Mosa o na le Matla
EL Salvador, bo-pula-maliboho ba babeli ba khethethehileng (baboleli ba nako e tletseng ba ’Muso) ba abeloa ho ea paka motseng o holimo maralleng. E mong oa baahelani ba bona moo e le Moroma K’hatholike ea thata ea neng a e-ea ’miseng hoseng ho hong le ho hong. Ka lekhetlo le leng, mofumahali enoa a kula haholo ’me banana ba bopula-maliboho ba utloa poboli ea hae. Kapele, ba ea mo thusa, ’me, ha ba ntse ba mo thusa, ba fana ka bopaki bo bokhutšoanyane. Mosali o ne a sa thahaselle ’nete ea Bibele, empa boikutlo ba hae bo ne bo fapane ho tloha ka nako eo ho ea pele.
Mosali enoa a bapisa mosa oa bo-pula-maliboho le liketso tsa mohaelani e mong—mofumahali eo ba neng ba e-ea ’Miseng le eena hoseng ho hong le ho hong. Le hoja mofumahali enoa oa Mok’hatholike a tsebile ka ho kula ha mosali enoa, o ne a sa ka a itšoenya ho mo etela le ho fana ka thuso.
Leha ho le joalo, mosa o bontšitsoeng ke bo-pula-maliboho oa sebetsa. Mosali a amohela neo ea thuto ea Bibele, e tsamaisoa ke pula-maliboho e mong, ’me a khothalletsa barali ba hae ba babeli ho kopanela ho eona. Morali e mong a thulana le khanyetso e tsoang ho monna oa hae, empa ho rata Jehova ha mo nea matla a hore a tsoele pele moeeng. Kamorao ho nako, ’mè le barali ba babeli ba kolobetsoa e le Bakreste.
Mosali oa monna ea hanyetsang a sebelisa monyetla oo ho mo pakela, le bo-pula-maliboho ba buisana le eena ka mokhoa o mosa le oa botsoalle. Hamorao, monna le mosali oa hae ba fallela sebakeng se seng. Moo monna a ithuta Bibele ’me a qala ho bolela ‘litaba tse molemo’ ho ba bang. Ha e le hantle, eena ka boeena a qalisa lithuto tsa Bibele le batho ba sa tšoaneng ba thahasellang. Eena le liithuti tsena tsa Bibele ba ne ba ithuta ka nako e le ’ngoe. Qetellong, eena le batho ba babeli bao a neng a tsamaisa thuto le bona ba nka bohato ba ho kolobetsoa kopanong ea setereke.
Liphetoho tsena tse ntle kaofela li qalile ka ketso e le ’ngoe ea mosa. Ke ho loketseng hakaakang hore Bakreste ba latele keletso ea ‘ho apara mosa’!—Ba-Kol. 3:12.