Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 4/1 leq. 3
  • Tlhokahalo Bakeng sa Toka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhokahalo Bakeng sa Toka
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova—Mohloli oa Toka ea ’Nete le ho Loka ha ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • “Litsela Tsohle Tsa Hae li na le Toka”
    Atamela ho Jehova
  • Jesu o “Tlisitse Toka Lefatšeng”
    Atamela ho Jehova
  • Etsisa Jehova—Sebelisa Toka le ho Loka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 4/1 leq. 3

Tlhokahalo Bakeng sa Toka

KA LILEMO tse likete-kete batho ba ʼnile ba loana le bothata ba ho boloka molao le taolo. Ho entsoe litaelo tse se nang palo ho sireletsa motho le thepa ea batho ka bomong. Ho tlisa batlōli ba molao tokeng, ho qapiloe lihlopha tse hatisang molao le litsamaiso tsa boahloli. Ho sa tsotellehe boiteko bo botle ba motho, leha ho le joalo, ha ho tokisetso e tsebileng ho fumanela bohle toka e feletseng.

Leha batho ba bangata ba nang le molao ba entse ho molemo haholo ho phahamisa litokelo tsa mantlha tsa botho, ba bang ba fumane molemo ho se sebelisoeng ha toka. Ka mohlala, lilemong tse tsoa feta moahloli e mong oa Amerika e ka Leboea o ile a fumanoa a le molato oa ho amohela $600 000 e le “tjotjo.” Ka menyetla eitseng e hlahang molaong linokoane tse tsebisahalang li ʼnile tsa pholoha kotlo. Babuelli ba bang ba linokoane ba molao ba ruile ka ho sireletsa batho ba bona ba molato ka ho ba etsetsa maqheka a hore ba ne ba le sieo nakong ea ha ho etsoa bonokoane le ka ho sebelisa mekhoa ea bolotsana hore bopaki ba lipaki tse buang ʼnete bo hlahe bo belaetsa.

Ho silafala hase hona feela hoo e leng tšitiso e emeng tseleng ea ho phethahatsa toka. Ka linako tse ling bothata ke ho se tsebe mosebetsi ho totobetseng. Linyeoe li ʼnile tsa sebetsoa ke baahloli ba tahiloeng, ba tenehileng haholo hore ba ka mamela, ba khathetseng haholo hore ba ka ithiba ho otseleng nakong ea nyeoe kapa ba sa tsebeng molao hoo bangoli ba bona ba ileng ba ba ngolla liqeto.

Ka baka la tšilafalo le ho se tsebe mosebetsi libakeng tse phahameng, batho ba bangata haholo ba ʼnile ba utloa bohloko. Ka phoso ba kenngoa polokelong ea mahlanya le literonkong kapa ba ahloleloa lefu. Basali ba amohuoa hore banna ba bona ba ba thuse ka chelete. Bana ba amohuoa batsoali ba bona. Lefa kaofela ha lona la amohuoa mojalefa ea le loketseng ka molao.

Hangata linokoane ha li qosoe. Tsamaisong ea hona joale ea lintho, ho hang ha ho tsela ea ho lokisa kotsi e bakiloeng ke ho senya motho lebitso, ho etselletsa, litšebo, bolotsana, mano, linnete tse sa fellang, ho feteletsa taba le liphoso tse ling tsa botho.

Kannete, hoa hlokahala hore likala tsa toka li leka-lekanngoe. Ramolao ea tsebisahalang oa lekholong la lilemo la bo20 o supile mokhoa oo hona ho ka etsoang ka oona. Ha a hlalosa “moea oa tokoloho ea ʼnete,” o boletse hore moea ona “ho hang ha o-oa s’o lebale hore ho ka ʼna ha e-ba teng ʼmuso oo ho oona ba banyenyane ba tla mameloa le ho nahaneloa ka ho tšoanang le ba baholo.” Empa na ka sebele kahlolo e joalo e tla ba teng? Lebaka ke lefe la hore re lumele hore ho tla etsahala? Hona ho lokela ho ama bophelo ba rona joang leha e le hona joale?

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela