Seo ba Bang ba se Buileng ka Bopaki ba Ntlo le Ntlo
Ha ho fihlile nako ea hore Jehova a phethahatse kahlolo motseng oa bokoenehi oa Jerusalema, a nea moprofeta oa hae Ezekiele pono, eo ho eona a ileng a bona monna ea apereng line ’me a e-na le lenaka la mongoli. Jehova a rōma monna enoa hore: “Pholletsa ka motse, ka Jerusalema, u tšoaee liphatla tsa batho ba feheloang, ba bobolang ka baka la manyala ’ohle a tsoang har’a oona.” Ba ileng ba fumana letšoao la kamohelo ba bolokoa nakong ea timetso. Ba bang bohle ba timela.—Ezek. 9:2-11.
Mosebetsi o joalo oa ho tšoaea oa etsoa kajeno, o khetholla ba tepeletseng ke boikaketsi, litšila le molato oa mali tseo ba li fumanang Bojakaneng, ’me e le ba ithaopelang ho apara botho ba ’nete ba Bokreste—ba talimile bophelong bo sa feleng. Hohle Bojakaneng, mosebetsi ona oa ho tšoaea o etsoa ke Lipaki tsa Jehova tlas’a boeta-pele ba sehlopha se neng se tšoantsetšoa ke “monna . . . ea apereng line” ’me haholo ka letšolo le matla la ho bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” ka ntlo le ntlo. (Matt. 24:14, NW; Lik. 20:20) Letšolo lee la bopaki le amohetsoe joang ke batho?
Joaloka mehleng ea Ezekiele, ba bang e bile ba ithaopelang ho amohela letšoao la Bokreste ba ’nete. Ba bang ba hanyelitse ka matla molaetsa. Ba bang hape ba buile mantsoe a pabatso bakeng sa Lipaki le mekhoa ea tsona ea ho bolela. Ka mohlala, moprista oa K’atholike John A. O’Brien o ile a bolella baprista ba bang ba ka bang 200 Seminaring ea St. Joseph e New York hore:
“Ho thaotheng basokolohi ba bacha le ho tsoseng ba khathetseng, ha ho letho le fetang ho ikisa ho motho. Hona ho finyelloa ke moapostola ea bohlale, ea masene, ea rutiloeng hantle oa ntlo le ntlo. Lekunutu la katleho e kholo ea Mohalaleli Pauluse e bile tšebeliso ea hae e sa khathaleng ea mokhoa oa ntlo le ntlo oa ho thaotha basokolohi. Ho bohloko hore mokhoa oa baapostola hona joale o sebelisoa ke lihlopha tseo e seng tsa Bokhatholike, haholo Lipaki tsa Jehova, tseo manane a basokolohi ba tsona a re tlontlollang rona Mak’hatholike.”—“The Monitor,” Phupu 7, 1961.
Ntlha e joalo e ile ea boleloa ke moprista oa K’hatholike J. S. Kennedy, ea ileng a re, ha a ngola ka Lipaki tsa Jehova:
“Ho thaotha ha tsona ka ntlo le ntlo ha ba batla basokolohi ho matla e bile ha ho khaotse. . . . cheseho ea bona le boitelo li lokela ho re nahantša.”—“Our Sunday Visitor,” Phuptjane 3, 1962.
’Me haufi haholo, seboka sa baeta-pele ba bolumeli Spain se hlokometse se latelang:
Mohlomong [likereke] li hlokomolohile ka ho fetisisang se hlileng se theang mosebetsi o moholo oa Lipaki—ho etela malapa, hoo ho oela mokhoeng oa boapostola oa kereke ea khale. Ha likereke, ka makhetlo a mangata, li lekanyetsa feela ho haheng litempele tsa tsona, ho letsa litšepe tsa tsona ho hohela batho le ho bolela ka hare ho libaka tseo li kopanelang ho tsona, [Lipaki] li latela mokhoa oa boapostola oa ho ea ka ntlo le ntlo te ho sebelisa monyetla o mong le o mong ho paka.”—“El Catholicismo,” Bogotá, Colombia, Loetse 14, 1975.
Ha litumelo tsa lihlopha li emela hore batho ba tle ho tsona, Lipaki tsa Jehova li latela mohlala oa Jesu le baapostola oa ho ea ho batho. Le tlas’a thibelo kapa mahloriso, li ntse li bolela ‘litaba tse molemo,’ joalokaha ho entse balateli ba pele ba Kreste, bao ho ileng ha thoe ka bona:
“Mehleng eo, kereke ea hlaheloa ke hloriso e kholo; ba qhalanyetsoa bohle mafatšeng a Judea le a Samaria, ha sala baapostola ba ’notši. Ba neng ba qhalanntsoe, ba ne ba tsamaea ba ntse ba bolela lentsoe.”—Lik. 8:1, 4.
Ho bolela ka ’muso oa Molimo ha hoa ka ha khaotsoa morao koo.
LEFATŠENG KA BOPHARA
Mehleng ea kajeno, bopaki bo matla bo fanoe Bojakaneng ho tla fihlela Ntoeng ea 11 ea Lefatše. Bopaki bona bo ile ba atolosoa haholo ha baromuoa ba koetlisoa le ho rōmeloa ntle ke Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade, South Lansing, New York, ho tloha ka 1943 ho ea pele. Linaha ka ho latellana ha tsona, ba ntšetsa pele boboleli bo matla ka ntlo le ntlo, ho latela lithuto tsa Bibele tse ngata malapeng. Phello e bile efe? E sa le pele selemong sa 1950, setsebi sa pale sa bolumeli Univesithing ea Northwestern, U.S.A., se ngotse se latelang:
“Lipaki tsa Jehova li hlile li koahetse lefatše ka bopaki ba tsona. . . . Kannete ho ka ’na ha boleloa hore ha ho sehlopha le se seng sa bolumeli lefatšeng se bontšitseng cheseho e kholo le mamello boitekong ba ho jala litaba tse molemo tsa ’Muso ho feta Lipaki tsa Jehova. . . . Mokhatlo ona ho bonahala o tla matlafala ho ea pele.”—C. S. Braden, bukeng ea hae “These Also Believe.”
Ba bang le bona ba ithutile mosebetsi oa boromuoa oa Lipaki tsa Jehova. E mong oa bona liithuti tsena, Bryan Wilson, setsebi sa All Souls College, Univesithing ea Oxford, England, o ile a etela Japane, moo a ileng a ithuta seo a ileng a se bitsa “khōlo ea morao tjena e potlakileng’ har’a Lipaki tsa Jehova. Liphello tsa seo a ithutileng sona li ile tsa hatisoa ho ‘Social Campus’ ea Pherekhong 1977, ’me litlhaloso tse khahlisang tse kang tse latelang tsa etsoa:
“Lipaki li fana ka keletso e batsi haholo e sebetsang, li rutiloe puong ea matla, likamano tsa lenyalo, likhang boitšoarong, ho hōlisoa ha bana, le litaba tse ling tse sebetsang. . . . [Bakeng sa batsoali] Lipaki li na le ho hongata hoo li ka fanang ka hona ka keletso e tiileng e tšehetsoang ke Mangolo a Halalelang le ho kenyelletsoa khopolong e nyallanang ea bophelo bo laoloang ke morero o khopolo e ’ngoe . . . Ho feta moo, keletso ea Lipaki e na le seriti se eketsehileng sa hore e fanoa ka mokhoa o nyallanang e bile e le ntle ho ho latela maikutlo a laolang a tsoelo pele a sebaka. E fanoa ntle ho ho tlamella e bile e le ntle ho khethollo kapa ho etelletsa pele, ’me e na le matla a ho se sekisetse. . . . Ha ho ea nkang bolumeli ba Watch Tower ho hang-hang ka baka la liphello tsa bona tse molemo: Lithuto tsa bona ka ho holisoa ha bana ho ke ke ha nkoa e le ho tšoanang le melemo ho thaothoeng ha batala ho neng ho etsoa ke limmishone tsa khale tsa K’hatholike le Boprostanta.”
Kajeno, Japane, Lipaki tsa Jehova tsa batala tse fetang 48 000 li bolela tšepo e kholo ea ’muso oa Molimo ka ntlo le ntlo. Puisanong le tse 377 tsa Lipaki tsena Tokyo, Setsebi Wilson a fumana hore karolo ea 58,3 lekholong e ile ea thahasella ka maeto a ntlo le ntlo, ha karolo ea 34,3 e ile ea pakeloa pele ke beng ka bona, motsoalle kapa mokhotsi. Kahoo, ho ka ananeloa hore na maeto a ntlo le ntlo ke a sebetsang hakakang lebaleng lena la boromuoa. Setsebi sa boela sa botsa bao se neng se buisana le bona hore na ke eng e ileng ea ba hohela ka lekhetlo la pele ho Lipaki tsa Jehova, ’me likarabelo tsa sebele e bile tse latelang:
“Mosa oa Lipaki.” “Bosieo ba lephoka leha e le lefe la mekhoa ea bolumeli le boikhantšo.” “Ka hoheloa ke mofuthu oa Lipaki, makhethe a bona, takatso ea tsona ho thusa le likamano tse ntle har’a tsona.” “Boikutlo le botho ba bahoeletsi ba ileng ba buisana le ’na pele.” “Tšoaneleho e ka phuthehong.” “Ka hlolloa ke ho fumana batho ba bonolo hakaalo.” “Ka khahloa ke puo e hlomphang ea Lipaki. Ha ke ile Kopanong ea 1973, ka khahloa ke kopano ea phutheho; ka bona eka ke shebelletse masole a koetlisitsoeng hantle.” “Batho ba ne ba le lerato ba le mosa; ’me ba thabela seboka, ’me kannete ba leka ho seblisa metheo ea Bibele bophelong ba bona.” “Lerato le mofuthu har’a Lipaki tsa Jehova.”
Joale ha re khutlela lefatšeng la Bophirimela, a re hlahlobeng sehlooho se hlahileng ho ‘U.S. Catholic’ ea Pherekhong 1979. Se ngotsoe ke William J. William ’me se re ‘Lipaki tsa Jehova: Li Nkile Leetohali.’ Sehlohoana se botsa potso: ‘Na bolumeli ba ntlo le ntlo boa sebetsa?’ Joale sehlooho se tsoella pele puisanong e sa eeng ka leeme ea pale le mesebetsi ea Lipaki tsa Jehova. Ha a qetella, mongoli o re:
“Lilemong tse fetileng tse lekholo mohlankana [Charles Taze Russell] a tlohela lebenkele la hae la liphahlo ’me a qala ho ruta tlhaloso ea hae ea Bibele. Ho tloha nakong eo batho ba baloang ka makholo ba shoele ho e-na le ho latola seo ba utloisisang hore ke thato ea Jehova. Ba bang ba beile bophelo ba bona le ba bana ba bona kotsing ho e-na le ho amohela tšelo ea mali. Ba bangata ba qetile lilemo tse ngata literonkong ie likampong tsa mahloriso.
“Ka 1962 ka phetha boithuto ba ka ka Lipaki tsa Jehova ke hlokometse sena: ‘Hore Mokhatlo oa Lefatše le Lecha o tla tloha o felloa ke matla, hoa belaetsa. Le haeba Armagedone e potelletse haufi mono kapa che, makholo a likete haeba e se limillione tsa batho ba phela tsatsi le leng le le leng ka tumelo ea hore ho joalo.’ Armagedone e ntse e potelletse haufi mono, ’me ho teng lipaki tse baloang ho feta habeli kajeno ho feta nakong eo. Lipontšo tsohle Ii supa hore Mokhatlo oa Watchtower mohlomong o tla imena habeli ka boholo lilemong tse leshome tse tlang.”
Ka ho totobetseng, maikutlong a mongoli ea sa tsoa qotsoa, ‘bolumeli ba ntlo le ntlo’ bo fela bo sebetsa. Empa habohlokoa haholo ke moea oa Jehova le tlhohonolofatso ea hae holim’a batho ba hae.—Zak. 4:6, Joh. 14:15-17.