Mantsoe o Bonolo a Bakang Kotsi
HO BABATSOA bakeng sa mosebetsi o entsoeng hantle ho futhumatsa pelo ea ea sebelitseng ka masene. Leha ho le joalo, ho teng mofuta oa puo oo, le hoja molumo oa oona o tšoana le oa pabatso ’me hangata o nkoa hore o joalo, o bakang kotsi ka mehla.
Ho Liproverbia 28:23 rea bala: “Ea khalemelang batho, hamorao o tla ratoa haholo ho fetisa ea ba qekisang.” Hona ke temoso, e seng ea hore ho se ke ha babatsoa, empa ea hore ho se ke ha qekisoa.
Ho ea ka buka e hlalosang mantsoe, mantsoe “ho qekisa” a bolela ho rorisa ho tlōla moeli, ka bohata kapa ka ho hloka tieo. Polelo hape e supa boitekong ba ho fumana mohau oa motho e mong ka thoriso le tlhokomelo. Ho fapana le pabatso e theiloeng tekanyong e nepahetseng ea mosebetsi o boima, ho qekisa ho theiloe mashanong.
BOOATLA BA TLOTLISO E FETISISANG
Puo e qekisang ka mehla e bea litholoana tse mpe. Ka mohlala, e baka boikhohomoso, e leng boo Jesu a ileng a bo kolokisa le ‘lintho tse kotsi’ tse tsoang pelong ea motho. (Mar. 7:21, 22) Bibele e eletsa morapeli oa Molimo hore ‘a se ke a itekanya boholo bo tlolisang moo a tšoanelang ho lekanya teng. (Ba-Roma 12:3) Boinahano bo feteletseng bo hōlisoang ke mesebetsi ea ho qekisa bo loantšana le ho hlaphoheloa kelellong ho joalo ha Bokreste.
Batho ba ratang ho qekisoa baa khena ha ba nyatsuoa. Ba rata feela ho utloa lipolelo tse ba phahamisang. Ba joalo e ne e le Baiseraele ba ileng ba ipelaetsa ho baprofeta ba Molimo, ba re: “Le se ke la bona! . . . Le se ke la re profetela ’nete, re bolelleng litaba tse khahlisang [“tse qekisang,” The Jerusalem Bible], le re bonele tse thetsang.” (Esa. 30:10) Leha ho le joalo, ho laba-labela mantsoe a khahlisang a qekisang ho e-na le keletso e khalemelang e tsoang ho Molimo ha isa sechaba sa Iseraele tšenyehong.
Mehleng ea Jesu barati ba ho qekisoa ba ne ba akarelletsa ka ho khethehileng bangoli le Bafarisi. Ka bona, Mora oa Molimo a re: “Liketso tsa bona tsohle ba li etsa hore ba tle ba bonoe ke batho; hobane ba roala meqhaka ea Liflaktera tse liphara, ’me ba lelefata lipoli likobong tsa bona; ba rata litulo tse kapele meketeng, le litulo tse kapele masynagogeng, le ho lumelisoa mapatlelong, le ho bitsoa ke batho: Rabbi . . .” (Matt. 23:5-7) Empa hona ha isa tšenyehong ea bona. Ka baka ‘la ho amohela thoriso ho batho’ ba sitoa ho lumela ho Messia ea tšepisitsoeng ’me ba lahleheloa ke mahlohonolo a ho ba karolo ea ’muso oa Molimo. (Joh. 5:44; 12:43; Matt. 21:42, 43) Ho feta moo, ho hana ha bona Jesu Kreste ha isa ho timetsoeng ha sechaba sa Bajode ke Baroma ka 70 C.E.
HO QEKISA HO FUMANA MOLEMO
Boikhohomoso le boikakaso empa e le karolo feela ea tholoana e mpe e bakoang ke ho qekisoa. Hangata ea qekisang o sebelisa mantsoe a bonolo e le kofuto ea ho fumana molemo ka ba bang. Mangolo a bua ka ba bang ba itseng e le ba kenang ka phuthehong ea Bokreste e le “ba korotlang, ba khananang, ba eang ka litakatso tsa bona; melomo ea bona e bolela tsa boikhohomoso, ba talima tšobotsi ea batho ka takatso ea moruo.” (Juda 16) A hopotse bona ba joalo mopesalema a etsa mohoo, a re: “U re boloke, Jehova, etsoe ba molemo ba fela, ’me batšepehi ba timela har’a bana ba batho. Ba etsetsana mashano ba bang ho ba bang; qeko e melomong ea bona, ba bua ba e-na le pelo tse peli.”—Pes. 12:1, 2.
Ea “pelo tse peli” o sebelisa mantsoe a bonolo a qeko ho pata sepheo sa boithati. Ka puo e joalo o ipiletsa lefeeleng la ba mo mametseng ’me o ‘kena mohaung oa bona.’ Joale moqeki o tšoasa batho ba hae hore a ntšetse pele lithahasello tsa hae tsa boithati. Hoo e leng ’nete ke polelo ea Mangolo, ha e re: “Motho ea qekisang oa habo o cheha sefi maotong a hae.”—Liprov. 29:5.
Jesu o elelitse barutuoa ba hae ka bohlale, a re: “Le se ke la bitsoa Rabbi, hobane moruti oa lōna o mong, e leng Kreste, ’me lona bohle le bana ba motho a le mong. Le se ke la bitsa motho lefatšeng ntat’a lōna, hobane o mong feela eo e leng Ntat’a lōna, ke ea leng maholimong. Hape, le se ke la bitsoa benghali, hobane monghali oa lona o mong, e leng Kreste. Empa e moholo ho lōna e tla ba mohlanka oa lōna. E mong le e mong ea iphahamisang, o tla kokobetsoa, ’me e mong le e mong ea ikokobetsang, o tla phahamisoa.” (Matt. 23:8-12) Batho ba ratang ho etsisa Kreste ha ba batle ho phahamisoa ke batho ka lipolelo tsa qeko tse kang likhau tse utloahalang li phahame tsa bolumeli. Ho phahamisoa ha bohlokoa ke bo tsoang ho Molimo, ’me ho loketse ba ikokobelitseng feela. “Tšenyeho ha e tla hlaha, pelo ea motho e ee e ikhohomose, empa-boikokobetso bo etella hlompho pele.”—Liprov. 18:12.
Bakreste ba tla qoba qeko e le mokhoa oa ho iphahamisa bobona kapa ba bang. Hape ba tla e qoba e le tsela ea ho iketsa hamolemo ka motho e mong. Mohlala oa moapostola Pauluse ke o motle: “Ha rea ka ra ba le polelo e le qekang, le ka mohla o le mong, le lōna lea tseba, leha e le mano a patang takatso ea moruo; teng re pakoa ke Molimo!”—1 Ba-Thess. 2:5.
LOANELA BOTSITSO
Hona ha ho bolele hore puo eohle e qekang e-ea be e e-na le morero o mobe. Ka tlhaho batho ba bang ba hlolloa ka ho fetisisa ke matla ao ba a bonang ho metsoalle ea bona. Batho ba bang ba sekamela ho itloaetseng ho bolella ba bang kamoo ba leng “bohlale” kateng kapa hore ba ba bontše ho ba babatsa ka mokhoa o mong. Hangata, leha ho le joalo, lipolelo tse joalo li sekamela ho feteletseng ’me ha li fetohe letho ha e se ho qekisa. Kaha batho bohle ke baetsalibe, ha ho motho lea mong ea filoeng hoo a ka ’nang a bolelloa ka mehla ka hona.—Ba-Roma 3:23.
Ka lehlakoreng le leng, ke habohlokoa ho qoba ho fetella ho hanyetsanang le hoo hoa hore u se ke ua babatsa le ka mohla. Ho e- na le hoo, motho a ’ne a hopole ’nete ea hore Jesu o ne a babatsa leha a le haufi le ho khalemela. Ka mohlala, Mora oa Molimo o itse ho phutheho ea Bokreste e Efese: “Ke tseba mesebetsi ea hao, le mokhathala oa hao, le mamello ea hao, le hobane u sitoa ho mamella ba babe, u bile u lekile le ba ipeileng baapostola, athe hase bona, ’me u lemohile hobane ba leshano, ’me u na le sebete; u mameletse bothata ka baka la lebitso la ka, ’me ha ua ka ua khathala. Empa ke na le see ke se nyatsang ho uena, ke hobane u lahlile lerato la hao la pele.” (Tšen. 2:1-4) Mohlomong pabatso eo e ile ea khothatsa Bakreste bao ba Efese le ho ba susumelletsa hore ba lokise ntho e le ’ngoe eo Jesu a neng a ‘e nyatsa’ ho bona.
Le hoja pabatso e tlisa melemo, Lentsoe la Molimo le totobatsa hore mantsoe a bonolo a ea qekisang a fella ka kotsi. Ea qekang hammoho le ‘ba e amohelang’ ba tla fumana polelo e bululetsoeng e le ’nete, ha e re: “Molomo o qekisang o hlahisa tšenyeho.” (Liprov. 26:28) Jesu Kreste o ne a hana ho qekisoa. (Mar. 10:17, 18) Ke mohlala oa balateli ba hae.