Pesaleme
U Ikhethela ho ba Hokae?
BAHLANKA ba ineetseng ba Jehova Molimo ba ananela haholo ho thabela botsoalle le batho ba tumelo e tšoanang le ea bona ea bohlokoa. Har’a Baiseraele, kananelo ena e iponahalitse takatsong e tiileng ea ho ea sehalalelong. Na le uena ka mokhoa o tšoanang u thabisoa ke ho kopanela le ba bang borapeling?
Mongoli oa Pesaleme ea 84, Molevi ea tsoileng ho Kore, o beile mohlala o motle ka ho batla ho ba har’a bahlanka ba tšepahalang ba Molimo. O itse: “Meaho ea hao e rateha hakakang, uena, Jehova oa makhotla! Moea oa ka oa ilibana, o sisetsa mabala a ntlo ea Jehova; pelo le nama ea ka li hoeletsa ho Molimo o phelang! Esita le serobele se na le sehlaha, le lefokotsane le na le ntlo, moo le beang malinyane a lona teng. . . . Oh! lialetare tsa hao, Jehova oa makhotla, Morena oa ka, le Molimo oa ka!”—Pes. 84:1-3.
Ho mopesaleme, sehalalelo se ne se “rateha,” se le setle, e, se boheha ka ho fetisisa ka baka la ho ba ha sona sebaka sa Jehova sa borapeli. Matla ao ka oona Molevi enoa a hlalositseng ho laba-labela ha hae ho ba mabaleng a tabernakele ea Jehova a re hopotsa ka Balevi ba mashome a likete nakong ea ’muso ba neng ba phela metseng e 48 e neng e abetsoe Balevi naheng eohle ea Iseraele. Hang feela ka nako e ka etsang likhoeli tse tšeletseng karolo e ’ngoe ea Balevi bao e seng baprista e ne e sebeletsa beke kaofela tempeleng. Ka baka leo, karolo e khōlō ea selemo ba ne ba e qeta malapeng a bona le bana ba bona metseng ea Balevi. Ka lehlakoreng le leng, linonyana tse nyenyane li fumane sebaka se tiileng haholo hore li ka phela ho sona tempeleng.
Molevi oa leloko la Kore ha ho letho leo a ka le nahanang ha e se kabelo e thabileng ea bao ka mehla ba eang sehalalelong ka nako e boletsoeng. O tsoela pele: “Ho lehlohonolo ba ahileng tlung ea hao! Ba ea ’ne ba u rorise ka mehla. . . . Ho lehlohonolo batho bao u leng matla a bona, bao pelo tsa bona li ratang litsela tsa hao! Ha ba ntse ba haola ka khohlo ea Baka, ba e fetola khohlo ea liliba, ’me pula ea hoetla e e apesa ka nala. Ha ba ntse ba tsamaea, ba ekeletsoa matla, ho fihlela ba itlhahisa pel’a Molimo Sione.”—Pes. 84:4-7.
Ka baka la litšoanelo tsa bona, baprista le Balevi ka mehla ba ne ba lula bolulong ba bona ba nakoana tlung ea Jehova ’me ba tseba ho rorisa Ea Holimo-limo moo ka ho toba. Kabelo ea bona e ne e le e thabileng hakaakang ka makhetlo a joalo! Hape, ho ne ho thabile Baiseraele ba bang ba neng ba fumana matla ho Molimo ha ba hloka ho tšelisoa le thuso. Lipelo tsa Baiseraele ba joalo li ne li le ‘litseleng’ tse kholo, ke hore, mebileng e isang sehalalelong. Ka baka la ho thahasella ho bona borapeli ba ’nete, le sona sebaka se omileng sa Baca, seo ba neng ba feta ho sona ha ba ea Jerusalema, se ne se bonahala joaloka sebaka se noselitsoeng hantle haholo moo ho phallang liliba. Ke Jehova eo Baiseraele ba tšepahalang ba neng ba mo nka e le ‘moruti’ oa bona. (Esa. 30:20) Kaha ba ne ba tla mo roka kapa ba mo rorise, ho ka ’na ha boleleha hore ‘moruti o ikapesitse’ ka mahlohonolo a joalo joalokaha eka ke seaparo. Le hoja leeto le ne le ka ’na la e-ba lelelele, barapeli ba ineetseng ha baa ka ba khathala. Tebello ea ho fihla sehalalelong ea ba nea matla a macha.
Ho latelang, mopesaleme o ipiletsa ho Jehova, a re: “Jehova, Molimo oa makhotla, mamela thapelo ea ka! Sekeha tsebe, Molimo oa Jakobo! Oho Molimo, thebe ea rōna, talima, u bone sefahleho sa motlotsuoa oa hao.” (Pes. 84:8, 9) Kahoo, ha se feela hore Molevi o batla tlhokomelo e mohau ea Jehova bakeng sa hae empa hape le bakeng sa motlotsuoa oa hae, kamoo ho bonahalang morena oa Mojudea. Molevi enoa o ananela hore Ea Holimo-limo ke thebe e sireletsang Iseraele ’me, ka baka leo, o rapella thuso ho eena.
Ha ho talingoa takatso e khōlō ea mopesaleme ea ho ba sehalalelong, o re: “Hobane tsatsi le le leng le luloang mabaleng a ntlo ea hao, le fetisa matsatsi a mang a sekete a luloang hosele. Ho lula mathuleng a ntlo ea Molimo oa ka kea ho rata ho fetisa ho lula litenteng tsa bakhopo.” (Pes. 84:10) Ke kananelo e fetisisang hakaakang! Ho mopesaleme, letsatsi le le leng feela mabaleng a sehalalelo sa Jehova e ne e le la bohlokoa, le le molemo, ho feta matsatsi a sekete a luloang sebakeng se seng. O ne a ikhethela ho ema tšebeletsong mathuleng, e, monyakong oa ntlo ea Jehova ho e-na le ho ba litenteng tsa batho ba khopo, ho sa tsotellehe hore na meaho ea bona ke e metle hakae.
Ke hobane’ng ha a ile a lekanya ntlo ea Molimo ka mokhoa o phahameng joalo? Hlokomela mantsoe a hae: “Hobane Jehova Molimo ke letsatsi le thebe. Jehova o nea mohau le khanya, ba tsamaeang ka ho loka a ke ke a ba hanela le molemo leha o le mong. Jehova oa makhotla, ho lehlohonolo motho ea u tšepang!” (Pes. 84:11, 12) E, mopesaleme o ne a ananela hore na Molimo Jehova ke Molimo oa mofuta ofe. Ea Holimo-limo ke letsatsi ho batho ba hae, a fana ka khanya. Hape o fana ka tšireletso joaloka thebe. Lipolelo tsa mohau le tlhohonolofatso li tsoa ho eena, ’me o bea tlotla le hlompho ho bao a ba amohelang. Ha ho mohla Jehova a tla hanela ba batlang ho tsamaea ka bokhabane molemo. O tla ba hlohonolofatsa ka ho enneng, ’me ba tšepang Ea matla ’ohle ba ke ke ba soaba empa ba tla tsoela pele ho thabela thabo ea sebele.
Na ho hlokomela ha hao Jehova e le Mosireletsi le Mohloli oa limpho tsohle tse ntle ho u susumelletsa hore ka mehla u be moo batho ba hae ba bokaneng? Na boemo bo botle le Molimo ke mohloli oa thabo ea hao e khōlō? Ka sebele re rata hore liketso tsa rōna li lumellane le mehopolo e boleloang ke mopesaleme ’me kahoo re tsoele pele ho utloa thabo e tlang ka ho ba le Jehova e le Molimo oa rōna.