Lipotso Tse Tsoang ho Babali
● Ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a ne a ka re: “Athe ’na ka molao ke shoele ka nqeng ea molao”?—Ba-Gal. 2:19.
Mantsoe a moapostola a bōpa karolo ea khang e bontšang hore motho a ke ke a iketsa ea lokileng pel’a Molimo ka “mesebetsi ea molao”. Pauluse o ngolile: “Ha e le rōna, re ba-Jode ka mofuta, ha re baetsalibe ba ba-lichaba [ba neng ba se na molao oa Moshe le ba neng ba itšoare ka tsela e sa nang molao ponong ea Bajode]; athe ka ho tseba hobane motho ha a beoe ea lokileng ke mesebetsi ea molao, empa e le ka ho lumela ho Jesu Kreste, le rōna re lumetse ho Jesu Kreste, re tle re beoe ba lokileng ke ho lumela ho Kreste, e seng ke mesebetsi ea molao; hobane ha ho motho ea tla beoa ea lokileng ke mesebetsi ea molao.”—Ba-Gal. 2:15, 16.
Molao o ile oa hlokomelisa Pauluse ’nete ea hore ho hang a ke ke a o boloka ka ho phethahetseng. O ne o mo nyatsa joaloka moetsalibe ea loketsoeng ke lefu. Ho sa tsotellehe hore na o ne a ka leka haholo hakae ho hlokomela se hlokoang ke Molao, o ne a tla iphumana a haelloa. (Ba-Roma 7:7-11) Kahoo, “ka molao ke shoele ka nqeng ea molao.” Kapa, joalokaha Today’s English Version e e ngola: “Kamoo molao o amehang, leha ho le joalo, ke shoele—ke bolauoe ke oona Molao—e le hore nka phelela Molimo.” Ka ho amohela, ka tumelo, tokisetso ea Jehova bakeng sa poloko ka Kreste, Pauluse o ile a lokafatsoa ke Molimo hore a phele hape. Kahoo a phela moeeng. Ka baka la tumelo ea hae, moapostola a susumetsoa ke moea o halalelang, ka tholoana ea oona e bonahala bophelong ba hae. Ke ka baka leo Pauluse a phaelletseng ka hore, “ke tle ke phelele Molimo.”—Ba-Gal. 2:19.
● Ke hobane’ng ha Salomone a itse: “Jehova o itse o rata ho haha lefifing le letšo”?—1 Mar. 8:12.
Morena Salomone o buile polelo ena hoba baprista ba kenye areka e halalelang ka Sehalalelisisong sa tempele ’me, le kamorao ho moo, leru le tlala sehalalelo. (1 Mar. 8:6-11) Ke leru lena le ileng la hopotsa Salomone mokhoa oo Jehova Molimo pelenyana a neng a senola boteng ba hae. Ka mohlala, Moshe o ile a bolelloa; “Bona, ke tla tla ho uena, lerung le letenya.” (Ex. 19:9) Ha a ne a supa sena ka lekhetlo le leng, Moshe a re: “Ho no ho le lefifi, le maru, le botšo.” (Deut. 4:11) Ha ho talingoa ’nete ea hore Ea Holimo-limo o amahantse boteng ba hae le leru, Salomone ka nepo o ne a ka bua ka ‘Jehova a lula lefifing le letšo.”