Ho Nyarela ka Litabeng
Ho Hloka Hlompho Ho Eketseha—Hobane’ng?
● Libakeng tse ngata ho eketseha ha ho ho hloka hlompho ho hlalosoa e le “seoa.” “U.S. News & World Report” e-ea hlalosa: “Mabenkeleng, liofising, ha esita le ‘White House,’ mekhoa e metle e tloaelehileng ho bonahala e felloa ke nako.” Moahi oa Texas o-oa hlokomela: “Ho fihlile ntlheng eo ho eona hoja batho ba ne ba e-na le hlompho, ke ne ke sa tlo tseba hore na ke nahana ka’ng.” J. Ponder, mosebeletsi sepetleleng sa Los Angeles se sebetsanang le ho laola boikutlo ba motho, o lumela “ho oa ho tiileng mekhoeng e metle lilemong tse fetileng tse hlano ho isa ho tse leshome.” O bolela hore batho “ba inahana bobona haholo. Baa botsa, ‘Nka fumana’ng?’ ho e-na le ho botsa, ‘Nka fana ka’ng?’”
Sebaka se seng moo hona ho ipakahatsang ho senya haholo ke ho khanneng makoloi. Moprofesa J. Freedman oa Univesithi ea Columbia ea New York o itse: “Batho ba bangata ba khanna ka mokhoa oa bohlanya bo se nang hlompho, . . . Ho batla ho lekana le ntoa litseleng tse kholo.” “Royal Bank” ea Canada “Monthly Letter” ea eona e bua ka “polao e sa nahaneng litseleng” naheng eo e le “pontšo e ’ngoe ea batho ho hlokelana botho.” E-ea phaella: “Karolo ea bothata ke boitšoaro boo e seng ba botho. Mekhoa e metle, ho nahanela, ho mamellana, ho mamella le ho hlonepha litokelo tsa botho tse etsang tsoelo pele li haella ka mokhoa o hlabisang lihlong.”
Ha a botsoa hore na ke hobane’ng ha ho hloka boitšoaro ba botho ho atile hakana, ea ithutetseng kelello ea motho Freedman a arabela: “Ha re hlile ha re tsebe.” Empa khale, Lentsoe la Molimo la boprofeta le hlile la bolela hore hona e tla ba bopaki ba ‘mehla ea qetello,’ le re: “Batho e tla ba baithati, le bakaki, le baikakasi, . . . ba hlokang teboho, . . . ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tšepeha, ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōlō.”—2 Tim. 3:1-4.
Lenyalo ke Sebe?
● Ha Walter Imbiorski, eo e neng e le moprista oa Roma K’hatholike nakong e fetileng, a shoa haufinyane Chicago, o ile a haneloa ke baholo ba kereke ka ’Misa oa bafu. Hobane’ng? “Sebe” sa hae e ne e le sefe? “National Catholic Reporter” ea hlalosa: “O ile a tlohela boprista ka 1975 a nyala.”
Molimo o hlohonolofalitse lenyalo. (Gen. 2:18-25) Kahoo Lentsoe le hae le bua ka ba tla ‘hanela lenyalo’ e le ba khelohileng “tumelong, ba mamelang meea e thetsang le lithuto tsa bo-diabolose, ba buang mashano ka boikaketsi,” kamoo e ngoloang ke phetolelo ea “Catholic Confraternity.” (1 Tim. 4:1-3) Ke ho sa lokelang hakaakang, he, ho hanela lenyalo, ketso e molaong mahlong a Molimo
Kopano ho se Kopaneng?
● Mookameli oa Kereke ea Lutere ea Amerika, moruti David Preus, o bolela hore ha ho hlokahale hore kopano e be teng har’a Bakreste. A tiisa hore Bibele e tšehetsa maikutlo ana, a supa Basaduse, Bafarisi le bangoli ka lithuto tsa bona tse sa tšoaneng ’me a re: “Ba ne ba sa utloane ka maikutlo empa ba boloka kopano ea lelapa.”
Leha ho le joalo, Bokreste ba ’nete ha se feela taba ea kopano ea lelapa, kaha le bona ba sa lumeleng ho Molimo ba ka finyella hoo. ’Me mohlala oa Basaduse, Bafarisi le bangoli, ho e-na le hore o tšehetse ho se kopane, o-oa ho nyatsa, hobane Jesu o itse ho bona: “Le lōna, le tlolela’ng molao oa Molimo ka mokhoa oo le o neanang na? . . . Le fetotse molao oa Molimo lefeela ka mokhoa oo le o neanang.” Kahoo, Jesu o hanne mokhoa oa bona oa borapeli, a re: ‘Ba khumamela Molimo lefeela ha ba ruta lithuto tseo e leng melao ea batho.’—Matt. 15:3-9.
Moapostola Pauluse ka ho hlakileng o bontšitse hore Bakreste ba ’nete ba “bolele bohle taba e le ’ngoe; likhaohano li se ke tsa e-ba teng har’a [bona].”—1 Ba-Kor. 1:10.