Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 2/15 leq. 23
  • Na u sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u sa Hopola?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na u sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Na u sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Na u sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 2/15 leq. 23

Na u sa Hopola?

Na u balile litokollo tsa morao tjee tsa “Molula-Qhooa” ka hloko? Haeba ho joalo, u tla hopola lintlha tse latelang ntle ho pelaelo:

● Jehova Molimo o hulela batho ka bomong ho eena joang?

Hona o ho etsa ka ho nolofaletsa batho hore ba utloe ka tokisetso ea hae bakeng sa poloko ka Jesu Kreste. Joale Ea Holimo-limo o nolofaletsa batho ka bomong ho hōlisa kananelo ea pelo bakeng sa melemo e meholo e tlisoang ke ho ba kopanong le Mora.—11/1/79

● Hore phutheho ea batho ba Molimo e thabe, setho se seng le se seng sa eona se lokela ho talingoa joang?

Setho se seng le se seng se lokela ho ikutloa hore ke karolo ea bohlokoa le e molemo ea phutheho ha se kopanela mesebetsing ea Bokreste ho fella moo matla a sona a fellang teng.—11/1/79

● Ke mabaka afe a lekanyetsang hore na ebe motho a ka atamela Molimo ka ho amohelehang thapelong?

Katamelo e lokela ho etsoa ka tieo, tumellanong le thato ea bomolimo le ka Jesu Kreste, moprista e moholo ea khethiloeng ke Molimo.—12/1/79

● Ke eng se pakang hore masea a tla tsosoa?

Ho ea ka Mattheu 2:17, 18 boprofeta ba Ragele ka ho llela ha hae bana ba hae bo ile ba phethahatsoa ha Heroda a laela hore ho bolaoe bana bohle ba batona ba lilemo li peli le ka tlase Bethlehema le mathokong a eona. (Jer. 31:15) Boprofeta ha bo tsoela pele bo re: “Ho itsoe ke Jehova: Khanna lentsoe la hao, u se ke ua lla, le mahlo a hao a se ke a tšolla meokho, hobane mosebetsi oa hao o tla ba le moputso, ho bolela Jehova. ’me ba tla khutla lefatšeng la sera.” (Jer. 31:16) Ke feela ka ho tsosoa bafung masea ao a fenethiloeng a neng a ka khutla Sheol, ho tšeliseheng ha bo-’mè ba lahlehetsoeng ke bona lefung.—1/1/80

● Ke eng se khethollang Bakreste ba ’nete kajeno?

Ke ho ratana ha bona, boitšoaro ba bona bo khabane, ka ho ba batho ba bitsoang ka lebitso la Molimo, ho bolela ha bona ’muso oa Molimo le ho se nke lehlakore ha bona mabapi le litaba tsa lefatše tsa lipolotiki le likhohlano.—7/1/79 maq. 16, 17.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela