joale e ne e se e le mantsiboea, ’me ra fihla ntlong ea ho qetela seterateng seo re neng re se sebetsa.” Hoba ba bolelle mong a ntlo oa mosali hore ke liithuti tsa Bibele, ’me ka bokhutšoanyane ba mo hlalosetsa sebopeho sa mosebetsi oa bona, Katie le motsoalle oa hae ba hlalosa ho batla ha bona bolulo.
Ka ho rialo, mosali a hoeletsa monna oa hae: “Liithuti tse ling tsa Bibele ke tsena, ’me li ntse li batla moo li ka lulang teng.”
“Liithuti tsa Bibele?” ha botsa monna. “E re li kene. Ke sona seo re se batlang.” Banana ba makatsoa ke kamohelo e mofuthu. Empa mosali oa lelapa a re: “Re batla le re thuse ho ntlafatsa phutheho ea rōna.”
Ba phakisa ba ithuta hore monna oa hae, Frank Wattley, monna ea ka bang lilemo li 70, e ne e le mohlanka oa sebakeng seo oa Baptiste. “Ba ne ba re amohetse ka mofuthu hoo,” kamoo ho hlahosang Katie, “re ileng ra amohela memo ea bona ea ho lula.” Hamorao, Frank a tsebisa banana hore seo a hlileng a neng a se hopotse e ne e le ho sokollela banana bolumeling ba hae.
Ho tloha hoseng ha pele, Katie le molekane oa hae ba qala mesebetsi ea letsatsi ka ho buisana ka temana ea Bibele, ba memela ba ha Wattley ho ba le bona le ho nka karolo. Banyalani ba seng ba hōlile ba hla ba amohela kopo. Ka tsatsi le leng temana eo ho neng buisanoa ka eona e ne e le Ezekiele 18:4, e reng: “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.”
“Eng? Le bolela hore moea oa shoa?” ha botsa Frank. “Emang hanyenyane. Ho hlokahala ke ithute haholoanyane ka sena.” Kahoo ha qalisoa thuto ea ka mehla ea Bibele le eena le mosali oa hae. Hoba a kholisehe ka thuto ea Bibele ka moea, Frank a re: “Mamelang, banana, nke ke ka hlola ke khutlela ho ea ruta phutheho ea ka ka thuto ea ho-se-shoe-ha-moea.” Eaba eena le mosali oa hae ba tsoa Kereke ’me ba qala ho bolela ka ntlo le ntlo le Katie le molekane oa hae. Empa ha hoa ka ha fella moo.
Ba ’maloa ho litho tsa phutheho ea pele ea Frank ba qala ho ithuta Bibele le bona. Kamorao ho nako, ha lokisetsoa liboka lapeng ha Wattley ’me, ha sehlopha se ntse se atoloha, ha hiroa setoro bakeng sa liboka. Ba bangata, ho kopanyelletsa ba ha Wattley, ba phakisa ba kolobetsoa. Paki e tsoang motseng o mong e ne e tla ho tla tla tsamaisa liboka. Qetellong phutheho e ncha ea Lipaki tsa Jehova ea qaloa.
Ha sebaka seo ba kopanelang ho sona se se se tlala haholo, Frank a re: “Re batla ho etsetsa phutheho moneelo o moholo.” Kamorao ho nako, Holo ea ’Muso ea hahuoa sebakeng seo. Frank Wattley a lula e le paki e tšepahalang ea Jehova ho fihlela lefung la hae, ’me hona joale Katie Williams o selemong sa bo32 e le pula-maliboho, a ntse a bolela ka mehla ka ntlo le ntlo.