Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 2/15 leq. 23
  • Ho Lahloa Mekhoa ea Bothuela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Lahloa Mekhoa ea Bothuela
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 2/15 leq. 23

Ho Lahloa Mekhoa ea Bothuela

Lilemong tsa ho feta, sehleke-hlekeng sa Ometepe bohareng ba Lake Nicaragua Amerika e Hare, ho ne ho phela ngoanana eo ntat’ae a neng a sebelisa mekhoa ea boloi. O ne a tumme ka hore o phekola batho ba omeletseng litho ka ho bitsa meea e mebe. Hoba a shoe, leha ho le joalo, morali oa hae a omella litho ’me a phela liphateng.

Ngoanana a sebetsoa ke motho eo le eena a sebelisanang le meea. Empa ka tsatsi le leng molebeli ea tsamaeang oa Mokreste a fihla lapeng habo ’me a mo nea mpho—“New World Translation of the Holy Scriptures.” Ha a e bala, ngoanana a fumana taelo ea Molimo ka mekhoa ea ho sebelisana le meea, joalokaha e tlalehiloe ho Deuteronoma khaolo ea 18. Kahoo, a khaotsa pheko eo a neng a e fumana mothong ea sebelisanang le meea.

Paki e ’ngoe ea khutlela ho ngoanana enoa ’me ha qalisoa thuto ea Bibele le eena. Qetellong, a botsoa hore na ebe mofu ntat’ae o ne a siile libuka kapa lipampiri leha e le life tse amanang le mekhoa ea bothuela, ’me ngoanana a arabela ka hore li tletse li le ngata ka lilaeng tsa litafole. Eaba baa li chesa. (Lik. 19:18, 19) Hape, ngoanana a phehelloa ho rapela hore Jehova a mo thuse. Nakoana kamorao ho moo, a qala ho tsamaea hape.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela