“Ho Tšaba Batho ho Isa Sefing”
JOHN le Helen ba latela ka khahleho boitsebiso boo ba neng ba bo filoe ke Lipaki tse buileng monyakong oa bona hoseng ha Sontaha. Ba hlolloa ke ho bala mantsoe ana a Tšenolo 21:4 Bibeleng ea bona: “Molimo [Jehova] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.” E le batho ba ratang khotso ka bobona, ba ne ba batla ho tseba hore na ba ka thabela ho phela tlas’a maemo a hlollang joalo joang. Hang-hang ha lokisetsoa thuto ea Bibele.
Ka bolaboraro ba bararo ba hlahlamanang mantsiboea, e ne e le thabo ho bona banyalani ba babeli ba banyenyane ba botsa le ho arabela lipotso ha ho khannoa thuto ea Bibele lapeng ha bona. Jo, thabo ena ea tšoarella ka libeke tse tharo feela! Ka beke ea bone, monyako oa bona ha oa ka bulehela ho kokota ha Paki. John le Helen ba ne ba fihletse qeto ea ho emisa thuto ea Bibele. Molato? Na ke hobane ba ne ba lahlehetsoe ke tumelo matleng a Molimo? Na ba ne ba se ba qalile ho belaela bonnete ba Bibele le ho bua ’nete ha eona? Na ba ne ba se ba sa khahloe ke ho phela tlas’a maemo a molemo? Che. Ana e ne e se oona mabaka. Ba emisa thuto ea bona ka baka la ho tšaba batho. E, ba pitloa ke tšabo. Makholo a mangata a lilemo a fetileng, monna ea bohlale ea bululetsoeng o kile a lemosa ka tšabo eo, a re: “Ho tšaba batho ho isa sefing.”—Liprov. 29:25.
Ke ’nete, rōna bohle re na le takatso ea tlhaho ea ho ratoa ke ba bang, hore bao re ahisaneng le bona, le metsoalle ba re bue hantle. Leha ho le joalo, ho rōna hore re lumelle melao e beoang ke ba bang e susumetse liqeto tsa bohlokoa haholo bophelong ba rōna ho kotsi haholo. Haeba motho a ikutloa hore o tlameha ho phelela se lebelletsoeng le melao ea motse oa habo ka lintlha tsohle, o tla fetoha lekhoba la tumellano. ’Me takatso e matla ea ho fumana kamohelo ea ba bang e ka ba tšitiso ea sebele hore motho a nke bohato bo tiileng hore e be mohlanka oa Molimo.
Batho ba bangata kajeno ha ba rate, ha ba hlonephe kapa hona ho tšaba Molimo. Mohlomong ho hang ha ba na takatso ea ho ithuta ka oona, kapa ba belaela hore na o hlile o teng. Ka baka leo, ka baka la ho bontša ho thahasella Bibele, motho a ka ’na a fetoha sesomo ’me a lahleheloa ke hlompho mahlong a ba bang. Ka ho totobetseng, har’a khatello e joalo, ho tšaba motho ho ka thatafaletsa motho ka matla hore a tsoele pele moeeng.
Liphello tse tebileng tsa ho ineela tšabong ea motho li bontšitsoe hantle tabeng ea Morena Saule oa Iseraele oa boholo-holo. Ha moprofeta Samuele a mo toba ka ho sitoa ho phethahatsa litaelo tse halalelang letšolong le neng le loantša Baamaleke, Saule a lumela hore: “Ke ne ke tšaba sechaba, ka mamela mantsoe a sona ke hona.” Tsela ee e felletse ka’ng? A bolelloa hore: “U lahlile taelo ea Jehova, le uena Jehova o u lahlile, hore u se ke ua hlola u e-ba morena oa Iseraele.”—1 Sam. 15:24, 26.
Haeba re sa batle hore ea matla ’Ohle a re lahle, ke habohlokoa hore re loanele ho ameha haholo ka boemo ba rōna le eena ho feta batho. Bibele e re: “Qalo ea bohlale ke ho tšaba Jehova.” (Pes. 111:10) Tšabo e joalo e-ea haha ’me e tloha pelong e lakatsang kahohle hore e se ke ea soabisa Ea Holimo-limo. E tšoana le boikutlo ba mora ea utloang ho ntate ea lerato. Mora ha a batle ho etsa letho le ka ’nang la soabisa ntate oa hae kapa le ka tlisetsang lebitso la hae le letle thohako. Ka ho nepahetseng, he, ho tšaba Jehova ho akarelletsa ho hloea seo a se hloileng, le ho rata seo a se ratang.—Liprov. 8:13.
Ho ba le tšabo e loketseng bakeng sa Molimo, ho hlokahala hore motho a hopole hore ha ho motho ea ka mo neang bophelo bo sa feleng le ho mo hlokomela ka mehla le tlas’a maemo ’ohle. Mopesaleme ea bululetsoeng o ile a bea taba ena ponong e nepahetseng ha a ngola hore: “U se ke ua tšoha leha motho a atisa maruo a hae, ’me matlotlo a ntlo ea hae a eketseha! Hobane mohla a shoang, a ke ke a nka letho, ’me khanya ea hae e ke ke ea theohela lebitleng le eena.” (Pes. 49:16, 17) “Ba itšepetseng menono ea bona, ba ithorisang ka bongata ba maruo a bona? Ha ho le a mong oa bona ea ka tsebang ho lopolla ngoan’abo, leha e le ho ntšetsa Molimo topollo bakeng sa hae.” (Pes. 49:6, 7) Morena ’Musi ea Phahameng, leha ho le joalo, a ka boloka motho hore a fete maemong a lekang haholo a ba a fana le ka sebaka sa ho pholoha lefung. (Pes. 49:15) Ha e le hantle, Molimo o re nea tiisetso ena: “Nke ke ka u tlohela, nke ke ka u lahla.”—Ba-Heb. 13:5.
Le haeba batho ba ne ba ka re bolaea, ba ke ke ba thibela hore re tsosoe bafung. Ba ke ke ba re amoha tokelo ea rōna kapa tlotla ea ho ba batho ba phelang. Ke Molimo o matla ’ohle feela o ka etsang hoo. Ka baka lena, Jesu Kreste o itse ho barutuoa ba hae: “Le se ke la tšaba ba bolaeang ’mele, ba mpa ba se na matla a ho bolaea moea; le mpe le tšabe ea nang le matla a ho bolaela moea le ’mele liheleng.”—Matt. 10:28.
Ka sebele, he, ha re na lebaka la ho tšaba thohako kapa litšeho tsa batho ba shoang. Lentsoe la Jehova ka Esaia le fana ka khothatso e matla ntlheng ena. Rea bala: “’Mameleng, lōna ba tsebang ho loka, lōna batho ba nang le molao oa ka lipelong tsa lōna; le se ke la tšaba nyatso ea batho, le se ke la tšoha litšomo tsa bona. Hobane ba tla jeoa ke tšoele joale ka seaparo, sebōkō se ba qete joale ka boea.”—Esa. 51:7, 8.
Ha re nahana ka boholo ba ’Mōpi ’me re bo bapisa le bonyenyane ba motho, re thusoa hore re lokolohe ho tšabeng batho. Mahlong a Jehova Molimo, lichaba tsohle li joale ka lerotholi le lenyenyane la metsi ka nkhong kapa lerōlenyana le lenyenyane sekaleng. (Esa. 40:11-15) Ke ho sa utloahaleng hakaakang ho tšaba metsi a manyenyane kapa lerōle le lenyenyane ho feta Moetsi ea moholo oa bokahohle!
Hape re ka tšelisoa ke ’nete ea hore ba bang ka katleho ba hanne ho ineela tšabong ea motho. Moapostola oa Mokreste Petrose o ile a hopotsa balumeli bahabo hore “lihloreho li le ling le tsena li ntse li hlahela banab’abo lōna ba lefatšeng.” (1 Pet. 5:9) E, ha re bang ho emeng re tiile bakeng sa Jehova Molimo har’a khatello e tsoang ho batho.
Ruri e ka ba booatla bo boholo ho tšaba batho, ho leka ho khahlisa batho ho soabisa ’Mōpi ea Matla ’ohle. Kaha John le Helen ha ba ka ba tšepa Jehova, ba felloa ke thabo ea bona. Re tšepa hore ka tsatsi le leng pele ho ‘mahlomola a maholo’ a tlang bona le ba bang ba kang bona ba tla fumana tšepo e matla ho Ea Holimo-limo ’me ba itlhalose joaloka mopesaleme, ea itseng: “Jehova ke leseli la ka le poloko ea ka; nka tšoha mang? Jehova ke qhobosheane ea bophelo ba ka; nka thothomela pel’a mang?”—Pes. 27:1.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Na litšeho li tla emisa thuto ee ea Bibele?